Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Re ka Bontša Joang Hore re Rata Jehova?

Re ka Bontša Joang Hore re Rata Jehova?

“Rea rata, hobane o ile a re rata pele.”—1 JOHANNE 4:19.

LIPINA: 56, 138

1, 2. Jehova o entse’ng ho re ruta hore re mo rate?

TSELA e molemo ka ho fetisisa eo ntate a ka rutang bana ba hae ka eona ke ka ho ba behela mohlala. Tsela eo a bontšang bana ba hae lerato ka eona e ba ruta hore le bona ba be le lerato. Ha ho motho ea kileng a re rata joaloka Ntate oa rōna, Jehova. Kahoo, re ithuta ho rata “hobane o ile a re rata pele.”—1 Johanne 4:19.

2 Jehova o bontšitse ka litsela life hore “o ile a re rata pele”? Bibele e re: “Ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:8) Ntate oa rōna ea lerato, Jehova, o fane ka Mora oa hae e le thekollo ho re lopolla sebeng le lefung. Mpho ena e babatsehang e re nolofalletsa ho atamela haufi le Jehova le ho bontša hore rea mo rata. Jehova o re behetse mohlala o motle ka ho fana ka sehlabelo sena sa bohlokoa. O re ruta hore re lokela ho bontša lerato ka ho ba ba se nang boithati le ba fanang ka seatla se bulehileng.—1 Johanne 4:10.

3, 4. Re ka bontša joang hore re rata Molimo?

3 Lerato ke tšobotsi ea Jehova e ka sehloohong. Ke kahoo re khonang ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a re taelo ea bohlokoa ka ho fetisisa ke e reng: “U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30) Jehova o batla hore re mo rate ka ‘lipelo tsa rōna tsohle.’ Jehova o utloa bohloko haeba re rata motho e mong kapa ntho e ’ngoe ho mo feta. Empa ha rea lokela ho bua feela hore rea mo rata. Jehova o boetse o lebeletse hore re mo rate ka ‘likelello tsa rōna tsohle’ le ka ‘matla a rōna ’ohle.’ Sena se bolela hore lerato leo re ratang Jehova ka lona le akarelletsa tsela eo re nahanang ka eona le lintho tseo re li etsang.—Bala Mikea 6:8.

4 Kahoo, re lokela ho rata Jehova ka pelo eohle le ka sohle seo re nang le sona. Re bontša hore re mo rata e le kannete ha re mo etelletsa pele bophelong ba rōna. Sehloohong se fetileng, re tšohlile litsela tse ’nè tseo Jehova a bontšang ka tsona hore o rata bana ba hae haholo. Joale, a re boneng hore na re ka etsa’ng ho matlafatsa lerato la rōna ho Jehova le ho bontša hore rea mo rata.

BONTŠA JEHOVA KANANELO

5. Ke’ng seo re batlang ho se etsa ha re nahana ka sohle seo Jehova a re etselitseng sona?

5 Hangata ha motho a u fa mpho, u bontša kananelo. ’Me kaha u e nka e le ea bohlokoa, u ua e sebelisa. Jakobo o re: “Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo, ’me ho eena ha ho phetoho ea ho reteleha ha moriti.” (Jakobo 1:17) Re boetse re ananela hore ebe Jehova o re fa sohle seo re se hlokang e le hore re phele ’me re thabe. Rea hlokomela hore o oa re rata ’me le rōna re batla ho mo bontša hore rea mo rata. Na ke kamoo u ikutloang kateng?

6. Baiseraele ba ne ba lokela ho etsa’ng haeba ba batla hore Jehova a tsoele pele ho ba hlohonolofatsa?

6 Jehova o ile a fa Baiseraele lintho tse ngata tse molemo. O ile a ba tataisa ka lilemo tse makholo ka melao ea hae ’me a ba fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba neng ba e hloka hore ba phele. (Deuteronoma 4:7, 8) Baiseraele ba ne ba ka bontša Jehova kananelo ka hore ba mamele melao eo. Ka mohlala, ha ba etsetsa Jehova mahlabelo, ba ne ba lokela ho mo fa “litholoana tse ntlehali tsa pele tse butsoitseng” tse tsoang masimong. (Exoda 23:19) Baiseraele ba ne ba tseba hore Jehova o tla tsoela pele ho ba hlohonolofatsa haeba ba mo mamela ’me ba mo fa se molemohali.—Bala Deuteronoma 8:7-11.

