Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lilelekela Tsa ’Muso oa Molimo Lia Phethahala

Lilelekela Tsa ’Muso oa Molimo Lia Phethahala

Lilelekela Tsa ’Muso oa Molimo Lia Phethahala

“Le etsa hantle ha le . . . ela hloko [lentsoe la boprofeta] joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi.”—2 PETROSE 1:19.

1. Ke ho se tšoane hofe hoo re ho bonang lefatšeng kajeno?

LIKOLUOA li etsahala li sa tsoa etsahala—tsena ke tsona litaba tse ka sehloohong lefatšeng kajeno. Ho tloha likoluoeng tse oelang lintho tse phelang le tikoloho ea tsona ho isa liketsong tsa bokhukhuni tse aparetseng lefatše lohle, ho bonahala mathata a batho a tsoile taolong ka ho feletseng. Esita le malumeli a lefatše a ’nile a hlōleha ho fana ka thuso. Ha e le hantle, hangata a mpefatsa lintho le ho feta ka ho hlohlelletsa khethollo, lehloeo le bochaba bo arolang batho. Ka sebele, joalokaha ho boletsoe esale pele, “botšo bo boholo” bo koahetse “lichaba.” (Esaia 60:2) Leha ho le joalo, batho ba limilione ba na le tšepo ka bokamoso. Hobane’ng? Hobane ba ela hloko lentsoe la Molimo la boprofeta “joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi.” Ba lumela ho tataisoa ke “lentsoe” kapa molaetsa oa Molimo, oo hona joale o fumanehang ka Bibeleng.—2 Petrose 1:19.

2. Ho ea ka boprofeta ba Daniele bo mabapi le ‘nako ea bofelo,’ kutloisiso ea lintho tsa moea e filoe bo-mang feela?

2 Moprofeta Daniele o ile a ngola tjena mabapi le ‘nako ea bofelo’: “Ba bangata ba tla phenya, ’me tsebo ea ’nete e tla ba ngata. Ba bangata ba tla itlhoekisa le ho itšoeufatsa ’me ba tla tšekoa. Ka sebele ba khopo ba tla etsa bokhopo, ’me ho hang ha ho ba khopo ba tla utloisisa; empa ba nang le temohisiso ba tla utloisisa.” (Daniele 12:4, 10) Kutloisiso ea lintho tsa moea e boloketsoe feela bao ka tieo ba ‘phenyang,’ kapa ba khothallang ho ithuta Lentsoe la Molimo, ba ikokobeletsang litekanyetso tsa hae le ba ikitlaelletsang ho etsa thato ea hae.—Matheu 13:11-15; 1 Johanne 5:20.

3. Lilemong tsa bo-1870, ke ’nete efe ea bohlokoa eo liithuti tsa pele tsa Bibele li ileng tsa e lemoha?

3 Khale koana ka bo-1870, pele ‘matsatsi a ho qetela’ a qala, Jehova Molimo o ile a qala ho chabisa leseli le eketsehileng mabapi le “liphiri tse halalelang tsa ’muso oa maholimo.” (2 Timothea 3:1-5; Matheu 13:11) Ka nako eo sehlopha sa liithuti tsa Bibele se ile sa lemoha hore—ho fapana le maikutlo a tloaelehileng—Kreste o ne a tla khutla ka mokhoa o sa bonahaleng. Hoba a behoe teroneng leholimong, Jesu o ne a tla khutla ka kutloisiso ea hore o ne a tla lebisa tlhokomelo lefatšeng e le Morena oa lona. Pontšo e bonahalang, e nang le likarolo tse ngata, e ne e tla lemosa barutuoa ba hae hore o se a qalile ho ba teng ka mokhoa o sa bonahaleng.—Matheu 24:3-14.

