Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lilemo Tse 100 Tsa Puso ea ’Muso—Li U Ama Joang?

Lilemo Tse 100 Tsa Puso ea ’Muso—Li U Ama Joang?

“Jehova Molimo, . . . mesebetsi ea hao e meholo ’me ea hlolla. Morena oa bosafeleng.”—TŠEN. 15:3.

1, 2. ’Muso oa Molimo o tla etsa’ng, hona ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore o tla tla?

NAKONG ea selemo ka 31 C.E., Jesu Kreste o ne a le thabeng e pel’a Kapernauma, ’me a ruta balateli ba hae hore ba rapele ba re: “’Muso oa hao o ke o tle.” (Mat. 6:10) Kajeno batho ba bangata baa ipotsa hore na ’Muso oo o sa tla ke o tle. Empa re kholisehile hore thapelo ea rōna e tiileng ea hore ’Muso oa Molimo o tle e tla arabeloa.

2 Jehova o tla sebelisa ’Muso oo ho momahanya lelapa la hae le leholimong le le lefatšeng. Morero oa hae o tla phethahala. (Esa. 55:10, 11) Ha e le hantle, Jehova e se e ntse e le Morena mehleng ena ea rōna! Lintho tse hlollang tse etsahetseng lilemong tse 100 tse fetileng li paka sena. Molimo o etsetsa bafo ba hae ba limilione ba tšepahalang mesebetsi e meholo le e hlollang. (Zak. 14:9; Tšen. 15:3) Leha ho le joalo, hore Jehova ke Morena ha ho bolele ntho e le ’ngoe le ho tla ha ’Muso oa Molimo, oo Jesu a re rutileng hore re o rapelle. Lintho tsee tse peli li fapana joang, hona li re ama joang?

MORENA EO JEHOVA A MO BEHILENG TERONENG O NKA KHATO

3. (a) Jesu o ile a behoa teroneng neng e le Morena, hona hokae? (b) Ke bopaki bofe bo bontšang hore ’Muso o hlomiloe ka 1914? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

3 Lilemong tsa bo-1900, leseli le ile la qala ho khanya ka boprofeta  boo Daniele a bo tlalehileng lilemong tse 2 500 tse fetileng, bo reng: “Matsatsing a marena ao Molimo oa leholimo o tla emisa ’muso o ke keng oa senngoa le ka mohla.” (Dan. 2:44) Liithuti Tsa Bibele li qetile mashome a lilemo li ruta hore selemo sa 1914 e ne e tla ba sa bohlokoa. Batho ba bangata ka nako eo ba ne ba tšepa hore lintho li tla tsamaea hantle. Mongoli e mong o itse: “Ka 1914, batho ba ne ba tletse tšepo.” Leha ho le joalo, boprofeta ba Bibele bo ile ba phethahala ha ho qhoma Ntoa ea I ea Lefatše hamorao hona selemong seo. Litlala, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa le boprofeta bo bong ba Bibele bo ileng ba phethahala, bo bontša ka ho hlaka hore Jesu Kreste o ile a qala ho busa leholimong e le Morena oa ’Muso oa Molimo ka 1914. * Ka ho beha Mora oa hae teroneng e le Morena oa Bomesia, ka sebele Jehova e ile ea e-ba Morena ka kutloisiso e ncha!

4. Morena ea sa tsoa behoa teroneng o ile a etsa’ng hang-hang, hona ka mor’a moo o ile a lebisa tlhokomelo ea hae hokae?

4 Ntho ea pele eo Morena eo Molimo a sa tsoa mo beha teroneng a neng a lokela ho e etsa ke ho loantša Satane, e leng Sera se seholo sa Ntate oa hae. Jesu le mangeloi a hae ba ile ba leleka Diabolose le bademona ba hae leholimong. Seo se ile sa baka thabo e khōlō leholimong empa sa tlisa tlokotsi e e-s’o ka e bonoa lefatšeng. (Bala Tšenolo 12:7-9, 12.) Ka mor’a moo, Morena o ile a lebisa tlhokomelo ho bafo ba hae ba lefatšeng e le hore a ba hloekise, a ba rute le ho ba hlophisetsa ho etsa thato ea Molimo. A re hlahlobeng kamoo ba re behetseng mohlala o motle kateng ka tsela eo ba ileng ba arabela ka eona lintlheng tsena tse tharo tsa puso ea ’Muso.

