Buka ea Pele ea Marena 15:1-34

  • Abijame, morena oa Juda (1-8)

  • Asa, morena oa Juda (9-24)

  • Nadabe, morena oa Iseraele (25-32)

  • Basha, morena oa Iseraele (33, 34)

15  Ha Morena Jeroboame+ mora oa Nebate a e-na le lilemo tse 18 a busa, Abijame ea e-ba morena oa Juda.+  O ile a busa Jerusalema ka lilemo tse tharo. Lebitso la ’mè oa hae e ne e le Maaka+ setloholo sa Absalome.*  A etsa libe tse tšoanang le tseo ntate oa hae a neng a li etsa. O ne a sa sebeletse Jehova Molimo oa hae ka pelo ea hae eohle joalokaha moholo-holo oa hae Davida a ne a mo sebeletsa.  Leha ho le joalo, ka lebaka la Davida,+ Jehova Molimo oa hae o ile a etsa hore ho be le e mong oa leloko la hae ea busang Jerusalema+ ka hore a etse hore mora oa hae a buse ’me a boloke Jerusalema e le teng.  Davida o ile a etsa lintho tse thabisang Jehova, a etsa lintho tsohle tseo a neng a mo laetse tsona bophelo bohle ba hae, ntle le tabeng ea Uria oa Mohethe.+  Bophelong bohle ba Roboame, ho bile le ntoa pakeng tsa hae le Jeroboame.+  Histori eohle ea Abijame le lintho tsohle tseo a ileng a li etsa, li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda.+ Hape Abijame le Jeroboame ba ile ba loana.+  Abijame a shoa* ’me a pateloa Motseng oa Davida. Mora oa hae Asa+ ea e-ba morena.+  Ha morena Jeroboame a e-na le lilemo tse 20 a busa Iseraele, Asa e ile ea e-ba morena oa Juda. 10  O busitse Jerusalema ka lilemo tse 41. Lebitso la nkhono oa hae e ne e le Maaka+ setloholo sa Absalome.* 11  Asa a etsa lintho tse thabisang Jehova+ joaloka moholo-holo oa hae Davida. 12  O ile a tlosa matekatse a banna* naheng+ ’me a tlosa le litšoantšo tsohle tse rapeloang tse nyonyehang* tseo baholo-holo ba hae ba neng ba li entse.+ 13  A tlosa le nkhono oa hae Maaka+ boemong ba bofumahali hobane o ne a etselitse palo e halalelang* setšoantšo se rapeloang se nyonyehang. Asa o ile a liha setšoantšo seo,+ a se chesetsa Khohlong ea Kidrone.+ 14  Empa libaka tse phahameng ha lia ka tsa tlosoa.+ Leha ho le joalo, Asa o ile a sebeletsa Jehova ka pelo eohle bophelo bohle ba hae. 15  A tlisa lintho tseo eena le ntate oa hae ba li halalelitseng ka tlung ea Jehova e leng silevera, khauta le lisebelisoa tse fapa-fapaneng.+ 16  Asa le Basha+ morena oa Iseraele ba ne ba lula ba loantšana. 17  Morena Basha oa Iseraele a hlasela Juda ’me a haha* Rama+ e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea tsoang kapa ea kenang Juda ho Morena Asa.+ 18  Morena Asa a nka silevera le khauta eohle e neng e setse matlotlong a ntlo ea Jehova le a ntlo* ea morena ’me a e fa bahlanka ba hae. A ba romela ho Ben-hadade mora oa Tabrimone mora oa Hezione, morena oa Siria+ ea neng a lula Damaseka a re: 19  “Ke entse selekane le uena joalokaha ntate oa ka a ne a se entse le ntate oa hao. Ke u romella mpho ea silevera le khauta. Tloo ’me u khaole selekane sa hao le Morena Basha oa Iseraele e le hore a ka ntlohela.” 20  Ben-hadade a mamela Morena Asa ’me a romela balaoli ba hae ba masole hore ba hlasele metse ea Iseraele. Ba hapa motse oa Ijone,+ Dane,+ Abele-bethe-maaka, Kinerethe eohle le naha eohle ea Nefthali. 21  Ha Basha a utloa ka taba ena, hang-hang a tlohela ho haha* Rama ’me a ’na a lula Tirza.+ 22  Morena Asa a bitsa Bajuda bohle, ha aa ka a siea le ea mong ’me ba nka majoe le lifate tsa Rama tseo Basha a neng a haha* ka tsona eaba Morena Asa o haha Geba+ e Benjamine le Mizpa+ ka tsona. 23  Histori eohle ea Asa, matla a hae, lintho tsohle tseo a ileng a li etsa le metse eo a ileng a e haha,* li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Juda. Botsofaling ba hae o ile a tšoaroa ke maoto.+ 24  Asa a shoa* ’me a pateloa Motseng oa Davida moholo-holo oa hae. Mora oa hae Josafate+ ea e-ba morena. 25  Nadabe+ mora oa Jeroboame e ile ea e-ba morena oa Iseraele ha Morena Asa a e-na le lilemo tse peli a busa Juda. Nadabe o busitse Iseraele ka lilemo tse peli. 26  A ’na a fosetsa Jehova le ho etsa lintho tse mpe tseo ntate oa hae a neng a li etsa+ ’me a etsa sebe se tšoanang le seo ntate oa hae a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+ 27  Basha mora oa Akija oa lelapa la Isakare a rera ho mo bolaea, a mo bolaela Gibethone+ eo e neng e le ea Bafilista, ha Nadabe le Baiseraele bohle ba thibeletse Gibethone. 28  Ha Morena Asa a e-na le lilemo tse tharo a busa Juda, Basha o ile a bolaea Nadabe ’me ea e-ba morena oa Iseraele. 29  Hang ha e e-ba morena, a bolaea bohle ba lelapa la Jeroboame, ha aa ka a siea le a le mong. O ile a ba felisa ho ea ka seo Jehova a neng a se buile ho mohlanka oa hae Akija oa Moshilo.+ 30  O ile a etsa sena ka lebaka la libe tseo Jeroboame a neng a li entse le tseo a neng a entse hore Baiseraele ba li etse le hobane a ne a foselitse Jehova Molimo oa Iseraele. 31  Histori eohle ea Nadabe le lintho tsohle tseo a li entseng li ngotsoe bukeng ea histori ea marena a Iseraele. 32  Asa le Morena Basha oa Iseraele ba ile ba lula ba loantšana.+ 33  Ha Morena Asa a e-na le lilemo tse tharo a busa Juda, Basha mora oa Akija ea e-ba morena oa Baiseraele bohle Tirza ’me a busa ka lilemo tse 24.+ 34  Empa o ile a ’na a fosetsa Jehova+ ’me a etsa sebe seo Jeroboame a ileng a etsa hore Baiseraele ba se etse.+

Linaletsana

Ka Seheberu: “Abishalome.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”
Ka Seheberu: “Abishalome.”
Ka Seheberu: “matekatse a banna a tempele.”
Polelo ena ea Seheberu e ka amana le lentsoe “bolokoe” ’me e sebeliselitsoe ho bontša ho hloea.
Kapa: “haha bocha.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “haha bocha.”
Kapa: “haha bocha.”
Kapa: “haha bocha.”
Ka Seheberu: “a patoa joaloka baholo-holo ba hae.”