Ha Selelekela se Phethahala

4. Jehova o matlafalitse tumelo ea bahlanka ba hae ba mehleng ea kajeno joang?

4 Pono ea ho fetoha sebōpeho e bile selelekela se hlollang sa ha Kreste a le khanyeng ea ’Muso. (Matheu 17:1-9) Pono eo e ile ea matlafatsa tumelo ea Petrose, ea Jakobo le ea Johanne nakong eo ba bangata ba neng ba khaolitse ho latela Jesu hobane a ne a sa ka a phethahatsa litebello tsa bona tse sa lumellaneng le Mangolo. Ka ho tšoanang, nakong ena ea qetello, Jehova o matlafalitse tumelo ea bahlanka ba hae ba mehleng ea kajeno ka ho ba thusa hore ba utloisise haholoanyane ho phethahala ha pono eo e hlollang le boprofeta bo bong bo bongata bo amanang le eona. Joale a re ke re tšohleng tse ling tsa liketsahalo tsena tsa moea tse matlafatsang tumelo tse ileng tsa phethahala.

5. Naleli ea Meso ke mang, ’me o ile a “hlaha” neng hona joang?

5 Ha moapostola Petrose a bua ka pono ea ho fetoha sebōpeho o ile a ngola: “Ka lebaka leo re na le lentsoe la boprofeta le tiisitsoeng haholoanyane; ’me le etsa hantle ha le le ela hloko joaloka lebone le khanyang sebakeng se lefifi, ho fihlela letsatsi le chaba le naleli ea meso e hlaha, ka lipelong tsa lōna.” (2 Petrose 1:19) Naleli eo ea Meso ea tšoantšetso, kapa “naleli e khanyang ea hoseng,” ke Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng. (Tšenolo 22:16) O ile a “hlaha” ka 1914 ha ’Muso oa Molimo o ne o tsoaloa leholimong, ho tšoaea ho qaleha ha mehla e mecha. (Tšenolo 11:15) Ponong ea ho fetoha sebōpeho, Moshe le Elia ba ile ba bonahala ba le haufi le Jesu, ba qoqa le eena. Ba tšoantšetsa bo-mang?

6, 7. Ponong ea ho fetoha sebōpeho, Moshe le Elia ba tšoantšetsa bo-mang, hona Mangolo a senola lintlha life tsa bohlokoa ka bao ba ba tšoantšetsang?

6 Kaha Moshe le Elia ba ile ba kopanela khanyeng ea Kreste, e tlameha ebe lipaki tsena tse peli tse tšepahalang li emela ba busang le Jesu ’Musong oa hae. Kutloisiso ea hore ho na le ba tla busa le Jesu e lumellana le pono ea selelekela ea Mesia ea behiloeng teroneng e ileng ea fuoa moprofeta Daniele. Daniele o ile a bona “e mong ea joaloka mor’a motho” a amohela “bobusi bo hlolang ka nako e sa lekanyetsoang” ho “Moholo-holo oa Matsatsi,” Jehova Molimo. Empa hlokomela seo Daniele a se bontšoang nakoana ka mor’a moo. Oa ngola: “’Muso le bobusi le boholo ba mebuso e tlas’a maholimo ’ohle ea fuoa batho bao e leng bahalaleli ba Ea Holimo-limo.” (Daniele 7:13, 14, 27) Lilemo tse fetang makholo a mahlano pele ho pono ena ea ho fetoha sebōpeho, Molimo o ile a senola hore “bahalaleli” ba itseng ba ne ba tla kopanela khanyeng ea borena ea Kreste.

7 Bahalaleli baa ba ponong ea Daniele ke bo-mang? Moapostola Pauluse o bua ka batho bana ha a re: “Moea o paka le moea oa rōna hore re bana ba Molimo. Joale, haeba re bana, re boetse re majalefa: ka sebele re majalefa a Molimo, empa majalefa hammoho le Kreste, hafeela re utloa bohloko hammoho e le hore re ka boela ra tlotlisoa hammoho.” (Baroma 8:16, 17) Ha e le hantle bahalaleli ke barutuoa ba tlotsitsoeng ka moea ba Jesu. Ho Tšenolo, Jesu o re: “Ea hlōlang ke tla mo neha ho lula le ’na teroneng ea ka, esita le joalokaha ke ile ka hlōla ’me ka lula le Ntate teroneng ea hae.” ‘Bahlōli’ bana ba tsositsoeng bao palo ea bona e leng 144 000, ba tla busa holim’a lefatše lohle hammoho le Jesu.—Tšenolo 3:21; 5:9, 10; 14:1, 3, 4; 1 Bakorinthe 15:53.