MORENA OA BOMESIA O HLOEKISA BAFO BA HAE BA TŠEPAHALANG

5. Ho bile le tlhoekiso efe pakeng tsa 1914 le mathoasong a 1919?

5 Ka mor’a hore Morena ea behiloeng teroneng a tlose tšusumetso e mpe ea Satane le bademona leholimong, Jehova o ile a laela Jesu hore a hlahlobe le ho hloekisa boemo ba moea ba balateli ba hae ba lefatšeng. Moprofeta Malakia o ile a hlalosa sena e le tlhoekiso ea moea. (Mal. 3:1-3) Histori e bontša hore sena se etsahetse pakeng tsa 1914 le mathoasong a 1919. * E le hore re be karolo ea lelapa la Jehova la bokahohleng, re lokela ho hloeka, kapa ho halalela. (1 Pet. 1:15, 16) Re lokela ho ikarola ka ho feletseng litšileng tsa bolumeli ba bohata kapa lipolotiking tsa lefatše lena.

6. Lijo tsa moea li fanoa joang, hona ke hobane’ng ha e le tsa bohlokoa?

6 Ka mor’a moo, Jesu o ile a sebelisa matla a hae a borena ho khetha “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Lekhoba lena le ne le tla lula le fa “mohlape” oohle o tlhokomelong ea Jesu lijo tsa moea tse matlafatsang. (Mat. 24:45-47; Joh. 10:16) Ho tloha ka 1919, barab’abo rōna ba seng bakae ba tlotsitsoeng ba ’nile ba jara ka botšepehi boikarabelo bona bo boholo ba ho fepa ‘bahlanka ba ntlo.’ Matletsetletse a lijo tsa moea ao ba re fang ’ona aa re matlafatsa e le hore re hōle tumelong. Lijo tsena tsa moea li matlafatsa boikemisetso ba rōna ba ho lula re hloekile moeeng, boitšoarong, kelellong le ’meleng. Li boetse lia re ruta le ho re hlomella ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa bohlokoahali o etsoang lefatšeng kajeno. Na u sebelisa litokisetso tsee ka botlalo?

MORENA O RUTA BAFO BA HAE HO BOLELA LEFATŠENG LOHLE

7. Ke mosebetsi ofe oa bohlokoa oo Jesu a ileng a o qala ha a le lefatšeng, hona o ne a tla o etsa ho fihlela neng?

7 Ha Jesu a qala tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a re: “Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo le metseng e meng, hobane ke rometsoe sena.” (Luka 4:43) Jesu o ile a qeta lilemo tse tharo le likhoeli tse tšeletseng, ntho e ka sehloohong  bophelong ba hae e le ho etsa mosebetsi ona. O ile a laela barutuoa ba hae, a re: “Ha le ntse le e-ea, le bolele, le re, ‘’Muso oa maholimo o atametse.’” (Mat. 10:7) Ka mor’a hore a tsosoe bafung, Jesu o ile a bolela esale pele hore balateli ba hae ba ne ba tla phatlalatsa molaetsa ona “ho isa karolong e hōle-hōle ea lefatše.” (Lik. 1:8) O ile a ba tšepisa hore o tla etsa mosebetsi ona oa bohlokoa ho tla fihlela mehleng ena ea rōna.—Mat. 28:19, 20.

