Buka ea Pele ea Marena 6:1-38

  • Solomone o haha tempele (1-38)

    • Kamore e ka hare-hare (19-22)

    • Likerubime (23-28)

    • Mekhabiso, menyako, lebala le ka hare (29-36)

    • Tempele e qetile ho hahoa ka lilemo tse ka bang tse supileng (37, 38)

6  Ka khoeli ea Zive*+ (e leng khoeli ea bobeli) Solomone a hahela Jehova* ntlo+ ka selemo sa bo480 ka mor’a hore Baiseraele* ba tsoe naheng ea Egepeta,+ ha a e-na le lilemo tse ’nè e le morena oa Iseraele. 2  Ntlo eo Morena Solomone a ileng a e hahela Jehova e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang 27,* bophara ba limithara tse ka bang robong* le bophahamo ba limithara tse ka bang 13.*+ 3  Foranta+ e ka pel’a tempele* e ne e le bolelele* ba limithara tse ka bang robong,* e lekana le bophara ba ntlo. E le botebo ba limithara tse ka bang ’nè* ho tloha ka pel’a ntlo. 4  A etsetsa ntlo lifensetere tse kholo ka hare empa ka ntle li le nyenyane.+ 5  Hape a haha lerako pel’a lebota la ntlo, le neng le potoloha Sehalalelo* le Sehalalelisiso.*+ A boela a etsa likamore ka har’a lerako leo.+ 6  Kamore e ka tlase-tlase e ne e le bophara ba limithara tse ka bang peli,* e mahareng e le bophara ba limithara tse ka bang tharo* ’me e ka holimo e le bophara ba limithara tse ka bang tharo.* A etsa mabota ho potoloha ntlo, e le hore ho se ke ha e-ba le letho le itšoarellang marakong a ntlo.+ 7  Ntlo eo e ile ea hahoa ka majoe a koari a seng a ntse a betliloe,+ e le hore ho se ke ha utloahala lihamore, lilepe kapa lithulusi tsa tšepe ha ho ntse ho hahoa. 8  Monyako oa kamore e ka tlase-tlase o ne o le lehlakoreng le ka boroa* la ntlo+ ’me ho ne ho e-na le litepisi tse isang mokatong o mahareng le ho tloha mokatong o mahareng ho ea mokatong o ka holimo. 9  A haha ntlo ’me a e qeta+ eaba o e rulela ka lipalo tsa kedare le ka mapolanka a kedare a entseng mola.+ 10  A haha likamore mahlakoreng ’ohle a ntlo,+ kamore e ’ngoe le e ’ngoe e le bophahamo ba limithara tse ka bang peli,* li kopantsoe le ntlo ka lifate tsa kedare. 11  Jehova a bua le Solomone a re: 12  “Haeba u mamela melao ea ka,+ le ’na ke tla phethahatsa tšepiso ea ka eo ke e etselitseng ntate oa hao Davida mabapi le ntlo ena eo u e hahang,+ 13  ke tla lula har’a Baiseraele+ ’me nke ke ka tlohela sechaba sa ka sa Iseraele.”+ 14  Solomone a tsoela pele ho haha ntlo e le hore a e qete. 15  A haha mabota a ka hare a ntlo ka mapolanka a kedare. A kenya mapolanka ho tloha fatše, maboteng le marulelong eaba o boela o kenya mapolanka a junipere+ fatše. 16  A haha le karolo e ka morao ea ntlo ka mapolanka a kedare ho tloha fatše ho ea marulelong, e ne e le limithara tse ka bang robong* ’me ka har’a eona* a haha kamore e ka hare-hare e leng Sehalalelisiso.+ 17  Tempele*+ e leng karolo e ka pele ea ntlo e ne e le limithara tse ka bang 18.* 18  Mapolanka a kedare a ka har’a ntlo a ne a khabisitsoe ka mohope+ le lipalesa tse thuntseng.+ Hohle e ne e le kedare, ho se lejoe le bonahalang. 19  A lokisa kamore e ka hare-hare+ ea ntlo hore a behe areka ea selekane ea Jehova moo.+ 20  Kamore e ka hare-hare e ne e le bolelele ba limithara tse ka bang robong,* bophara ba limithara tse ka bang robong* le bophahamo ba limithara tse ka bang robong,*+ a e koahela ka khauta e hloekileng ’me aletare+ a e koahela ka mapolanka a kedare. 21  Solomone a koahela karolo e ka hare ea ntlo ka khauta e hloekileng+ ’me a beha liketane tsa khauta ka pel’a kamore e ka hare-hare+ e neng e koahetsoe ka khauta. 