7. Re ka sebelisa ‘lintho tsa rōna tsa bohlokoa’ joang ho bontša Jehova hore rea mo rata?

7 Le rōna re ka bontša Jehova hore rea mo rata ka hore re mo fe ‘lintho tsa rōna tsa bohlokoa.’ (Liproverbia 3:9) Re ka etsa sena ka ho mo hlompha ka lintho tseo re nang le tsona. Ka mohlala, re ka ntša monehelo ho tšehetsa mosebetsi oa ’Muso o etsoang liphuthehong tsa habo rōna le lefatšeng ka bophara. Ebang re na le bokhoni kapa che, kaofela ha rōna re ka sebelisa lintho tseo re nang le tsona ho bontša hore re rata Jehova. (2 Bakorinthe 8:12) Empa ho na le litsela tse ling tseo re ka bontšang Jehova ka tsona hore rea mo rata.

Ha re tšepa Jehova haholoanyane, re tla mo rata le ho feta

8, 9. Tsela e ’ngoe eo re ka bontšang Jehova ka eona hore rea mo rata ke efe? Mike le ba lelapa la hae ba ile ba etsa’ng?

8 Jesu o re rutile hore re ’ne re batle ’Muso pele ’me re se ke ra tšoenyeha ka lijo le liaparo. Ntate oa rōna o re tšepisa ho re fa seo re se hlokang. (Matheu 6:31-33) Re tšepa Jehova ’me rea tseba hore o tla phethahatsa tšepiso eo. Etsoe ha u rata motho e le kannete, u ua mo tšepa. Ha e le hantle, ha re tšepa Jehova haholoanyane, re tla mo rata le ho feta. (Pesaleme ea 143:8) Kahoo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na lintho tseo ke rerang ho li etsa le tsela eo ke sebelisang nako le matla a ka ka eona e bontša hore ke hlile ke rata Jehova? Na ke itšetleha ka Jehova letsatsi le letsatsi hore a nthuse ka seo ke se hlokang?’

9 Mike le ba lelapa la hae ba ile ba tšepa Jehova. Ho tloha ha Mike a sa le monyenyane, o ne a labalabela ho paka naheng e ’ngoe. Le ha a se a nyetse ’me a e-na le bana ba babeli, o ne a ntse a e-na le takatso eo. Ha Mike le ba lelapa la hae ba bala ka liphihlelo tsa bara le barali babo rōna ba sebeletsang moo ho nang le tlhokahalo teng, ba ile ba etsa qeto ea ho bebofatsa tsela eo ba phelang ka eona. Ba ile ba rekisa ntlo ea bona ’me ba fallela ho e nyenyane. Mike o ile a boela a fokotsa palo ea batho bao a ba hloekisetsang ’me a batla mokhoa oa ho tsamaisa khoebo ka Inthanete a le naheng e ’ngoe. Kahoo, Mike le ba lelapa la hae ba ile ba khona ho fallela naheng e ’ngoe, ’me ba thabela ho sebeletsa moo haholo. Mike o re: “Re bone bonnete ba mantsoe a Jesu a tlalehiloeng ho Matheu 6:33.”

THUISA KA SEO JEHOVA A U RUTANG SONA

10. Ho tšoana le Morena Davida, ke hobane’ng ha ho le molemo hore re thuise ka seo re ithutang sona ka Jehova?

10 Morena Davida o ile a ngola a re: “Maholimo a bolela khanya ea Molimo; sepakapaka se bolela mosebetsi oa matsoho a hae.” A phaella ka ho re: “Molao oa Jehova o phethahetse, o hlasimolla moea. Khopotso ea Jehova ea tšepahala, e hlalefisa ea se nang phihlelo.” Ha Davida a ntse a thuisa ka melao ea Jehova e bohlale le ka pōpo ea hae e babatsehang, seo se ile sa etsa hore a atamele haufi le Jehova ’me a batle ho bontša hore o oa mo rata. Davida o ile a re: “Lipolelo tsa molomo oa ka le ho thuisa ha pelo ea ka e ke e be tse khahlisang ka pel’a hao, Jehova Lefika la ka le Molopolli oa ka.”—Pesaleme ea 19:1, 7, 14.