8. Morena o ile a etsa’ng ho susumelletsa bafo ba hae ba lefatšeng hore ba nke khato?

8 Ka 1919, “litaba tsena tse molemo tsa ’muso” li ne li se li boleloa ka matla. (Mat. 24:14) Morena o ne a busa a le leholimong, ’me a bokeletse bafo ba seng bakae ba hloekisitsoeng lefatšeng. Ba ile ba arabela ka cheseho taelong e susumetsang ea Jesu e reng: Bolelang lefatšeng lohle litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo o hlomiloeng! (Lik. 10:42) Ka mohlala, batho ba ka bang 20 000 ba tšehetsang ’Muso ba ile ba khobokana kopanong ea machaba Cedar Point, Ohio, U.S.A., ka September 1922. Ak’u inahanele feela hore na ba ile ba thaba hakaakang ha Mor’abo rōna Rutherford a fana ka puo e nang le sehlooho se reng “’Muso,” ’me a phatlalatsa: “Bonang, Morena oa busa! Le babuelli ba hae ba phatlalatsa. Ka lebaka leo, phatlalatsang, phatlalatsang, phatlalatsang, Morena le ’muso oa hae.” Batho ba likete tse peli ba tlileng kopanong eo ba ile ba amohela memo eo ka hore ba kopanele ‘Letsatsing le khethehileng la Tšebeletso,’ ba koahela tšimo sebakeng sa lik’hilomithara tse ka bang 72 ho tloha moo kopano e neng e tšoaretsoe teng. Motho e mong ea ileng a susumetsoa ke puo eo, o ile a re: “Ha ke sa tla lebala memo eo ea hore re phatlalatse ’Muso le kamoo bongata bo khobokaneng bo ileng ba bontša cheseho kateng!” E ne e se eena feela ea ikutloang ka tsela eo.

9, 10. (a) Ke litokisetso life tse entsoeng ho koetlisa baboleli ba ’Muso? (b) U ruile molemo ofe koetlisong eo?

9 Ka 1922, baboleli ba ’Muso ba fetang 17 000 ba ne ba bolela linaheng tse 58 lefatšeng lohle. Empa ba ne ba lokela ho koetlisoa. Lekholong la pele la lilemo, Morena ea Khethiloeng o ne a file barutuoa litaelo tse hlakileng tsa seo ba lokelang ho se bolela, moo ba neng ba lokela ho ea bolela teng le hore na ba bolele joang. (Mat. 10:5-7; Luka 9:1-6; 10:1-11) Le kajeno, Jesu o ntse a netefatsa hore baboleli bohle ba ’Muso baa koetlisoa le hore ba na le lithulusi tseo ba li hlokang e le hore ba bolele ka katleho. (2 Tim. 3:17) Jesu o sebelisa phutheho ea Bokreste ho koetlisetsa bafo ba hae tšebeletso. Tsela e ’ngoe eo a etsang seo ka eona ke ka Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, se tšoaroang liphuthehong tse fetang 111 000. Ka ho kopanela thupelong ena, bahoeletsi ba fetang limilione tse supileng ba malala-a-laotsoe ho bolela le ho ruta ka tsela e khahlang  “batho ba mefuta eohle.”—Bala 1 Bakorinthe 9:20-23.

10 Ntle ho Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo, ho thehiloe likolo tse ling tsa Bibele ho koetlisa baholo ba phutheho, bo-pula-maliboho, barab’abo rōna ba masoha, banyalani ba Bakreste, litho tsa Komiti ea Lekala le basali ba bona, balebeli ba tsamaeang le basali ba bona hammoho le baromuoa. * Liithuti tse ling tsa Sekolo sa Bibele sa Banyalani ba Bakreste li ile tsa re ha li hlalosa kamoo li ananelang sekolo seo kateng: “Koetliso e khethehileng eo re e filoeng moo e matlafalitse lerato la rōna ho Jehova le ho re hlomella ho thusa ba bang.”

