Ithute Lipaleng Tsa Bibele

Buka ena e na le lipale tsa lintho tse ileng tsa etsahala ho tloha ha Molimo a bopa lintho, ha Jesu a hlaha le tse tla etsahala ho fihlela ’Muso oa Molimo o tla.

Lengolo le Tsoang ho Sehlopha se Busang

Buka ee e ka sebelisoa joang?

THUTO EA 1

Molimo o Entse Leholimo le Lefatše

Bibele e re Molimo o bopile leholimo le lefatše. Empa na oa tseba hore na Molimo o bopile lengeloi lefe pele a etsa batho le lintho tse ling kaofela?

THUTO EA 2

Molimo o Bopile Monna oa Pele le Mosali oa Pele

Molimo o bopile monna oa pele le mosali oa pele eaba o ba beha serapeng sa Edene. O ne a batla hore ba qale lelapa le ho etsa hore lefatše lohle e be paradeise.

THUTO EA 3

Adama le Eva ha Baa ka ba Mamela Molimo

Ke’ng e neng e ikhetha ka sefate se neng se le bohareng ba serapa sa Edene? Ke hobane’ng ha Eva a ile a ja tholoana ea sefate seo?

THUTO EA 4

O Ile a Bolaea Ngoan’abo ka Lebaka la ho Koata

Molimo o ile a amohela sehlabelo sa Abele empa a se ke a amohela sa Kaine. Kaine o ile a koata ha a bona hore Molimo o amohela sehlabelo sa Abele ’me a etsa ntho e mpe.

THUTO EA 5

Areka ea Noe

Mangeloi a sa mameleng Molimo a ile a nyala basali lefatšeng ’me a ba le bana ba linatla. Ho ne ho tletse ntoa lefatšeng empa Noe eena o ne a lokile a bile a mamela Molimo.

THUTO EA 6

Batho ba Robeli ba Pholoha Moroallo

Pula e ile ea na bosiu le motšehare ka matsatsi a 40. Noe le ba lelapa la hae ba qetile nako e fetang selemo ba le ka arekeng. Qetellong, Molimo a re ba tsoe ka arekeng.

THUTO EA 7

Tora ea Babele

Batho ba haha motse le tora e fihlang leholimong. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a etsa hore batho ba bue lipuo tse sa tšoaneng?

THUTO EA 8

Abrahama le Sara ba Ile ba Mamela Molimo

Ke hobane’ng ha Abrahama le Sara ba ile ba tloha motseng oa bona oa Ure eaba ba ea Kanana?

THUTO EA 9

Abrahama le Sara ba ba le Mora

Molimo o ne a tla phethahatsa tšepiso ea hae ho Abrahama joang? Na o ne a tla phethahatsa tšepiso ee ka Isaka kapa Ishmaele?

THUTO EA 10

Hopolang Mosali oa Lota

Molimo o ile a etsa hore ho ne mollo le sebabole motseng oa Sodoma le Gomora. Ke hobane’ng ha Molimo a ile a felisa metse ee? Ke hobane’ng ha re lokela ho hopola mosali oa Lota?

THUTO EA 11

Abrahama o ne a E-na le Tumelo e Matla

Molimo o ile a re ho Abrahama: ‘Ke kopa hore u nke mora oa hao ea mong u mo etse sehlabelo thabeng ea Moria.’ Abrahama o ne a tla bontša joang hore o na le tumelo e matla?

THUTO EA 12

Jakobo o Fuoa Lefa

Isaka le Rebeka ba ne ba e-na le mafahla a bashanyana, e leng Esau le Jakobo. Kaha Esau e ne e le lefahla le leholo, ke eena ea neng a lokela ho fuoa lefa la bohlokoa. Ke hobane’ng ha a ile a fana ka lona?

THUTO EA 13

Jakobo le Esau ba Bopa Khotso

Lengeloi le ile la hlohonolofatsa Jakobo joang? O ile a bopa khotso le Esau joang?

THUTO EA 14

Lekhoba le Ileng la Mamela Molimo

Josefa o ile a etsa se nepahetseng empa a ’na a ba le mathata. Hobane’ng?

