Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ha Botsofali e E-ba “Moqhaka oa Botle”

Ha Botsofali e E-ba “Moqhaka oa Botle”

“Thuso ea ka e Tsoa ho Jehova”

Ha Botsofali e E-ba “Moqhaka oa Botle”

MURIEL ea lilemo li 101 o ile a re ke “bophelo bo molemo ka ho fetisisa.” Theodoros ea lilemo li 70 o ile a akaretsa taba tjena: “Ruri ke tokelo!” Maria ea lilemo li 73 o ile a re: “Ha ho tsela e ’ngoe e molemo eo nka beng ke ile ka phela ka eona ho feta ena.” Kaofela ha bona ba ne ba qetile bophelo bohle ba bona ba le tšebeletsong ea Jehova Molimo.

Ho na le batho ba joalo ba hōlileng har’a barapeli ba bangata ba Jehova ba mafolofolo lefatšeng ka bophara. Ho sa tsotellehe botsofali bo ntseng bo ipha matla le maemo a mang a bohloko, ba ntse ba sebeletsa Molimo ka moea oohle. Ka phuthehong ea Bokreste, batho ba joalo ba hōlileng ba tšepahalang ke mehlala e babatsehang ea boinehelo ba bomolimo. Jehova o nka tšebeletso ea batho ba hōlileng e le ea bohlokoa haholo, le hoja e ka ’na eaba ha ba khone ho etsa lintho tse itseng ka lebaka la maemo a bona. *2 Bakorinthe 8:12.

Buka ea Lipesaleme e na le tlhaloso e loketseng e bontšang hore na batho ba hōlileng ba tšepahalang ba ka lebella ho phela bophelo ba mofuta ofe. Ba ka tšoana le sefate sa khale se seholohali se lulang se beha litholoana. Mopesaleme o ile a bina tjena ka batho ba hōlileng ba tšepahalang: “Ba tla ’ne ba atlehe nakong ea bohlooho-putsoa, ba tla tsoela pele ba nonne ’me ba le bacha.”—Pesaleme ea 92:14.

Ba bang ba ka ’na ba tšoha hore ba tla lahluoa ebile ha ba na ho tsotelloa ha ba felloa ke matla botsofaling. Davida o ile a kōpa Molimo ka tieo: “U se ke ua ntahla nakong ea botsofali; ha ke felloa ke matla, u se ke ua ntlohela.” (Pesaleme ea 71:9) Ho itšetlehile ka eng hore motho a atlehe kapa a hlōlehe botsofaling? Ho itšetlehile ka tšobotsi ea bomolimo ea ho loka. Mopesaleme o ile a bina tjena: “Ea lokileng o tla hlahisa lithunthung joaloka sefate sa lipalema.”—Pesaleme ea 92:12.

Ka kakaretso, batho ba qetileng nako e ngata ea bophelo ba bona ba sebeletsa Molimo ka botšepehi ba lula ba beha litholoana tse molemo botsofaling ba bona. Bonneteng, lintho tse ngata tseo ba li entseng bophelong ba bona molemong oa bona le oa ba bang li hlahisitse liphello tse molemo, joaloka peō e melang le ho hōla ho fihlela e hlahisa chai e khōlō. (Bagalata 6:7-10; Bakolose 1:10) Ke ’nete hore hangata batho ba ileng ba senya bophelo ba bona ka lipakane tsa boithati tsa ho iphapanyetsa litsela tsa Molimo hangata ha ho na letho le lekaalo la bohlokoa leo ba le supang ha ba tsofala.

Buka ea Bibele ea Liproverbia le eona e hatisa hore ho loka ke mokhabo oa botsofali. Ho eona rea bala: “Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.” (Liproverbia 16:31) Ka sebele, ho loka ke ponahatso ea botle bo ka hare. Ho hahamalla ho loka nakong ea bophelo bo bolelele ho tlisa tlhompho. (Levitike 19:32) Ha moriri o moputsoa o fumanoe ka bohlale le ka bokhabane, seo se fella ka tlotla.—Jobo 12:12.

