Selelekela sa Karolo ea 5
Likhoeli tse peli ka mor’a hore Baiseraele ba tšele Leoatle le Lefubelu, ba ile ba fihla Thabeng ea Sinai. Ha ba le moo, Jehova o ile a etsa selekane le bona sa hore ke sechaba sa hae se khethehileng. O ile a ba sireletsa, a ba hlokomela ka sohle seo ba se hlokang, a ba fa manna, liaparo le sebaka se sireletsehileng. Haeba u motsoali, thusa ngoana oa hao hore a utloisise lebaka le entseng hore Jehova a fe Baiseraele Molao, a ba laele hore ba etse tabernakele le ho khetha baprista. Mo bontše bohlokoa ba ho phetha seo re se tšepisitseng, ho lula re ikokobelitse le ho tšepahalla Jehova.
KAROLONG ENA
THUTO EA 23
Ba Tšepisa ho Mamela Jehova
Ha Baiseraele ba le Thabeng ea Sinai, ba ile ba tšepisa Molimo hore ba tla mamela melao ea hae.
THUTO EA 24
Ha ba Etse Seo ba se Tšepisitseng
Ha Moshe a ntse a fuoa Melao e Leshome, Baiseraele ba ile ba etsa phoso e kholo.
THUTO EA 25
Tabernakele eo ho Rapelloang ho Eona
Ka tenteng ena e ikhethang ho ne ho e-na le areka ea selekane.
THUTO EA 26
Lihloela Tse 12
Joshua le Kalebe ba ile ba bua se fapaneng le seo lihloela tse ling tse leshome li se buileng.
THUTO EA 27
Ba Ile ba Fetohela Jehova
Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba hloleha ho ithuta ntlha ea bohlokoa ka Jehova.