THUTO EA 15

Jehova ha aa ka a Lebala Josefa

Le hoja Josefa a ne a le hole le ba lelapa labo, Molimo ha aa ka a mo lebala.

THUTO EA 16

Jobo e ne e le Mang?

O ile a mamela Jehova leha ho ne ho le thata.

THUTO EA 17

Moshe o Khetha ho Sebeletsa Jehova

Lesea Moshe le ile la pholosoa ke ’mè oa lona.

THUTO EA 18

Sehlahla se Tukang

Ke hobane’ng ha mollo o ne o sa chese sehlahla se tukang?

THUTO EA 19

Likotlo Tse Tharo Tse Qalang

Faro o ile a tlisetsa batho ba hae tlokotsi hobane ka boikhohomoso o ile a hana ho mamela taelo e le ’ngoe feela e bonolo.

THUTO EA 20

Likotlo Tse Ling Tse Tšeletseng

Likotlo tsee li ne li fapane joang le tse tharo tse qalang?

THUTO EA 21

Kotlo ea Leshome

Kotlo ena e ne e le bohloko hoo Faro a ileng a qetella a lokollotse Baiseraele.

THUTO EA 22

Ho Etsahala Mohlolo Leoatleng le Lefubelu

Le hoja Faro a ile a pholoha likotlong tse leshome, na o ile a pholoha Leoatleng le Lefubelu?

THUTO EA 23

Ba Tšepisa ho Mamela Jehova

Ha Baiseraele ba le Thabeng ea Sinai, ba ile ba tšepisa Molimo hore ba tla mamela melao ea hae.

THUTO EA 24

Ha ba Etse Seo ba se Tšepisitseng

Ha Moshe a ntse a fuoa Melao e Leshome, Baiseraele ba ile ba etsa phoso e kholo.

THUTO EA 25

Tabernakele eo ho Rapelloang ho Eona

Ka tenteng ena e ikhethang ho ne ho e-na le areka ea selekane.

THUTO EA 26

Lihloela Tse 12

Joshua le Kalebe ba ile ba bua se fapaneng le seo lihloela tse ling tse leshome li se buileng.

THUTO EA 27

Ba Ile ba Fetohela Jehova

Kora, Dathane, Abirame le banna ba bang ba 250 ba ile ba hloleha ho ithuta ntlha ea bohlokoa ka Jehova.

THUTO EA 28

Tonki ea Balame ea Bua

Tonki e ile ea bona motho empa Balame a sa mo bone.

THUTO EA 29

Jehova o Khetha Joshua

Molimo o ile a fa Joshua litaelo tse ka re tsoelang molemo kajeno.

THUTO EA 30

Rahaba o Pata Lihloela

Marako a Jeriko a oa empa ntlo ea Rahaba ha e oe, le hoja e ne e itšetlehile ka lerako.

THUTO EA 31

Joshua le Bagibeone

Joshua o ile a rapela Molimo a re: “Letsatsi, ema!” Na Molimo o ile a mo araba?

THUTO EA 32

Moeta-pele e Mocha le Basali ba Babeli ba Sebete

Ka mor’a hore Joshua a shoe, Baiseraele ba ile ba qala ho rapela melimo ea litšoantšo. Ba ile ba phela ka thata empa ba lopolloa ke Moahloli Barake, moprofeta ea bitsoang Debora le Jaele ea ileng a kokotela Sisera hloohong ka tšepe ea tente.

THUTO EA 33

Ruthe le Naomi

Basali ba babeli ba neng ba hlokahalletsoe ke banna ba ile ba khutlela Iseraele. E mong oa basali bao, e leng Ruthe, o ile a ea masimong ’me ha a le moo Boase a mo hlokomela.

THUTO EA 34

Gideone o Ile a Hlola Bamidiane

Batho ba Jehova ba ile ba mo kopa hore a ba thuse hobane Bamidiane ba ne ba ba phelisa habohloko. Masole a Gideone a ile a hlola lira tsa ’ona tse 135 000 joang?

THUTO EA 35

Anna o Rapella ho ba le Mora

Elkana o ea tabernakeleng Shilo le Anna, Penina le bana ho ea rapela. Ha ba le moo, Anna o rapella ho ba le mora. Selemo hamorao, Samuele oa hlaha.

