Na Lihele ke Ntho ea Sebele? Bibele e Re’ng ha e Bua ka Lihele?
Karabo ea Bibele
Liphetolelo tse ling tsa khale tsa Bibele ea Senyesemane tse kang King James Version, li sebelisa lentsoe “lihele” litemaneng tse ling. (Pesaleme ea 16:10; Liketso 2:27 a) Batho ba bangata ba lumela hore lihele ke moo batho ba khopo ba chesetsoang teng, joalokaha setšoantšo sa bolumeli se sehloohong sena se bontša. Empa na ke seo Bibele e se rutang?
Sehloohong sena
Na lihele ke sebaka seo batho ba hlokofatsoang ho sona ka ho sa feleng?
Papiso ea Jesu ea monna ea ruileng le ea Lazaro li re ruta’ng?
Na lihele ke sebaka seo batho ba hlokofatsoang ho sona ka ho sa feleng?
Che. Liphetolelo tsa khale tsa Bibele li fetoletse lentsoe la Seheberu “Sheole” le la Segerike “Hadese” e le “lihele,” leo ha e le hantle le bolelang “Lebitla.” Bibele e bontša hore batho ba “Lebitleng” ba shoele.
Bafu ha ba utloe letho ’me ba ke ke ba utloa bohloko. “Nģalong ea bafu [“liheleng” Douay-Rheims Version] moo o eang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.” (Moeklesia 9:10, Bibele e Halalelang) Ha ho na batho ba llang habohloko liheleng. Bibele e re: “Ho ke ho soabe ba khopo, ba be ba khutse nģalong ea bafu [liheleng, Douay-Rheims].”—Pesaleme ea 31:17; Bibele e Halalelang; Pesaleme ea 115:17.
Molimo o itse kotlo ea sebe ke lefu, eseng ho hlokofatsoa liheleng. Molimo o ile a bolella motho oa pele e leng Adama hore kotlo ea ho tlola molao oa hae e tla ba lefu. (Genese 2:17) Haa ka a bua letho ka ho hlokofatsoa ka ho sa feleng liheleng. Ka mor’a hore Adama a etse sebe, Molimo o ile a mo bolella hore na kotlo ea hae e tla ba efe. O ile a re: “U lerole ’me u tla khutlela leroleng.” (Genese 3:19) Sena se bolela hore Adama o ne a sa tl’o hlola a phela, hobane Molimo a ka be a ile a mo bolella haeba a ne a tl’o chella liheleng. Molimo ha a e-s’o fetole kotlo eo a tla e fa motho ea tlolang melao ea hae. Nako e telele ka mor’a hore Adama a etse sebe, Molimo o ile a susumetsa mongoli oa Bibele hore a re: “Moputso oo sebe se o lefang ke lefu.” (Baroma 6:23) Kahoo, ha ho sa hlokeha hore motho a fuoe kotlo e fetang ena hobane “motho ea shoeleng o tšoaretsoe sebe sa hae.”—Baroma 6:7.
Ho hlokofatsa batho ka ho sa feleng ke ntho e nyonyehang ho Molimo. (Jeremia 32:35) Ho hlokofatsa batho ka ho sa feleng ho khahlanong le thuto ea Bibele ea hore “Molimo ke lerato.” (1 Johanne 4:8) O batla hore re mo rapele hobane re mo rata, eseng hobane re tšaba hore o tla re hlokofatsa ka ho sa feleng.—Matheu 22:36-38.
Batho ba lokileng ba ne ba ea liheleng. Libibele tse sebelisang lentsoe “lihele” li bontšitse hore banna ba tšepahalang ba kang Jakobo le Jobo, ba ne ba lebelletse ho ea liheleng. (Genese 37:35; Jobo 14:13) Esita le Jesu Kreste ho thoe o ne a le liheleng ha a ne a shoele le pele a tsosoa. (Liketso 2:31, 32) Ho hlakile hore Libibeleng tsena lentsoe “lihele” le bolela Lebitla. b
Papiso ea Jesu ea monna ea ruileng le ea Lazaro li re ruta’ng?
Lipapiso tsena tseo Jesu a buileng ka tsona li hlaha ho Luka 16:19-31. Lipapiso li re ruta ka boitšoaro le tsela eo Molimo a shebang lintho ka eona. Papiso ea monna ea ruileng le ea Lazaro e ne e se liketsahalo tsa sebele. (Matheu 13:34) Ho ithuta ho eketsehileng ka papiso ena, sheba sehlooho se re’ng “Monna ea Ruileng le Lazaro e ne e le Bo-mang?”
Na lihele li bontša hore Molimo o re lahlile?
Che. Thuto ea hore bafu ba ka tseba hore Molimo o ba lahlile ha e lumellane le Bibele, kaha e bontša ka ho hlaka hore ba shoeleng ha ba tsebe letho ho hang.—Pesaleme ea 146:3, 4; Moeklesia 9:5.
Na ho na le motho ea kileng a tsosoa ho tsoa liheleng?
E. Bibele e bua ka batho ba robong ba ileng ba ea Lebitleng (le fetoletsoeng e le “lihele” Libibeleng tse ling) ’me ba tsosoa. c Haeba ba ne ba tseba se etsahalang liheleng, ba ka be ba ile ba bolella batho ba bang ka hore na ho etsahalang moo. Ntho e makatsang ke hore ha ho le ea mong oa bona ea ileng a re ho na le ntho e etsahetseng ka eena ha a ntse a shoele. Esale Bibele e ruta hore bafu ha ba tsebe letho. Ho joalokaha eka ba “robetse” boroko bo tebileng.—Johanne 11:11-14; 1 Bakorinthe 15:3-6.
a Liphetolelo tse ngata tsa mehleng ena tsa Senyesemane ha li sa na lentsoe “lihele” ho Liketso 2:27. Ho e-na le hoo, li sebelisa mantsoe a kang “lebitla,” (New Century Version); “nģalong ea bafu,” (Bibele e Halalelang) le “bafu” (The Passion Translation). Tse ling tsona li sebelisa lentsoe la Segerike e leng “Hadese.”—Holman Christian Standard Bible, NET Bible, New American Standard Bible, English Standard Version.
b Sheba lebokose le re’ng “ Mantsoe a Neng a Sebelisoa ha ho ne ho Ngoloa Bibele.”

