Buka ea Pele ea Marena 22:1-53
22 Ho ile ha feta lilemo tse tharo ho se na ntoa pakeng tsa Siria le Iseraele.
2 Ka selemo sa boraro Morena Josafate+ oa Juda a ea ho morena oa Iseraele.+
3 Morena oa Iseraele a re ho bahlanka ba hae: “Na lea tseba hore motse oa Ramothe-gileade+ ke oa rona? Empa re o tlohetse, ha re o nke ho morena oa Siria.”
4 A re ho Josafate: “Na u tla ea le ’na ntoeng motseng oa Ramothe-gileade?” Josafate a re ho morena oa Iseraele: “Ke tla ea le uena le sechaba sa ka le lipere tsa ka.”+
5 Empa Josafate a re ho morena oa Iseraele: “Ke kopa u botse+ Jehova pele ka taba ena.”+
6 Morena oa Iseraele a bokella baprofeta ba ka bang 400 ’me a re ho bona: “Na ke e’o loantša motse oa Ramothe-gileade kapa ke tlohele?” Ba re: “Tsamaea ’me Jehova o tla u thusa hore u hlole.”
7 Josafate a re: “Na ho na le moprofeta e mong oa Jehova moo? Le eena a re mo botseng.”+
8 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ho na le monna e mong eo re ka mo botsang hore na Jehova o re’ng ka taba ena.+ Empa ke mo hloile+ hobane ha ho na mohla a profetang lintho tse ntle ka ’na, o lula a profeta tse mpe feela.+ Ke Mikaia mora oa Imla.” Josafate a re: “Morena ha aa lokela ho bua ka tsela ena.”
9 Morena oa Iseraele a bitsa molaoli oa lekhotla a re: “Potlaka u tle le Mikaia mora oa Imla.”+
10 Morena oa Iseraele o ne a lutse teroneng ea hae le Josafate morena oa Juda a lutse teroneng ea hae, ba apere liaparo tsa bona tsa borena. Ba ne ba lutse seotlong* keiting ea Samaria ’me baprofeta bohle ba profeta ka pel’a bona.+
11 Tsedekia mora oa Kenana a iketsetsa manaka a tšepe ’me a re: “Jehova o re, ‘U tla hlaba* Basiria ka manaka ana ho fihlela u ba felisitse.’”
12 Baprofeta ba bang bohle ba ne ba profeta ntho e tšoanang ba re: “Tsamaea u e’o loantša Ramothe-gileade ’me Jehova o tla u thusa hore u e hlole.”
13 Moromuoa ea neng a il’o bitsa Mikaia a re ho eena: “Baprofeta bohle ba re morena o tla atleha. Le uena ke kopa u bue lintho tse ntle.”+
14 Mikaia a re: “Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore ke tla bua seo Jehova a tla mpolella sona.”
15 Ha Mikaia a fihla, morena a re ho eena: “Mikaia, re loantše Ramothe-gileade kapa re tlohele?” Mikaia a re: “Tsamaea u e’o e loantša ’me Jehova o tla u thusa hore u e hlole.”
16 Morena a re ho eena: “Ke tla etsa hore u hlapanye ka makhetlo a makae e le hore u bue ’nete ’me u bue feela seo Jehova a u boleletseng sona?”
17 Mikaia a re: “Ke bone Baiseraele bohle ba hasane lithabeng+ joaloka linku tse se nang molisa. Jehova o itse: ‘Ha ba na morena. E-re e mong le e mong a khutlele ntlong ea hae ka khotso.’”
18 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Na ha kea u bolella hore a ke ke a profeta lintho tse ntle ka ’na empa o tla profeta tse mpe feela?”+
19 Mikaia a re: “Utloa lentsoe la Jehova: Ke bone Jehova a lutse teroneng ea hae+ ’me mangeloi* ’ohle a eme ka lehlakoreng la hae le letona le le letšehali.+
20 Jehova a re, ‘Ke mang ea tla thetsa Akabe e le hore a ka ea Ramothe-gileade ’me a shoella teng?’ Lengeloi le leng le ne le re tjena ’me le leng le re tjena.
21 Lengeloi+ le leng la tla ka pel’a Jehova la re, ‘Ke tla mo thetsa.’ Jehova a re ho lona, ‘U tla mo thetsa joang?’
22 La re, ‘Ke tla thetsa baprofeta ba hae e le hore ba tle ba bue leshano.’+ A re ho lona, ‘Tsamaea u e’o mo thetsa hobane u tla atleha.’
23 Jehova o entse hore baprofeta bohle ba hao ba bue leshano+ empa ha e le hantle Jehova eena o ikemiselitse ho u fa kotlo.”+
24 Tsedekia mora oa Kenana a atamela ho Mikaia ’me a mo otla lerameng a re: “Lengeloi la Jehova le mphetile joang ’me la bua le uena?”+
25 Mikaia a re: “U tla bona hore na le u fetile joang mohla u e’o ipata kamoreng e ka hare-hare.”
26 Morena oa Iseraele a re: “Isa Mikaia ho Amone letona la motse le ho Joashe mora oa morena.
27 U re ho bona, ‘Morena o re: “Koallang monna enoa teronkong+ ’me le fokotse metsi le lijo tseo a lokelang ho li fuoa ho fihlela ke khutla ke ntse ke phela.”’”