THUTO EA 36

Tšepiso ea Jafeta

Jafeta o ile a tšepisa Jehova eng, hona hobane’ng? Morali oa Jafeta o ile a re’ng ha a utloa tšepiso ea ntate oa hae?

THUTO EA 37

Jehova o Bua le Samuele

Bara ba Moprista ea Phahameng Eli ba ne ba sebeletsa tabernakeleng e le baprista empa ba sa hlomphe melao ea Molimo. Samuele o ne a fapane le bona le hoja a ne a le monyenyane ’me Jehova o ile a bua le eena.

THUTO EA 38

Jehova o fa Samsone Matla

Molimo o fa Samsone matla a hore a loantše Bafilista empa baa mo tšoara ka mor’a hore a etse qeto e fosahetseng.

THUTO EA 39

Morena oa Pele oa Iseraele

Molimo o ne a khethile baahloli hore ba etelle Baiseraele pele empa Baiseraele bona ba re ba batla morena. Samuele o tlotsa Saule hore e be morena oa pele empa hamorao Jehova o lahla Saule. Hobane’ng?

THUTO EA 40

Davida le Goliathe

Jehova o khetha Davida hore e be eena morena ea hlahlamang Saule, ’me Davida oa bontša hore na ke hobane’ng ha a khethuoe.

THUTO EA 41

Davida le Saule

Ke hobane’ng ha e mong oa banna baa a hloile e mong, hona ea hloiloeng o ikutloa joang?

THUTO EA 42

Jonathane o ne a le Sebete Ebile a Tšepahala

Mora oa morena e ne e le motsoalle oa hlooho ea khomo le Davida.

THUTO EA 43

Morena Davida o Etsa Sebe

Qeto e fosahetseng e tlisa mathata a mangata.

THUTO EA 44

Tempele ea Jehova

Molimo o arabela thapelo ea Morena Solomone ’me oa mo hlohonolofatsa.

THUTO EA 45

’Muso oa Aroloa

Baiseraele ba bangata ha ba sa sebeletsa Jehova.

THUTO EA 46

Baiseraele Thabeng ea Karmele

Molimo oa ’nete ke mang? Na ke Jehova kapa Baale?

THUTO EA 47

Jehova o Matlafatsa Elia

Na le uena a ka u matlafatsa?

THUTO EA 48

Mora oa Mohlolohali o Tsosoa Bafung

Mehlolo e ’meli ka tlung e le ’ngoe

THUTO EA 49

Mofumahali ea Khopo o Fuoa Kotlo

Jezebele o rera ho bolaea Nabothe e le hore feela a utsoe tšimo ea hae ea morara! Jehova o ne a ntse a bona lintho tse khopo tseo a li etsang.

THUTO EA 50

Jehova o Sireletsa Josafate

Morena Josafate o rapela Molimo ha lichaba tsa lireng li rera ho hlasela Juda.

THUTO EA 51

Naamane le Ngoanana oa Moiseraele

Ngoanana oa Moiseraele o bolella mong’a hae hore Jehova o na le matla a ho etsa mehlolo.

THUTO EA 52

Lebotho le Matla la Jehova

Mohlanka oa Elisha o ile a bona hore ‘ba nang le bona ba bangata ho feta ba nang le Basiria.’

THUTO EA 53

Jehojada o Bontša Hore o Sebete

Moprista ea tšepahalang o hanyetsa mofumahali ea khopo.

THUTO EA 54

Jehova o Ile a Mamella Jonase

Ho tlile joang hore tlhapi e kholo e koenye moprofeta e mong oa Molimo? O ile a tsoa joang ka ho eona? Jehova o ile a mo ruta thuto efe?

THUTO EA 55

Lengeloi la Jehova le Sireletsa Ezekiase

Lira tsa Bajuda li ne li re Jehova a ke ke a sireletsa batho ba hae, empa li ne li fositse!

THUTO EA 56

Josiase o ne a Rata Molao oa Molimo

Josiase e ile ea e-⁠ba morena ha a le lilemo li robeli, ’me a thusa batho ba habo hore ba rapele Jehova.