8. Mosebetsi oo barutuoa ba tlotsitsoeng ba Jesu ba ’nileng ba o etsa o tšoana joang le oa Moshe le Elia, hona o bile le liphello life?

8 Empa, ke hobane’ng ha Bakreste ba tlotsitsoeng ba tšoantšetsoa ke Moshe le Elia? Lebaka ke hore Bakreste bana, ha ba ntse ba le nameng, ba etsa mosebetsi o tšoanang le o neng o etsoa ke Moshe le Elia. Ka mohlala, ba sebeletsa e le lipaki tsa Jehova, esita leha ba talimane le mahloriso. (Esaia 43:10; Liketso 8:1-8; Tšenolo 11:2-12) Joaloka Moshe le Elia, ka sebete ba senola bolumeli ba bohata ha ka nako e tšoanang ba khothatsa batho ba tšepahalang hore ba fe Molimo boinehelo bo khethehileng. (Exoda 32:19, 20; Deuteronoma 4:22-24; 1 Marena 18:18-40) Na mosebetsi oa bona o hlahisitse litholoana? E, ka sebele! Ntle le ho thusa ho bokella batlotsuoa bohle, ba thusitse “linku tse ling” tse limilione hore li ikokobeletse Jesu Kreste ka ho rata.—Johanne 10:16; Tšenolo 7:4.

Kreste o Phetha Tlhōlo ea Hae

9. Tšenolo 6:2 e hlalosa Jesu a le boemong bofe kajeno?

9 Jesu ha e sa le motho feela tjee ea palameng petsana ea esele, empa hona joale ke Morena ea matla. O hlalosoa e le ea palameng pere—e tšoantšetsang ntoa ka Bibeleng. (Liproverbia 21:31) Tšenolo 6:2 e re: “Bonang! pere e tšoeu; ea e palameng o ne a e-na le seqha; a fuoa moqhaka, ’me a tloha e le ea hlōlang le hore a phethe tlhōlo ea hae.” Ho feta moo, mopesaleme Davida o ile a ngola tjena mabapi le Jesu: “Jehova o tla romela molamu oa matla a hao ho tsoa Sione, a re: ‘Qala ho busa har’a lira tsa hao.’”—Pesaleme ea 110:2.

10. (a) Ho palama ha Jesu ka tlhōlo ho ile ha qala joang ka mokhoa o khanyang? (b) Tlhōlo ea pele ea Kreste e ile ea ama lefatše ka kakaretso joang?

10 Tlhōlo ea pele ea Jesu e bile khahlanong le lira tsa hae tse matla ka ho fetisisa—e leng Satane le bademona. Ha a ba leleka leholimong, o ile a ba lihela tlaase lefatšeng. Meea ena e khopo e halefetse batho ka mabifi hobane e tseba hore e na le nako e khutšoanyane, ’me sena se bakile bomalimabe bo boholo. Ho Tšenolo bomalimabe bona bo tšoantšelitsoe ka banna ba bang ba bararo ba palameng lipere. (Tšenolo 6:3-8; 12:7-12) Tumellanong le boprofeta ba Jesu bo mabapi le “pontšo . . . ea ho ba teng ha [hae] le ea qetello ea tsamaiso ea lintho,” ho palama ha bona ho feletse ka ntoa, tlala le lefu la seoa le bolaeang. (Matheu 24:3, 7; Luka 21:7-11) Ho tšoana le mahlaba a sebele a pelehi, ha ho pelaelo hore ‘bohloko bona ba mahlomola’ bo tla ’ne bo tōte ho fihlela ha Kreste a ‘phetha tlhōlo ea hae’ ka ho timetsa mesaletsa eohle ea mokhatlo oa Satane o bonahalang. *Matheu 24:8.

