Buka ea Pele ea Marena 17:1-24

  • Moprofeta Elia o profeta hore ho tla ba le komello (1)

  • Elia o fuoa lijo ke makhoaba (2-7)

  • Elia o chakela mohlolohali oa Sarepta (8-16)

  • Mora oa mohlolohali oa shoa ebile oa tsosoa (17-24)

17  Elia*+ oa Motishba moahi oa Gileade+ a re ho Akabe: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo oa Iseraele ea phelang eo ke mo sebeletsang* hore lilemong tsena ho ke ke ha e-ba le phoka kapa pula ntle le haeba ke bolela hore li tla ba teng.”+  Jehova a bua le Elia a re:  “Tloha mona u tsamaee ka tsela e eang bochabela ’me u ipate Khohlong ea Kerithe e ka bochabela ho Jordane.  U noe metsi nokaneng ’me ke tla laela makhoaba hore a u tlisetse lijo moo.”+  Ka potlako a etsa seo Jehova a mo laetseng sona, a tsamaea ’me a lula Khohlong ea Kerithe e ka bochabela ho Jordane.  Makhoaba a ne a mo tlisetsa bohobe le nama hoseng le mantsiboea ’me o ne a noa metsi nokaneng.+  Ka mor’a matsatsi nokana ea psha+ hobane pula e ne e sa ne.  Jehova a bua le Elia a re:  “E-ea Sarepta ea Basidone ’me u lule teng. Ke tla laela mosali oa mohlolohali moo hore a u fe lijo.”+ 10  A tsamaea a ea Sarepta. Ha a fihla keiting ea motse, ho ne ho e-na le mosali oa mohlolohali ea ntseng a roalla patsi. Elia a mo hoeletsa a re: “Ke kopa u ntlisetse metsi a manyenyane e le hore ke noe.”+ 11  Ha mosali eo a e’o lata metsi, a mo hoeletsa a re: “Ke kopa u ntlele bohobe.” 12  Mosali eo a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo oa hao ea phelang, ha ke na bohobe haese phofo e ka tlalang seatla e ka nkhong e kholo le oli e nyenyane e ka nkhong e nyenyane.+ Hona joale ke roalla patsi e seng kae ebe ke ea hae ’me ke etsetsa ’na le mora oa ka lijo. Re tla ja ka lekhetlo la ho qetela ebe rea shoa.” 13  Elia a re ho eena: “U se ke oa tšoha. E-ea hae ’me u etse seo u se buileng. Empa pele ho moo, nketsetse bohobe bo selika-likoe bo bonyenyane ka lintho tse teng ’me u bo tlise ho ’na. Ka mor’a moo, u ka etsetsa uena le mora oa hao lijo. 14  Jehova Molimo oa Iseraele o itse: ‘Phofo e ka nkhong e kholo e ke ke ea fela le oli e ka nkhong e nyenyane e ke ke ea fela ho fihlela letsatsing leo ka lona Jehova a nesang pula.’”+ 15  A tsamaea ’me a etsa feela joalokaha Elia a buile. Eena, ba lelapa la hae le Elia ba ile ba e-ba le lijo ka matsatsi a mangata.+ 16  Phofo e ka nkhong e kholo le oli e ka nkhong e nyenyane ha lia ka tsa fela ho ea ka seo Jehova a neng a se buile a sebelisa Elia. 17  Ka mor’a lintho tsena, mosali oa mohlolohali e leng mong’a ntlo, a kuleloa ke mora, a kula haholo hoo a ileng a shoa.+ 18  A re ho Elia: “Mohlanka oa Molimo oa ’nete, ke u entse’ng? Na u tletse ho tla nkhopotsa phoso ea ka le ho bolaea mora oa ka?”+ 19  Elia a re ho eena: “Mphe mora oa hao.” A mo nka matsohong a ’mè oa hae a ea le eena kamoreng e marulelong eo a neng a lula ho eona, a mo beha holim’a bethe ea hae.+ 20  Elia a rapela Jehova a re: “Jehova Molimo oa ka,+ na u tlisetsa mosali eo oa mohlolohali eo ke lulang le eena tlokotsi ka hore u bolaee mora oa hae?” 21  A paqama holim’a ngoana ka makhetlo a mararo ’me a rapela Jehova a re: “Jehova Molimo oa ka, ke kopa u etse hore ngoana enoa a phele hape.” 22  Jehova a mamela kopo ea Elia+ ’me ngoana a boela a phela.+ 23  Elia a nka ngoana ’me a theoha le eena ho tsoa kamoreng e marulelong a ea ka tlung eaba o mo isa ho ’mè oa hae. Elia a re: “Bona, mora oa hao oa phela.”+ 24  Mosali eo a re ho Elia: “Joale kea tseba hore kannete u mohlanka oa Molimo+ le hore mantsoe ao u a buang a tsoang ho Jehova ke ’nete.”

Linaletsana

E bolelang “Molimo oa ka ke Jehova.”
Ka Seheberu: “eo ke emeng ka pel’a hae.”