11. Re ka etsa’ng ka tsebo eo Jehova a re fileng eona ho bontša hore rea mo rata? (Sheba setšoantšo se qalong.)

11 Kajeno, Jehova o re ruta lintho tse ngata ka eena, ka morero oa hae, ka pōpo ea hae le ka Lentsoe la hae. Lefatše le khothalletsa batho hore ba ithute, empa maemong a mangata thuto e phahameng e etsa hore ba khaotse ho rata Molimo. Ka lehlakoreng le leng, Jehova ha a batle hore re be le tsebo feela, empa o boetse o re thusa hore re be bohlale. O batla hore re sebelise seo re ithutang sona molemong oa rōna le hore re thuse ba bang. (Liproverbia 4:5-7) Ka mohlala, o batla hore re abele ba bang ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete’ ’me re ba thuse hore ba bolokehe. (1 Timothea 2:4) Re bontša hore re rata Jehova le batho ba bang ka hore re bolelle ba bangata kamoo re ka khonang ka ’Muso oa Molimo le seo o tla se etsetsa batho.—Bala Pesaleme ea 66:16, 17.

12. Morali’abo rōna e mong o ile a re’ng ka mpho e tsoang ho Jehova?

12 Bacha le bona ba ka thuisa ka lintho tsohle tseo Jehova a ba fileng le ho ba ruta tsona. Shannon o sa hopola kamoo a ileng a ikutloa kateng ha a le lilemo li 11 ’me a ile kopanong le ngoan’abo ea lilemo li 10. Ha lenaneo le ntse le tsoela pele Kopanong ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo,” bacha bohle ho akarelletsa Shannon le ngoan’abo, ba ile ba kōpuoa hore ba lule litulong tse khethehileng. Qalong o ne a tšohile. Empa o ile a hlolloa ha mocha e mong le e mong a fuoa buka ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang. Mpho ee e ntle e ile ea etsa hore a ikutloe joang ka Jehova? O re: “Ke ile ka qala ho elelloa hore Jehova ke motho oa sebele le hore ehlile o oa nthata. Ruri rea thaba hore ebe Molimo oa rōna e moholo, Jehova, o re fa limpho tse ntle joalo, tse babatsehang!”

AMOHELA TAEO E TSOANG HO JEHOVA

13, 14. Re lokela ho itšoara joang ha Jehova a re khalemela, hona hobane’ng?

13 Bibele e re: “Jehova o khalemela eo a mo ratang, feela joalokaha ntate a khalemela mora ea mo khahlisang.” (Liproverbia 3:12) Ha re amohela taeo e tsoang ho Jehova re bile re mo lumella hore a re koetlise, re ithuta ho etsa se nepahetseng ’me re ba le khotso. Ke ’nete hore “ha ho taeo eo hona joale e bonahalang e thabisa, empa e baka mesarelo.” (Baheberu 12:11) Leha ho le joalo, re lokela ho itšoara joang ha Jehova a re khalemela? Ha rea lokela ho hlokomoloha keletso eo Jehova a re fang eona kapa hona ho hlonama haeba re sa rate seo re se bolelloang. Re rata Jehova, kahoo rea mo mamela ’me re etsa liphetoho ha ho hlokahala.

Ha re etsa liphetoho e le hore re khahlise Jehova, re bontša hore re mo rata e le kannete

14 Mehleng ea Malakia, Bajuda ba bangata ba ne ba sa mamele Jehova. Ba se na taba hore ebe ba mo etsetsa mahlabelo a sa mo khahliseng. Kahoo, Jehova o ile a ba fa khalemelo ena e matla. (Bala Malakia 1:12, 13.) Ha e le hantle, Jehova o ile a ba khalemela ka makhetlo a mangata, empa ba hana ho mamela. O ile a re ho bona: “Ke tla romela thohako holim’a lōna, ’me ke tla rohaka litlhohonolofatso tsa lōna.” (Malakia 2:1, 2) Ho hlakile hore haeba re tsoela pele ho se mamele ha Jehova a re khalemela kapa re nka hore khalemelo ea hae hase ea bohlokoa, re tla senya kamano ea rōna le eena.