11. Histori ea phutheho ea Bokreste e paka joang hore Kreste o na le matla a borena?

11 Matla a Jesu a borena a boetse a totobatsoa ke hore o sirelelitse phutheho ea Bokreste e le hore e ka phetha thōmo ea eona ea ho bolela molaetsa oa ’Muso lefatšeng lohle. Ho sa tsotellehe khanyetso e sehlōhō e tsoang ho Babylona e Moholo—’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata—le mebusong e lonya, mosebetsi oa boboleli ha oa tsoela pele feela empa o fihlile tekanyong eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng historing ea lefatše. (Tšenolo 17:5, 6) Bona ke bopaki bo matla hakaakang ba bobusi ba Kreste!—Pesaleme ea 110:3.

12. Ke hobane’ng ha batho ba bangata ba sa lemohe ho ba teng ha Kreste ho sa bonahaleng?

12 Leha ho le joalo, ka masoabi, batho ba bangata, ho akarelletsa ba limilione ba ipolelang hore ke Bakreste, ha ba lemohe hore liketsahalo tsa bohlokoa tse etsahalang lefatšeng li bolela lintho tsa sebele tse sa bonahaleng. Ba bile ba soma ba pakang ka ’Muso oa Molimo. (2 Petrose 3:3, 4) Hobane’ng? Hobane Satane o ba foufalitse likelello. (2 Bakorinthe 4:3, 4) Ha e le hantle, lilemong tse makholo tse fetileng, o ile a qala ho khurumetsa ba ipolelang hore ke Bakreste ka lesira la lefifi la moea, a ba a etsa hore ba lahle tšepo ea bohlokoa ea ’Muso.

Ba Lahlile Tšepo ea ’Muso

13. Lesira la lefifi la moea le ile la fella ka eng?

13 Jesu o ile a bolela esale pele hore bakoenehi, joaloka mofoka o jetsoeng har’a koro, ba ne ba tla kena ka phuthehong ea Bokreste ’me ba khelose ba bangata. (Matheu 13:24-30, 36-43; Liketso 20:29-31; Juda 4) Hamorao, bana bao ho thoeng ke Bakreste ba ile ba qala ho amohela mekete, mekhoa le lithuto tsa bohetene, ba ba ba bolela hore lintho tsena li lokela ho nkoa e le tsa “Bokreste.” Ka mohlala, Keresemese e simolohile litšebeletsong tse amang borapeli ba melingoana ea bohetene e leng Mithra le Saturn. Empa ke eng e ileng ea susumelletsa ba ipolelang hore ke Bakreste ho amohela mekete ee eo e seng ea Bokreste? The New Encyclopædia Britannica (1974) e re: “Keresemese, e leng mokete oa tsoalo ea Jesu Kreste, e ile ea thehoa hobane tebello ea hore Kreste o tla khutla haufinyane e ne e ntse e e-ba lerootho.”