Ruri Jehova o khahlisoa ke bophelo bo lokileng bo qetiloeng tšebeletsong ea hae. Mangolo a re: “Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na [Jehova] ke Ea tšoanang; le ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle. Ka sebele ke tla nka bohato, e le hore ke nke ’me ke mamelle ’me ke pholose.” (Esaia 46:4) Ho tšelisa hakaakang ho tseba hore Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o tšepisa ho boloka batho ba hae ba tšepahalang le ho ba tšehetsa botsofaling!—Pesaleme ea 48:14.

Kaha Jehova o khahlisoa ke motho ea qetang bophelo ba hae a mo sebeletsa ka botšepehi, na ba bang ha baa lokela ho hlompha motho eo? Kaha re bonahatsa boikutlo ba Molimo, re nka balumeli-’moho le rōna ba hōlileng e le ba bohlokoa. (1 Timothea 5:1, 2) Ka hona a re batleng mekhoa e molemo ea ho bontša lerato la Bokreste ka ho hlokomela litlhoko tsa bona.

Ho Kena Tseleng ea ho Loka Litšiu li se li Ile

Solomone o re tiisetsa ho re: “Tseleng ea ho loka ho na le bophelo.” (Liproverbia 12:28) Ho hōla ha ho sitise motho hore a ka kena tseleng ena litšiu li se li ile. Ka mohlala, Moldova, monna-moholo e mong ea lilemo li 99 o ne a ile a qeta bocha ba hae a ntšetsa pele mehopolo ea Bokomonisi. O ne a ikotla sefuba ka hore eena ka seqo o ne a kile a buisana le baeta-pele ba tummeng ba Makomonisi, ba akhang V. I. Lenin. Leha ho le joalo, ha Bokomonisi bo felloa ke matla bo bile bo putlama, monna-moholo enoa o ile a hloka morero le sepheo bophelong. Empa eitse ha Lipaki Tsa Jehova li mo bontša hore ’Muso oa Molimo ke oona feela o tla tlisa tharollo ea mathata a moloko oa batho, o ile a amohela ’nete ea Bibele eaba e-ba seithuti se hloahloa sa Mangolo. Ka bomalimabe o ile a khaoletsoa ke lefu pele e e-ba mohlanka oa Jehova ea kolobelitsoeng.

Ha leqhekoana le leng la Hungary le lilemo li 81 le ithuta ka litekanyetso tsa Molimo tsa boitšoaro, le ile la elelloa hore le lokela ho nyalana le monna eo le ’nileng la lula le eena ka lilemo tse ’maloa. Mosali eo o ile a beta pelo eaba o hlalosetsa monna eo a neng a lula le eena pono ea hae e thehiloeng Bibeleng. O ile a hlolloa le ho thaba ha monna eo a lumela ho mo nyala. Ka mor’a hore lenyalo la bona le ngolisoe ka molao, o ile a tsoela pele moeeng ka potlako. Ka mor’a likhoeli tse robeli a qalile ho ithuta Bibele, e ile ea e-ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang, ’me o ile a kolobetsoa nakoana ka mor’a moo. Ruri ke ’nete e tsoileng matsoho hore ho loka ho ka roesa maqheku le maqhekoana moqhaka o motle haholo!

Ka sebele Bakreste ba hōlileng ba tšepahalang ba ka kholiseha hore Molimo oa ba tsotella. Jehova a ke ke a lahla ba lulang ba tšepahala ho eena. Ho fapana le moo, o tšepisa hore o tla ba lebela, a ba tšehetse a be a ba boloke esita le botsofaling. ’Me ba paka hore mantsoe a mopesaleme ke ’nete ha a re: “Thuso ea ka e tsoa ho Jehova.”—Pesaleme ea 121:2.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Bona Almanaka ea Lipaki Tsa Jehova ea 2005, January/February.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Hlooho e putsoa ke moqhaka oa botle ha e fumanoa tseleng ea ho loka.”—LIPROVERBIA 16:31

[Lebokose le leqepheng la 8]

JEHOVA O HLOKOMELA BAHLANKA BA HAE BA TSOFETSENG

“U eme pel’a moriri o moputsoa, ’me u nahanele motho ea tsofetseng.”—Levitike 19:32.

“Esita le ho isa botsofaling ba motho ’na ke Ea tšoanang; le ho isa bohlooho-putsoeng ba motho ke tla ’ne ke mamelle.”—Esaia 46:4.