28 Empa Mikaia a re: “Haeba u ka khutla u ntse u phela, e tla ba Jehova ha aa bua le ’na.”+ A boela a re: “Lona sechaba, le hopole mantsoe ana.”
29 Morena oa Iseraele le Josafate morena oa Juda ba ea Ramothe-gileade.+
30 Morena oa Iseraele a re ho Josafate: “Ke tla apara liaparo tse ling feela ’me ke kene ntoeng empa uena u apare liaparo tsa hao tsa borena.” Morena oa Iseraele a apara liaparo tse ling+ feela a kena ntoeng.
31 Morena oa Siria a re ho balaoli ba 32 ba likariki tsa hae tsa ntoa:+ “Le se ke la loantša motho ofe kapa ofe, le loantše morena oa Iseraele feela.”
32 Ha balaoli ba likariki tsa ntoa ba bona Josafate ba re: “Enoa ke eena morena oa Iseraele.” Ba ea ho eena ’me ba mo loantša eaba Josafate oa hoeletsa o kopa thuso.
33 Ha balaoli ba likariki tsa ntoa ba bona hore ha se morena oa Iseraele, hang-hang ba khutla.
34 Monna e mong a betsa motsu oa seqha sa hae, ha etsahala* hore motsu oo o kene seaparong sa tšepe sa morena oa Iseraele eaba oa mo hlaba. Morena a re ho mokhanni oa kariki ea hae ea ntoa: “Ke kopa u ntlose ntoeng* hobane ke lemetse haholo.”+
35 Ntoa ea tsoela pele letsatsi lohle ’me morena a tlameha ho ema a tšehelitsoe kariking ea hae ea ntoa a shebile Basiria. Mali a tsoang leqebeng a tsoela ka har’a kariki ea hae ea ntoa eaba mantsiboea oa shoa.+
36 Ha letsatsi le likela ha e-ba le motho ea fanang ka taelo e reng: “E mong le e mong a khutlele motseng oa habo! E mong le e mong a khutlele naheng ea habo!”+
37 Morena a shoa ’me ba mo isa Samaria eaba ba mo patela teng.
38 Ha ba hlatsoa kariki ea ntoa letamong la Samaria, lintja tsa noa mali a hae ’me matekatse a ne a ntse a hlapela moo,* ho latela seo Jehova a neng a se buile.+
39 Histori eohle ea Akabe, lintho tseo a li entseng, ntlo* ea manaka a litlou+ eo a e hahileng le metse eo a e hahileng li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele.
40 Akabe a shoa*+ ’me mora oa hae Akazia+ ea e-ba morena.
41 Josafate+ mora oa Asa e bile morena oa Juda ha Akabe morena oa Iseraele a e-na le lilemo tse ’nè a busa.
42 Josafate o ne a le lilemo li 35 ha e e-ba morena ’me a busa Jerusalema ka lilemo tse 25. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Azuba morali oa Shilhi.
43 A ’na a etsa lintho joaloka ntate oa hae Asa+ ’me a thabisa Jehova.+ Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa. Batho ba ne ba ntse ba etsa linyehelo le mahlabelo a kubellang mosi ho tsona.+
44 Josafate a etsa hore ho lule ho e-na le khotso pakeng tsa hae le morena oa Iseraele.+
45 Histori eohle ea Josafate, liketso tsa hae tse matla le kamoo a loanneng kateng, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda.
46 O ile a boela a tlosa matekatse a banna*+ a neng a setse naheng ha ho ne ho busa ntate oa hae Asa.+
47 Ho ne ho se na morena Edomo+ ’me letona e ne e le lona le busang.+
48 Josafate o ile a boela a romela likepe tsa Tarshishe* Ofire ho ea lata khauta+ empa ha lia ka tsa ea hobane li ile tsa robeha Ezione-gebere.+
49 Akazia mora oa Akabe a re ho Josafate: “E-re bahlanka ba ka ba tsamaee le bahlanka ba hao ka likepe” empa Josafate a hana.
50 Josafate a shoa* ’me a pateloa Motseng oa Davida moholo-holo oa hae.+ Mora oa hae Jorame+ ea e-ba morena.
51 Ha Morena Josafate a e-na le lilemo tse 17 a busa Juda, Akazia+ mora oa Akabe ea e-ba morena oa Iseraele e Samaria ’me a busa Iseraele ka lilemo tse peli.
52 Akazia a ’na a fosetsa Jehova ka hore a etse lintho tse mpe joaloka batsoali ba hae+ le joaloka Jeroboame mora oa Nebate, ea ileng a etsa hore Baiseraele ba etse sebe.+
53 A sebeletsa Baale+ le ho mo rapela ’me a ’na a fosetsa Jehova Molimo oa Iseraele+ feela joaloka ntate oa hae.
Linaletsana
^ Moo ho poleloang le ho olosetsoa teng.
^ Kapa: “sututsa.”
^ Ka Seheberu: “lebotho la maholimo.”
^ Ka Seheberu: “liahelong.”
^ Kapa: “a sa rera.”
^ Kapa mohlomong: “moo matekatse a neng a itlhatsoetsa teng, lintja li ile tsa noa mali a hae.”
^ Kapa: “phaleisi.”
^ Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
^ Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”
^ Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”