14. Lithuto tsa Origen le Augustine li ile tsa emela ’nete ea ’Muso hampe joang?

14 Hape nahana ka ho sothoa ha moelelo oa lentsoe “’muso.” Bukeng e bitsoang The Kingdom of God in 20th-Century Interpretation e re: “Origen [setsebi sa thuto ea bolumeli sa lekholong la boraro la lilemo] o bontša hore tšebeliso ea lentsoe ‘’muso’ Bokresteng e lokela ho fetoloa e le hore le bolele ntho e ka hare e leng puso ea Molimo ka pelong.” Origen o ne a thehile thuto ea hae hokae? O ne a sa e theha Mangolong, empa o ne a e thehile “likhopolong tsa filosofi le ponong ea lefatše e fapaneng ka ho feletseng le monahano oa Jesu le oa kereke ea pele.” Bukeng ea hae e bitsoang De Civitate Dei (Motse oa Molimo), Augustine oa Hippo (354-430 C.E.) o ile a bolela hore kereke ka boeona ke ’Muso oa Molimo. Khopolo e joalo e sa lumellaneng le Mangolo e ile ea fa likereke tsa Bokreste-’mōtoana mabaka a bolumeli a hore li sebelise matla a bopolotiki. ’Me li ’nile tsa sebelisa matla ao ka lilemo tse makholo-kholo, hangata e le ka tsela e sehlōhō.—Tšenolo 17:5, 18.

15. Bagalata 6:7 e ’nile ea phethahala joang mabapi le likereke tse ngata tsa Bokreste-’mōtoana?

15 Leha ho le joalo, kajeno, likereke li kotula seo li se jetseng. (Bagalata 6:7) Ho bonahala tse ngata li felloa ke matla le ho lahleheloa ke litho tsa tsona tsa pharishe. Tloaelo ena e bonahala haholo Europe. Ho latela koranta ea Christianity Today, “hona joale likereke tse khōlō tsa Europe ha li sa [sebelisoa] e le matlo a borapeli empa e se e le limusiamo, tse eteloang khafetsa ke bahahlauli feela.” Tloaelo ena e bonahala le likarolong tse ling tsa lefatše. See se bontša eng ka bolumeli ba bohata? Na bo tla felisoa feela ke ha bo sa fumane tšehetso? Hona borapeli ba ’nete bo tla ameha joang?

Itokisetse Letsatsi le Leholo la Molimo

16. Ke hobane’ng ha lehloeo le ntseng le eketseha bakeng sa Babylona e Moholo e le ntho ea bohlokoa?

16 Feela joalokaha mosi le molora tse tsoang sebakeng se kileng sa foqoha seretse se chesang e ka ’na ea e-ba pontšo ea hore ho ka foqoha seretse se seng, lehloeo le ntseng le tōta bakeng sa bolumeli linaheng tse ngata tsa lefatše ke pontšo ea hore matsatsi a bolumeli ba bohata a baliloe. Haufinyane, Jehova o tla etsa hore batho ba lipolotiki ba lefatše ba iketse khokanyana-phiri e le hore ba pepese le ho ripitla seotsoa sa moea e leng Babylona e Moholo. (Tšenolo 17:15-17; 18:21) Na Bakreste ba ’nete ba lokela ho tšaba ketsahalo eo le likarolo tse ling tsa “matšoenyeho a maholo” tse tla latela? (Matheu 24:21) Le hanyenyane! Ha e le hantle ba tla ba le mabaka a ho thaba ha Molimo a nkela ba khopo bohato. (Tšenolo 18:20; 19:1, 2) Nahana ka mohlala oa Jerusalema ea lekholong la pele la lilemo le ka Bakreste ba neng ba phela moo.

17. Ke hobane’ng ha bahlanka ba Jehova ba tšepahalang ba ka talimana le bofelo ba tsamaiso ee ka kholiseho?

17 Ha mabotho a Baroma a ne a thibella Jerusalema ka 66 C.E., Bakreste ba falimehileng moeeng ha baa ka ba makala kapa hona ho haroha matsoalo. Kaha e ne e le liithuti tse khothetseng tsa Lentsoe la Molimo, ba ne ba tseba ‘hore ho etsoa lesupi ha eona ho ne ho atametse.’ (Luka 21:20) Ba ne ba boetse ba tseba hore Molimo o ne a tla ba bulela monyetla oa hore ba balehele sebakeng se sireletsehileng. Ha monyetla oo o hlaha, Bakreste ba ile ba baleha. (Daniele 9:26; Matheu 24:15-19; Luka 21:21) Ka ho tšoanang le kajeno, ba tsebang Molimo le ba mamelang Mora oa hae ba ka talimana le bofelo ba tsamaiso ena ka kholiseho. (2 Bathesalonika 1:6-9) Ha e le hantle, ha matšoenyeho a maholo a qhoma, ka thabo ba tla ‘ema tsoee! ’me ba phahamise lihlooho, hobane baa tseba hore topollo ea bona e atametse.’—Luka 21:28.