22  A koahela ntlo eohle ka khauta. A boela a koahela aletare+ eohle e neng e le pel’a kamore e ka hare-hare ka khauta. 23  Kamoreng e ka hare-hare a etsa likerubime+ tse peli ka sefate sa phaena,* kerubime e ’ngoe le e ’ngoe e le bophahamo ba limithara tse ka bang ’nè.*+ 24  Lepheo le le leng la kerubime e ne e le limithara tse ka bang peli.* Ho tloha ntlheng ea lepheo le leng ho ea ntlheng ea le leng e le limithara tse ka bang ’nè.* 25  Kerubime ea bobeli e ne e le limithara tse ka bang ’nè.* Likerubime tseo ka bobeli li ne li lekana ebile li tšoana. 26  Bophahamo ba kerubime ka ’ngoe e ne e le limithara tse ka bang ’nè.* 27  A beha likerubime+ ka kamoreng e ka hare-hare.* Mapheo a likerubime a ne a otlolohile ’me lepheo la kerubime e ’ngoe le thetsa lebota le lepheo la kerubime e ’ngoe le thetsa lebota le leng. Mapheo a tsona a ne a otlolohile ho ea fihla bohareng ba ntlo ’me a ne a thetsana. 28  Eaba o koahela likerubime tseo ka khauta. 29  A khabisa mabota ’ohle a ntlo ho potoloha likamore tse ka hare le ka ntle ka litšoantšo tsa likerubime,+ tsa lifate tsa palema+ le lipalesa tse thuntseng.+ 30  Likamoreng tse ka hare le tse ka ntle a koahela fatše ka khauta. 31  A etsetsa monyako oa kamore e ka hare-hare mamati ka lifate tsa phaena, lipilara tse lehlakoreng le likosene tsa menyako e le karolo ea bohlano.* 32  Mamati a mabeli a lifate tsa phaena o ne a a khabisitse ka likerubime, lifate tsa palema le lipalesa tse thuntseng ’me a a koahela ka khauta. A kokotela khauta holim’a likerubime le lifate tsa palema. 33  O ile a etsa ka tsela e tšoanang bakeng sa likosene tsa mamati a lifate tsa phaena a monyako oa tempele,* eo e neng e le karolo ea bone.* 34  A etsa mamati a mabeli ka lifate tsa junipere. Mamati ao ka bobeli a ne a khona ho bulehela ka ntle le ka hare.+ 35  A khabisa mamati ka likerubime, lifate tsa palema le lipalesa tse thuntseng eaba o a koahela ka khauta. 36  Ho etsa lebala le ka hare,+ a haha mela e meraro e eang holimo ka lejoe le betliloeng le mola o le mong ka mapolanka a kedare.+ 37  Ka selemo sa bone khoeling ea Zive,* ha etsoa motheo oa ntlo ea Jehova.+ 38  Ka selemo sa bo11 khoeling ea Bule* (e leng khoeli ea borobeli), ntlo e ne e qetile ho hahoa ho latela polane ea eona.+ Solomone o nkile lilemo tse supileng ho e haha.

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 60.” Setsoe se lekana le lisenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 30.”
^ Kapa: “bophara.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Ka Seheberu: “tempele ea ntlo.”
^ Ka Seheberu: “tempele.”
^ Ka Seheberu: “kamore e ka hare-hare.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse supileng.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse tšeletseng.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
^ Ka Seheberu: “le letona.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
^ E leng ka har’a ntlo.
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ E leng Sehalalelo se neng se le ka pel’a Sehalalelisiso.
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 40.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse 20.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”
^ Ka Seheberu: “sefate sa oli,” mohlomong phaena ea Alepo.
^ Ka Seheberu: “litsoe tse hlano.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”
^ Ka Seheberu: “litsoe tse leshome.”
^ E leng Sehalalelisiso.
^ Mohlomong ho buuoa ka ho etsa kosene ea lemati kapa boholo ba lemati.
^ Mona ho buuoa ka Sehalalelo.
^ Mohlomong ho buuoa ka ho etsa kosene ea lemati kapa boholo ba lemati.