Selelekela sa Karolo ea 3
Bibele e re ke batho ba ’maloa feela ba ileng ba sebeletsa Jehova lilemo ka mor’a Moroallo. Abrahama e ne e le e mong oa ba ileng ba sebeletsa Jehova ’me e ne e le motsoalle oa Jehova. Ke hobane’ng ha a ne a bitsoa motsoalle oa Jehova? Haeba u motsoali, thusa ngoana oa hao hore a tsebe hore Jehova oa mo rata ebile o batla ho mo thusa. Re ka etsisa Abrahama le batho ba bang ba tšepahalang ba kang Lota le Jakobo, ka hore re kope thuso ea Jehova. Rea tseba hore Jehova o tla re thusa.
KAROLONG ENA
THUTO EA 7
Tora ea Babele
Batho ba haha motse le tora e fihlang leholimong. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a etsa hore batho ba bue lipuo tse sa tšoaneng?
THUTO EA 8
Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Molimo
Ke hobane’ng ha Abrahama le Sara ba ile ba tloha motseng oa bona oa Ure eaba ba ea Kanana?
THUTO EA 9
Abrahama le Sara ba ba le Mora
Molimo o ne a tla phethahatsa tšepiso ea hae ho Abrahama joang? Na o ne a tla phethahatsa tšepiso ee ka Isaka kapa Ishmaele?
THUTO EA 10
Hopolang Mosali oa Lota
Molimo o ile a etsa hore ho ne mollo le sebabole motseng oa Sodoma le Gomora. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a felisa metse ee? Ke hobane’ng ha re lokela ho hopola mosali oa Lota?
THUTO EA 11
Abrahama o ne a E-na le Tumelo e Matla
Molimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kopa hore u nke mora oa hao ea mong u mo etse sehlabelo thabeng ea Moria.’ Abrahama o ne a tla bontša joang hore o na le tumelo e matla?
THUTO EA 12
Jakobo o Fuoa Lefa
Isaka le Rebeka ba ne ba e-na le mafahla a bashanyana, e leng Esau le Jakobo. Kaha Esau e ne e le lefahla le leholo, ke eena ea neng a lokela ho fuoa lefa la bohlokoa. Ke hobane’ng ha a ile a fana ka lona?
THUTO EA 13
Jakobo le Esau ba Bopa Khotso
Lengeloi le ile la hlohonolofatsa Jakobo joang? O ile a bopa khotso le Esau joang?