Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SEHLOOHO SE KA NTLE | KE HOBANE’NG HA BATHO BA LOKILENG BA ETSAHALLOA KE LINTHO TSE BOHLOKO?

Lintho Tse Mpe ke Kobo-anela!

Lintho Tse Mpe ke Kobo-anela!

Smita, * e leng mosali ea lilemo li 35 ea lulang motseng oa Dhaka, Bangladesh, o ne a tsejoa e le motho ea lerato le ea tsotellang batho. Batho ba ne ba mo tseba e le mosali ea sebetsang ka thata le ea thabileng ea neng a batla ho thusa batho ba bang hore ba tsebe seo a neng a ithutile sona ka Molimo. Ba lelapa labo Smita le metsoalle ba ile ba makala hakaakang ha ka tšohanyetso a tšoaroa ke lefu le ileng la etsa hore a hlokahale pele beke e fela!

James le mosali oa hae, e leng banyalani ba lilemo li ka holimo ho 30, le bona ba ne ba tšoana le Smita. Ka letsatsi le leng ba ile ba etela metsoalle ea bona e lulang motseng o Lebōpong le ka Bophirimela ho United States. Ha ba aa ka ba hlola ba khutlela lapeng la bona New York. Ha ba le tseleng, ba ile ba hlokahalla kotsing e mpe ea koloi ’me ba siea ba lelapa la bona le basebetsi-’moho ba saretsoe.

Ha ho potang hore kaofela ha rōna rea bona hore bokhopo le mahlomola ke kobo-anela kajeno. Lintoa li bolaea masole le batho feela. Botlokotsebe le lintoa li hlokofatsa batho ba se nang molato. Batho ba hlaheloa ke likotsi tse mpe ba bile ba tšoaroa ke mafu a holofatsang ho sa tsotellehe lilemo tsa bona kapa maemo a bona bophelong. Likoluoa tsa tlhaho li bolaea batho bohle. Khethollo le leeme li jele setsi. Mohlomong u kile ua angoa ke e ’ngoe ea lintho tsena.

Ke habohlokoa hore re ipotse lipotso tsena:

  • Ke hobane’ng ha batho ba lokileng ba hlaheloa ke lintho tse bohloko?

  • Na ke Molimo ea bakang lintho tse joalo?

  • Na litlokotsi li etsahala feela tjee kapa li bakoa ke batho?

  • Na re utloisoa bohloko ke lintho tseo re li entseng nakong e fetileng?

  • Haeba ho na le Molimo ea matla ’ohle, ke hobane’ng ha a sa etse hore batho ba lokileng ba se ke ba hlaheloa ke lintho tse bohloko?

  • Na lintho tse bohloko le mahlomola li tla ke li fele?

E le hore re arabe lipotso tseo, re lokela ho utloisisa likarabo tsa lipotso tsena tse peli: Ha e le hantle ke hobane’ng ha lintho tse bohloko li etsahala, hona ke sefe seo Molimo a tla se etsa?

^ ser. 3 Mabitso a fetotsoe.