11. Ke’ng e thusitseng baboleli ba ’Muso hore ba mamelle ho sa tsotellehe khanyetso?

11 Sera Satane o lemoha boiteko bona bo matla ba ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso le ho ruta batho. O hlasela ka litsela tse tobileng le tse poteletseng e le hore a leke ho thibela ho boleloa ha molaetsa oa ’Muso le ho sitisa baboleli ba oona. Empa boiteko boo ba sera ha bo atlehe. Jehova o behile Mora oa hae “ka holimo haholo ho ’muso le bolaoli le matla le borena bo bong le bo bong.” (Baef. 1:20-22) Kaha Jesu ke Morena, o sebelisa matla a hae ho sireletsa le ho tataisa barutuoa ba hae ho netefatsa hore thato ea Ntate oa hae e ea phethoa. * Litaba tse molemo li ntse li boleloa, ’me batho ba limilione ba lipelo li ntle ba rutoa litsela tsa Jehova. Ruri ke tlotla hore ebe re kopanela mosebetsing ona o moholohali!

MORENA O HLOPHISETSA BAFO BA HAE MOSEBETSI O EKETSEHILENG

12. Hlalosa tse ling tsa lintho tse ileng tsa ntlafatsoa ho tloha ha ’Muso o hlongoa.

12 Ho tloha ha ’Muso o hlongoa ka 1914, Morena o ntlafalitse tsela eo bahlanka ba Molimo ba hlophisitsoeng ka eona ho etsa thato ea Ntate oa hae. (Bala Esaia 60:17.) Ka 1919, ho ile ha khethoa motsamaisi oa tšebeletso phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe hore a etelle pele mosebetsi oa boboleli. Ka 1927, ho ile ha hlophisoa hore ka Lisontaha ho etsoe mosebetsi oa ntlo le ntlo. Batšehetsi ba ’Muso ba ile ba susumelletseha ho sebetsa ka matla le ho feta ka 1931, ha ba amohela lebitso le thehiloeng Mangolong la Lipaki Tsa Jehova. (Esa. 43:10-12) Ka 1938, ho e-na le hore banna ba jarang boikarabelo ka liphuthehong ba khethoe ho latela maikutlo a bongata, ba ile ba khethoa ka tsela ea puso ea Molimo. Ka 1972, sehlopha sa baholo se ile sa abeloa boikarabelo ba ho hlokomela phutheho ho e-na le hore bo jaroe ke molebeli oa phutheho feela. Banna bohle ba tšoanelehang ba ile ba khothalletsoa  hore ba hahamalle ‘ho lisa mohlape oa Molimo o tlhokomelong ea bona.’ (1 Pet. 5:2) Ka 1976, Sehlopha se Busang se ile sa hlophisoa ka likomiti tse tšeletseng ho tsamaisa mosebetsi oa ’Muso lefatšeng ka bophara. Ka ho loketseng, Morena eo Jehova a mo khethileng o tsoela pele ho hlophisa bafo ba ’Muso ka tsela ea puso ea Molimo.

13. Lintho tse finyeletsoeng lilemong tse 100 tsa puso ea ’Muso li u amme joang?

13 Ak’u nahane ka seo Morena oa Bomesia a se finyeletseng ka lilemo tse 100 tse qalang tsa puso ea hae. O hloekisitse batho bakeng sa lebitso la Jehova. O tsamaisitse boboleli ba litaba tse molemo tsa ’Muso linaheng tse 239 le ho ruta batho ba limilione litsela tsa Jehova. O momahantse bafo ba tšepahalang ba fetang limilione tse supileng, ’me e mong le e mong oa bona o itlhahisa ka ho rata ho etsa thato ea Ntate oa hae. (Pes. 110:3) Ruri mesebetsi eo Jehova a e etsang ka ’Muso oa Bomesia e meholo ebile e ea babatseha! Ka pele ho larile liketsahalo tse thabisang le ho feta.

LITLHOHONOLOFATSO TSE TLA TLISOA KE ’MUSO OA BOMESIA

14. (a) Ha e le hantle, ke’ng eo re e kōpang ho Molimo ha re rapela re re: “’Muso oa hao o ke o tle”? (b) Temana ea rōna ea selemo ea 2014 e re’ng, hona ke hobane’ng ha e loketse?