THUTO EA 57

Jehova o Roma Jeremia ho ea Bolela Molaetsa oa Hae

Seo Jeremia a ileng a se bua se ile sa etsa hore baholo ba koate.

THUTO EA 58

Jerusalema ea Timetsoa

Jehova o lahla batho ba Juda hobane ba tsoela pele ho rapela melimo ea bohata.

THUTO EA 59

Bashanyana ba Bane ba Ileng ba Mamela Jehova

Bajuda ba banyenyane ba ikemiselitse ho lula ba tšepahalla Jehova, esita leha ba le lekhotleng la borena la Babilona.

THUTO EA 60

’Muso o Tla Lula o le Teng

Daniele o hlalosa se boleloang ke toro e makatsang ea Nebukadnezare.

THUTO EA 61

Ba Ile ba Hana ho Khumamela Setšoantšo

Shadrake, Meshake le Abednego ba hana ho rapela setšoantšo sa morena oa Babilona sa khauta.

THUTO EA 62

’Muso o Tšoanang le Sefate se Seholo

Toro ea Nebukadnezare e bua ka bokamoso ba hae esale pele.

THUTO EA 63

Mongolo Leboteng

Mongolo oo o makatsang o hlaha neng, ’me o bolela’ng?

THUTO EA 64

Daniele ka Sekoting sa Litau

Rapela Jehova letsatsi le leng le le leng, joaloka Daniele!

THUTO EA 65

Esthere o Pholosa Batho ba Habo

Le hoja e ne e le molichaba ebile e le khutsana, o ile a qetella e le mofumahali.

THUTO EA 66

Esdrase o Ruta Batho Molao oa Molimo

Ka mor’a hore Baiseraele ba mamele Esdrase, ba ile ba etsa tšepiso e khethehileng ho Molimo.

THUTO EA 67

Marako a Jerusalema

Nehemia o ile a tseba hore lira tsa Baiseraele li rera ho hlasela. Ke hobane’ng ha a ne a sa tšoha?

THUTO EA 68

Elizabetha o ba le Ngoana

Ke hobane’ng ha Zakaria a ile a bolelloa hore e tla ba semumu ho fihlela ngoana oa hae a hlaha?

THUTO EA 69

Gabariele o Etela Maria

Lengeloi le mo bolella molaetsa o ileng oa fetola bophelo ba hae.

THUTO EA 70

Mangeloi a Tsebahatsa Tsoalo ea Jesu

Balisa ba ileng ba utloa ka taba eo ba ile ba tsamaea.

THUTO EA 71

Jehova o Sireletsa Jesu

Morena ea khopo o ne a batla ho bolaea Jesu.

THUTO EA 72

Ha Jesu a Ntse a Hola

O ile a makatsa mesuoe e tempeleng joang?

THUTO EA 73

Johanne o Lokisa Tsela

Johanne e ba moprofeta ha a hola. O ruta batho hore Mesia oa tla. Batho ba etsa’ng ha ba utloa molaetsa?

THUTO EA 74

Jesu e ba Mesia

Johanne o bolela’ng ha a re Jesu ke Konyana ea Molimo?

THUTO EA 75

Diabolose o Leka Jesu

Diabolose o ile a leka Jesu ka makhetlo a mararo. O ile a mo leka joang? Jesu o ile a etsa’ng?

THUTO EA 76

Jesu o Hloekisa Tempele

Ke hobane’ng ha Jesu a leleka liphoofolo ka tempeleng le ho phetola litafole tsa batho ba rekisang?

THUTO EA 77

Jesu o Bua le Mosali Selibeng

Mosali oa Mosamaria o maketse hore ebe Jesu o bua le eena. Hobane’ng? Ke’ng eo Jesu a ileng a mo bolella eona eo a neng a e-⁠s’o e bolelle mang kapa mang?

THUTO EA 78

Jesu o Ruta ka ’Muso oa Molimo

Jesu o mema balateli ba bang ba hae hore e be ‘batšoasi ba batho.’ Hamorao, o ruta balateli ba hae ba 70 ho bolela litaba tse monate.

THUTO EA 79

Jesu o Etsa Mehlolo e Mengata

Hohle moo Jesu a eang teng, batho ba kulang ba tla ho eena hore a ba thuse ’me oa ba folisa. Ebile o tsosa ngoanana bafung.

