Lengolo le Eang ho Baroma 6:1-23

  • Bophelo bo bocha ka lebaka la ho kolobeletsoa ho Kreste (1-11)

  • Le se ke la lumella sebe hore se le buse (12-14)

  • Re ne re le makhoba a sebe empa re se re le makhoba a Molimo (15-23)

    • Moputso oa sebe ke lefu, mpho ea Molimo ke bophelo (23)

6  Na joale taba ee e bolela hore re tlameha ho tsoela pele re etsa sebe e le hore Molimo a ’ne a be mosa* haholo ho rona?  Ho hang! Kaha ha re sa laoloa ke sebe,*+ ke hobane’ng ha re ka tsoela pele ho se etsa?+  Kapa na ha le tsebe hore kaofela ha rona ba ileng ba kolobeletsoa ho Kreste Jesu,+ re ile ra kolobeletsoa lefung la hae?+  Ha re ne re kolobeletsoa lefung la hae, re ile ra patoa le eena.+ Feela joalokaha Kreste a ile a tsosoa bafung ka matla* a Ntate le rona re se re phela bophelo bo bocha.+  Etsoe haeba re kopantsoe le eena ka hore re shoe joaloka eena,+ re tla boela re kopanngoe le eena ka hore re tsosoe joaloka eena.+  Rea tseba hore botho ba rona ba khale bo ile ba khokhothelloa palong le eena+ e le hore ’mele ea rona e se ke ea hlola e laoloa ke litakatso tse fosahetseng+ le hore re se ke ra hlola re e-ba makhoba a sebe.+  Etsoe motho ea shoeleng o tšoaretsoe sebe* sa hae.  Ho feta moo, haeba re shoele le Kreste, re lumela hore re tla boela re phele le eena.  Rea tseba hore Kreste ha a sa tla hlola a shoa+ kaha o tsositsoe bafung,+ lefu ha le sa na matla ho eena. 10  O ile a shoa hanngoe ebile e le la ho qetela e le hore a felise sebe.+ Hona joale o phelela ho etsa thato ea Molimo. 11  Ka tsela e tšoanang, le lona le inke le shoele ha ho tluoa tabeng ea ho etsa sebe empa le inke le phelela ho etsa thato ea Molimo le le balateli ba Kreste Jesu.+ 12  Le se ke la lumella sebe hore se le buse. Le se ke la inehella litakatso tsa ’mele ea lona e shoang.+ 13  Le se ke la fana ka ’mele ea lona sebeng e le hore le etse lintho tse mpe* ka eona empa le inehele ho Molimo le le batho ba tsohileng bafung. Hape le fe Molimo ’mele ea lona e le hore le etse lintho tse lokileng* ka eona.+ 14  Le se ke la lumella sebe hore se le laole kaha ha le tlas’a molao+ empa Molimo o bile mosa haholo ho lona.+ 15  Na taba ee e bolela hore re lokela ho etsa sebe hobane Molimo a bile mosa ho rona ebile re se re se tlas’a molao?+ Ha ho joalo. 16  Na ha le tsebe hore ha le mamela motho le iketsa makhoba a hae? Kahoo, haeba le le makhoba a sebe+ le tla shoa.+ Empa haeba le le makhoba a Molimo ’me le mo mamela,+ le tla ba batho ba lokileng. 17  Le hoja pele le ne le le makhoba a sebe, re leboha Molimo hore ebe hona joale le mamela thuto eo le e fumaneng ka lipelo tsohle. 18  Kaha le ile la lokolloa sebeng,+ le ile la ba makhoba a ho loka.+ 19  Ke bua mantsoe ao batho ba ka a utloisisang hobane ha lea phethahala. Le ne le tloaetse ho lumella litakatso tsa lona hore li le etse makhoba a lintho tse sa hloekang le tse mpe. Hona joale le faneng ka ’mele ea lona hore e be makhoba a lintho tse lokileng le tse halalelang.+ 20  Etsoe ha le ne le le makhoba a sebe, le ne le sa hloke ho etsa lintho tse nepahetseng. 21  Ka nako eo, litholoana tsa mesebetsi ea lona e ne e le life? E ne e le lintho tseo hona joale le seng le li soabela. Qetello ea lintho tseo ke lefu.+ 22  Empa kaha le ile la lokolloa sebeng ’me la fetoha makhoba a Molimo, le etse lintho tse halalelang+ ’me le tla fumana bophelo bo sa feleng.+ 23  Etsoe moputso oo sebe se o lefang ke lefu+ empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng+ ka Kreste Jesu Morena oa rona.+

Linaletsana

Ka Segerike: “re ile ra shoa mabapi le sebe.”
Ka Segerike: “khanya.”
Kapa: “lokolotsoe sebeng.”
Ka Segerike: “hore e be lihlomo tsa ho se loke.”
Ka Segerike: “hore e be lihlomo tsa ho loka.”