Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na U ka Bona Molimo ea sa Bonahaleng?

Na U ka Bona Molimo ea sa Bonahaleng?

KE ’NETE hore “Molimo ke Moea” ’me ha ho na motho ea ka mo bonang. (Johanne 4:24) Leha ho le joalo, Bibele e tlaleha hore ho na le batho bao ka tsela e itseng ba kileng ba bona Molimo. (Baheberu 11:27) Seo se etsahetse ka tsela efe? Na ka sebele motho ka bona “Molimo ea sa bonahaleng”?—Bakolose 1:15.

Ak’u bapise boemo ba rōna le ba motho ea hlahileng e le sefofu. Na taba ea hore ke sefofu e mo thibela hore ka ho feletseng a se ke a utloisisa lintho tse etsahalang pel’a hae? E seng ka ho feletseng. Motho ea sa boneng o fumana boitsebiso ka litsela tse fapaneng tse mo thusang hore a lemohe batho, lintho le liketsahalo tse mo potolohileng. Monna e mong oa sefofu o ile a re, “bokhoni ba ho bona ha bo mahlong. Bo kelellong.”

Ka tsela e tšoanang, le hoja u ke ke ua bona Molimo ka mahlo a hao a sebele, u ka mo bona ka “mahlo a pelo ea hao.” (Baefese 1:18) A re hlahlobe litsela tse tharo tseo u ka ’nang ua etsa seo ka tsona.

“LI BONOA KA HO HLAKA HO TLOHA PŌPONG EA LEFATŠE”

Hangata sefofu se na le litho tse phahameng tsa kutlo le tsa ho ama, tseo se li sebelisang ho lemoha lintho tseo se sa li boneng. Ka ho tšoanang, le uena u ka sebelisa litho tsa hao tsa kutlo tsa sebele hore u ithute ka lefatše le u potolohileng le ho lemoha Molimo ea sa bonahaleng ea le bōpileng. “Litšobotsi tsa hae tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng.”—Baroma 1:20.

Ka mohlala, nahana ka sebaka seo u lulang ho sona. Lefatše le entsoe ka tsela e hlollang bakeng sa rōna, eseng hore feela re phele ho lona empa hore re thabele bophelo. Ha re utloa moea o pholileng o foka, re ora letsatsi le mofuthu, re ja tholoana e hlabosang, kapa re utloa mololi o thobang oa nonyana, re thaba haholo. Na limpho tsee ha li bontše hore ’Mōpi oa tsona oa nahanela, o mosa, o bile o seatla se bulehileng?  

U ka ithuta’ng ka Molimo ha u sheba bokahohle bo bonahalang? Har’a tse ling, maholimo a bonahatsa matla a Molimo. Bopaki ba saense bo fumanoeng morao tjena bo bontša hore hase hore feela bokahohle boa kokomoha empa bo boetse bo etsa joalo ka sekhahla se fetisisang! Ak’u lelale u shebe marung bosiu ’me u ipotse: ‘Mohloli oa matla a etsang hore bokahohle bo kokomohe ka sekhahla tjee, ke eng?’ Bibele e re bolella hore ’Mōpi o na le “matla a maholo.” (Esaia 40:26) Pōpo ea Molimo e re bontša hore ke “Ea Matla ’Ohle”—ke eena feela ea ‘phahameng matleng.’–Jobo 37:23.

“KE EENA EA MO HLALOSITSENG”

’Mè e mong ea nang le bana ba babeli bao e leng lifofu o re: “Ho bua ke e ’ngoe ea lintho tse ka sehloohong tse ba thusang ho ithuta lintho. Ba joetse ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo u e bonang le eo u e utloang, [’me] u ikemisetse ho hlalosa lintho tseo u li bonang ha le ntse le tsamaea tseleng. Ke uena mahlo a bona.” Ka ho tšoanang, le hoja “ho [se na] motho ea boneng Molimo ka nako leha e le efe,” Mor’a Molimo, Jesu, “ea sefubeng sa Ntate ke eena ea mo hlalositseng.” (Johanne 1:18) Kaha ke eena eo Molimo a mo bōpileng pele ’me ke Mor’a hae ea tsoetsoeng a le mong, Jesu e ile ea e-ba “mahlo” a rōna a ho nyarela leholimong. Ke mohloli o motle haholo oa boitsebiso bo mabapi le Molimo ea sa bonahaleng.

Ngola lintho tse seng kae tseo Jesu ea qetileng lilemo tse ngata a e-na le Ntate oa hae a ileng a li bolela ka Molimo:

  • Molimo o sebetsa ka thata. “Ntate o ’nile a tsoela pele ho sebetsa ho fihlela joale.”—Johanne 5:17.