14 Le hoja Jehova a ile a beha Mora oa hae, e leng Jesu Kreste, hore e be Morena oa Bomesia ka 1914, eo e ne e se karabo e feletseng ea seo re se rapellang ha re re “’Muso oa hao o ke o tle.” (Mat. 6:10) Ka Bibeleng ho ne ho boletsoe esale pele hore Jesu o ne a tla ‘qala ho busa har’a lira tsa hae.’ (Pes. 110:2) Mebuso ea batho e laoloang ke Satane e ntse e hanyetsa ’Muso oo. Ha re rapella hore ’Muso oa Molimo o tle, re kōpa Molimo hore Morena oa Bomesia le babusi-’moho le eena ba tle, ’me ba felise puso ea batho hammoho le bahanyetsi ba ’Muso ba lefatšeng. Khato ena e tla phethahatsa mantsoe a Daniele 2:44 a reng ’Muso oa Molimo “o tla silakanya o felise mebuso ena kaofela.” O tla felisa mekhatlo ea lipolotiki e khahlanong le ’Muso. (Tšen. 6:1, 2; 13:1-18; 19:11-21) Sena se haufi le ho etsahala. Ke ho loketseng hakaakang hore ebe temana ea selemo ea 2014, e leng selemo seo ka sona ’Muso oa Molimo o qetang lilemo tse 100 o thehiloe leholimong, ke Matheu 6:10, e reng: “’Muso oa hao o ke o tle”!

Temana ea rōna ea selemo ea 2014: “’Muso oa hao o ke o tle.”—Matheu 6:10

15, 16. (a) Ke lintho life tse thabisang tse tla etsahala nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete? (b) Jesu o tla etsa ntho efe ea ho qetela e le Morena oa Bomesia, hona seo se tla ama morero oa Jehova joang mabapi le pōpo eohle ea hae?

15 Ka mor’a hore Morena oa Bomesia a felise lira tsa Molimo, o tla lahlela Satane le bademona ba hae mohohlong ka lilemo tse sekete. (Tšen. 20:1-3) Ha ho se ho tlositsoe tšusumetso ea bona e mpe, ’Muso o tla sebelisa molemo oa sehlabelo sa Jesu sa thekollo, ’me o felise liphello tsa sebe sa Adama. Morena o tla tsosa ba limilione mabitleng, ’me a hlophise mosebetsi o moholohali oa ho ba ruta ka Jehova. (Tšen. 20:12, 13) Lefatše lohle e tla ba paradeise joaloka serapa sa Edene. Batho bohle ba tšepahalang ba tla phethahala.

16 Qetellong ea Puso ea Kreste ea Lilemo Tse Sekete, ’Muso oa Bomesia o tla be o finyeletse morero oa oona. Ka mor’a moo, Jesu o tla busetsa ’Muso ho Ntate oa hae. (Bala 1 Bakorinthe 15:24-28.) Ha ho sa tla hlokahala mokena-lipakeng mahareng a Jehova le bana ba hae ba lefatšeng. Bara bohle ba Molimo ba leholimong le ba lefatšeng ba tla ba bonngoeng le Ntate oa bona ea leholimong, e le karolo ea lelapa la hae la bokahohleng.

17. U ikemiselitse ho etsa’ng mabapi le ’Muso?

17 Lintho tse thabisang tse etsahetseng lilemong tse 100 tsa puso ea ’Muso li re tiisetsa hore Jehova o ntse a laola lintho le hore morero oa hae ka lefatše o tla phethahala. E se eka re ka tsoela pele re le bafo ba hae ba tšepahalang ’me re phatlalatse Morena le ’Muso oa hae. Re etsa sena re kholisehile ka ho feletseng hore haufinyane, Jehova o tla arabela thapelo ea rōna e etsoang ka tieo e reng: “’Muso oa hao o ke o tle”!

^ ser. 10 Sheba sehlooho se reng “Likolo Tsa Puso ea Molimo—Bopaki ba Hore Jehova oa re Rata,” Molula-Qhooeng oa September 15, 2012, leqepheng la 13-17.

^ ser. 11 Sheba mehlala ea linyeoe tse ileng tsa hlōloa linaheng tse sa tšoaneng, Molula-Qhooeng oa December 1, 1998, leqepheng la 19-22.