Nahana hore na Jehova o batla’ng, eseng hore na lefatše le rata’ng (Sheba serapa sa 15)

15. Re lokela ho qoba boikutlo bofe?

15 Lefatše la Satane le khothalletsa batho hore ba ikhohomose ’me e be baithati. Ba bangata ha ba rate ho khalemeloa kapa ho bolelloa hore na ba etse’ng. Ba bang ba mamela keletso hobane feela ba tlamehile. Empa ha rea lokela ho ba ka tsela eo. Bibele e re re “khaotse ho ba ka sebōpeho sa tsamaiso ena ea lintho.” Ho e-na le hoo, re lokela ho utloisisa seo Jehova a se lebeletseng ho rōna ’me re etse se mo khahlisang. (Baroma 12:2) O sebelisa mokhatlo oa hae ho re fa keletso ka nako e loketseng. Ka mohlala, re hopotsoa seo re lokelang ho se etsa ha re e-na le batho ba bong bo fapaneng, ha re khetha metsoalle le ha re khetha boikhathollo. Ha re amohela taeo e tsoang ho Jehova ’me re etsa liphetoho e le hore re mo khahlise, re bontša hore re ananela tsela eo a re tataisang ka eona le hore re mo rata e le kannete.—Johanne 14:31; Baroma 6:17.

TŠEPA JEHOVA HORE A U THUSE LE HO U SIRELETSA

16, 17. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho fumana maikutlo a Jehova pele re etsa liqeto? (b) Baiseraele ba ile ba etsa’ng ho e-na le hore ba tšepe Jehova?

16 Bana ba tšepile batsoali ba bona hore ba ba thuse le ho ba sireletsa. Esita le ha ba se ba hōlile ba ka ’na ba kōpa thuso ho batsoali. Baa hlokomela hore le hoja ba se ba ka iketsetsa liqeto, batsoali ba bona ba ka ba fa keletso e bohlale. Ntate oa rōna, Jehova, o re lumella hore re iketsetse liqeto. Empa kaha rea mo tšepa ebile rea mo rata, kamehla re kōpa thuso ea hae ’me re leka kahohle ho tseba maikutlo a hae tabeng e itseng pele re etsa qeto. Haeba re tšepile Jehova, o tla re fa moea oa hae o halalelang hore o re thuse ho etsa se nepahetseng.—Bafilipi 2:13.

17 Mehleng ea Samuele, Baiseraele ba ile ba hlōloa ke Bafilista ntoeng. Ho e-na le hore ba botse Jehova hore na ba etse’ng, ba ile ba re: “A re inkeleng areka ea selekane sa Jehova e Shilo, e le hore e ka tla har’a rōna ’me ea re pholosa liatleng tsa lira tsa rōna.” Phello ea qeto eo e ile ea e-ba efe? ‘Polao e ile ea e-ba khōlō haholo, hoo ho Baiseraele ho ileng ha oa banna ba likete tse mashome a mararo ba tsamaeang ka maoto. ’Me Areka ea Molimo ea haptjoa.’ (1 Samuele 4:2-4, 10, 11) Baiseraele ba ne ba nahana hore ha ba nkile Areka, seo se tla etsa hore Jehova a ba thuse le ho ba sireletsa. Empa ba ne ba sa kōpa Jehova hore a ba thuse kapa hona ho leka ho fumana hore na o ikutloa joang. Ho e-na le hoo, ba ile ba etsa seo ba nahanang hore se nepahetse, ’me ba khola litholoana tse babang.—Bala Liproverbia 14:12.

18. Bibele e re’ng ka ho tšepa Jehova?

18 Mopesaleme ea neng a rata Jehova ka ho tebileng a bile a mo tšepa, o ile a ngola a re: “Letela Molimo, etsoe ke sa ntse ke tla mo roka joaloka poloko ea ka e khōlō. Molimo oa ka, moea oa ka o feletsoe ke tšepo ka hare ho ’na. Ke ka lebaka leo ke u hopolang.” (Pesaleme ea 42:5, 6) Na ke kamoo u ikutloang kateng ka Jehova? Na u ikutloa u le haufi le eena ebile u ua mo tšepa? Mohlomong u ka ithuta ho mo tšepa haholoanyane. Bibele e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao. U mo ele hloko litseleng tsohle tsa hao, ’me o tla otlolla litsela tsa hao.”—Liproverbia 3:5, 6.

19. U tla etsa’ng ho bontša Jehova hore u ua mo rata?

19 Jehova o re bontšitse hore na re ka mo rata joang ka hore a re rate pele. A re luleng re nahana ka seo a re etselitseng sona le kamoo a re ratang kateng. ’Me e se eka re ka bontša hore re mo rata ka pelo, moea, kelello le matla ’ohle a rōna.—Mareka 12:30.