  • Molimo o tseba seo re se hlokang. “Ntat’a lōna oa tseba hore na ke lintho life tseo le li hlokang le pele le mo kōpa.”—Matheu 6:8.

  •  Ka lerato Molimo oa re hlokomela. “Ntat’a lōna ea leng maholimong . . . o chabisetsa batho ba khopo le ba molemo letsatsi la hae ’me o nesetsa batho ba lokileng le ba sa lokang pula.”—Matheu 5:45.

  • Molimo o re ananela re le batho ka bo mong. “Na lirobele tse peli ha li rekisoe ka chelete ea tšepe ea bohlokoa bo bonyenyane? Empa leha ho le joalo ha ho le se seng sa tsona se tla oela fatše kantle le hore Ntat’a lōna a tsebe. Empa moriri oa lihlooho tsa lōna o baliloe kaofela. Ka hona le se ke la tšaba: le ba bohlokoa ho feta lirobele tse ngata.”—Matheu 10:29-31.

MOTHO EA ILENG A BONAHATSA MOLIMO EA SA BONAHALENG

Hangata batho ba foufetseng ba tšoara moelelo oa taba ka tsela e fapaneng le ea batho ba bonang. Motho ea foufetseng a ka ’na a nka lefifi e se sebaka se setšo se se nang khanya ea letsatsi, empa e le sebaka se setle se sirelelitsoeng mofuthung oa letsatsi. Joalokaha motho ea foufetseng ka ho feletseng a sa bone lefifi, kapa ea khanya ea letsatsi le rōna re ke ke ra utloisisa Jehova ka bo rōna. Kahoo, Jehova o file motho eo ka tsela e phethahetseng a entsoeng ka setšoantšo sa hae litšobotsi le botho bo tšoanang le ba Hae.

Motho eo e ne e le Jesu. (Bafilipi 2:7) Jesu ha a ka a bua ka Ntate oa hae feela empa o ile a boela a re bontša hore na Molimo o joang. Molateli oa Jesu, Filipi o ile a botsa a re: “Morena, re bontše Ntate.” Ha Jesu a araba o ile a re: “Ea mponeng o bone le Ntate.” (Johanne 14:8, 9) U ka bona’ng e mabapi le Ntate ha u bona lintho tseo Jesu a li entseng?

Jesu o ne a le bonolo, a ikokobelitse a bile a atameleha. (Matheu 11:28-30) Botho ba hae bo khathollang bo ne bo etsa hore batho ba nolofalloe ho mo atamela. Jesu o ne a utloela ba bang bohloko ’me o ne a thaba le bona. (Luka 10:17, 21; Johanne 11:32-35) Ha u ntse u bala ka Jesu ka Bibeleng u utloa ka eena, kenyelletsa litho tsa hao tsa kutlo ’me u etse hore liketsahalo tseo e be tsa sebele ka kelellong ea hao. Haeba u thuisa ka tsela eo Jesu a neng a sebelisana le batho ka eona, u tla khona ho bona ka ho hlaka botho ba Molimo bo babatsehang ’me u tla atamela haufi le Eena.

HO KOPANYA BOITSEBISO

Ha sengoli se seng se bua ka tsela eo motho ea foufetseng a bonang lefatše ka eona se re: “Motho eo o fumana boitsebiso bo le likotoana-kotoana, ho tsoa ho mehloli e fapaneng (ea ho tšoara, ea ho nkha, ea ho utloa le e meng), ebe ka tsela e itseng o tlameha ho kopanya boitsebiso boo hore ebe ntho e le ’ngoe.” Ka ho tšoanang, ha u sheba mesebetsi ea Molimo ea pōpo, u bala lintho tseo Jesu a li buileng ka Ntate oa hae le ha u hlahloba tsela eo Jesu a bonahalitseng litšobotsi tsa Molimo ka eona, u tla khona ho etsa setšoantšo se setle sa Jehova. E tla ba motho oa sebele ho uena.

Jobo, ea phetseng khale o ile a ba le phihlelo e tšoanang le eo hantle. Qalong o ile a bua lintho tseo ‘a sa li utloisiseng.’ (Jobo 42:3) Empa ka mor’a hore Jobo a hlahlobe mesebetsi e hlollang ea Molimo ea pōpo, o ile a susumetseha hore a re: “Ke utloile ka uena ka monyenyetsi, empa joale leihlo la ka lea u bona.”—Jobo 42:5.

“Haeba u batla [Jehova], o tla etsa hore u mo fumane”

Ho ka etsahala se tšoanang le ho rōna. “Haeba u batla [Jehova], o tla etsa hore u mo fumane.” (1 Likronike 28:9) Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa hore u batle Molimo ea sa bonahaleng u be u mo fumane.