THUTO EA 80

Jesu o Khetha Baapostola ba 12

Ke hobane’ng ha a ba khetha? Na u hopola mabitso a bona?

THUTO EA 81

Thuto ea Thabeng

Jesu o ruta batho lithuto tsa bohlokoa.

THUTO EA 82

Jesu o Ruta Barutuoa ba Hae ho Rapela

Jesu o ile a re barutuoa ba hae ba ‘’ne ba kope’ lintho life?

THUTO EA 83

Jesu o Fepa Batho ba Likete

Mohlolo oo o re ruta’ng ka Jesu le Jehova?

THUTO EA 84

Jesu o Tsamaea Holim’a Metsi

U nahana hore baapostola ba ne ba ikutloa joang ha ba bona mohlolo oo?

THUTO EA 85

Jesu o Folisa Motho ka Sabatha

Ke hobane’ng ha batho ba sa rate ntho eo a e etsang?

THUTO EA 86

Jesu o Tsosa Lazaro

Ha Jesu a bona Maria a lla le eena oa lla. Empa ba ile ba boela ba thaba.

THUTO EA 87

Lijo Tsa Shoalane Tsa Morena

Jesu o fa baapostola litaelo tsa bohlokoa lijong tsa shoalane.

THUTO EA 88

Jesu oa Tšoaroa

Judase Iskariota o etella pele batho ba bangata ba tšoereng lisabole le melamu hore ba il’o tšoara Jesu.

THUTO EA 89

Petrose o Latola Jesu

Ho etsahala’ng lebaleng la ntlo ea Kaifase ’me ho etsahala’ng ka Jesu ha a le ka tlung?

THUTO EA 90

Jesu o Shoella Golgotha

Ke hobane’ng ha Pilato a laela hore Jesu a bolaoe?

THUTO EA 91

Jesu o Tsosoa Bafung

Ho ile ha etsahala’ng matsatsi ka mor’a hore Jesu a bolaoe?

THUTO EA 92

Jesu o Hlaha ho Batšoasi ba Litlhapi

Jesu o ile a etsa’ng hore ba hlokomele hore ke eena?

THUTO EA 93

Jesu o Khutlela Leholimong

Pele a nyolohela leholimong, o ile a fa barutuoa ba hae litaelo tsa bohlokoa.

THUTO EA 94

Barutuoa ba Fuoa Moea o Halalelang

Ho ile ha etsahala mohlolo ofe ka mor’a hore barutuoa ba fuoe moea o halalelang?

THUTO EA 95

Ho ne ho se Letho le ka ba Sitisang

Baeta-pele ba bolumeli ba ileng ba bolaea Jesu ba batla ho sitisa barutuoa ho ruta batho Lentsoe la Molimo. Empa ba ke ke ba atleha.

THUTO EA 96

Jesu o Khetha Saule

Saule o hloile Bakreste empa haufinyane o tl’o fetoha.

THUTO EA 97

Korneliase o Fuoa Moea o Halalelang

Ke hobane’ng ha Molimo a roma Petrose ntlong ea motho eo e seng Mojuda?

THUTO EA 98

Batho ba Lichaba Tse Ngata e ba Bakreste

Moapostola Pauluse le baromuoa ba bang ba isa litaba tse monate linaheng tse hole.

THUTO EA 99

Molebeli oa Teronko o Ithuta Lentsoe la Molimo

Modemona, tšisinyeho ea lefatše le lerumo li amana joang paleng ee?

THUTO EA 100

Pauluse le Timothea

Banna bana ba babeli ba sebetsa ’moho e le metsoalle ka lilemo tse ngata.

THUTO EA 101

Pauluse o Isoa Roma

Ba ne ba le kotsing e kholo empa Pauluse ha aa ka a khathalloa ke pere.

THUTO EA 102

Lintho Tseo Johanne a li Boneng

Jesu o mo bontša lipono tse ngata tsa lintho tse tla etsahala nakong e tlang.

THUTO EA 103

“’Muso oa Hao o Tle”

Lintho tseo Johanne a li boneng li bontša kamoo ’Muso oa Molimo o tla fetola bophelo kateng lefatšeng.