18. Phello ea tlhaselo ea khohola-koqo ea Gogo khahlanong le bahlanka ba Jehova e tla ba efe?

18 Ha Babylona e Moholo e se e timelitsoe, Satane, e le Gogo oa Magogo, o tla qala tlhaselo ea khohola-koqo khahlanong le Lipaki Tsa Jehova tse ratang khotso. Makhotla a Gogo a tlang “joaloka maru a koahelang naha,” a tla lebella hore a hlōle habonolo feela. A tla tšoha a be a phoqehe hakaakang! (Ezekiele 38:14-16, 18-23) Moapostola Johanne oa ngola: “Ka bona leholimo le buleha, ’me, bonang! pere e tšoeu. Ea e palameng o bitsoa ea Tšepahalang le oa ’Nete . . . Molomong oa hae ho tsoa sabole e telele e bohale, e le hore a ka hlatha lichaba ka eona.” ‘Morena enoa oa marena’ ea sa hlōloeng o tla pholosa barapeli ba tšepahalang ba Jehova ’me a timetse lira tsohle tsa bona. (Tšenolo 19:11-21) Eo e tla ba qetello e hlollang hakaakang ea phethahatso ea pono ea ho fetoha sebōpeho!

19. Tlhōlo e feletseng ea Kreste e tla ama barutuoa ba hae ba tšepahalang joang, hona ba lokela ho loanela ho etsa’ng hona joale?

19 “Ka letsatsi leo [Jesu o tla talingoa] ka ho makala mabapi le bohle ba ileng ba bontša tumelo.” (2 Bathesalonika 1:10) Na u batla ho ba har’a ba tla hlolloa ka mokhoa o nang le tlhompho ha Mor’a Molimo a hlōla? Joale tsoela pele ho matlafatsa tumelo ea hao ’me u ‘itokise, hobane Mor’a motho o tla tla ka hora eo u sa e nahaneng.’—Matheu 24:43, 44.

Lula U Hlaphohetsoe Kelellong

20. (a) Re ka bontša joang hore re ananela tokisetso ea Molimo ea “lekhoba le tšepahalang le le masene”? (b) Re lokela ho ipotsa lipotso life?

20 Kamehla “lekhoba le tšepahalang le le masene” le eletsa batho ba Molimo ho lula ba falimehile moeeng le ho hlaphoheloa likelellong. (Matheu 24:45, 46; 1 Bathesalonika 5:6) Na u ananela likhopotso tsee tse nakong? Na ua li sebelisa ha u etsa liqeto mabapi le hore na ke lintho life tse tlang pele bophelong? Ke hobane’ng ha u sa ipotse: ‘Na ke na le pono e hlakileng ea moea e ’nolofalletsang ho bona Mora oa Molimo a busa leholimong? Na ke mo bona a itokiselitse ho liha kahlolo ea Molimo khahlanong le Babylona e Moholo le tsamaiso eohle ea Satane?’

21. Ke hobane’ng ha ba bang e ka ’na eaba ba lumeletse pono ea bona ea moea hore e fifale, hona ba lokela ho etsa’ng ka potlako?

21 Ba bang ba kopanelang le batho ba Jehova hona joale ba lumeletse pono ea bona ea moea hore e fifale. Na ebe mohlomong ba feletsoe ke mamello, joaloka barutuoa ba bang ba pele ba Jesu? Na ba anngoe ke matšoenyeho a bophelo, lerato la lintho tse bonahalang kapa mahloriso? (Matheu 13:3-8, 18-23; Luka 21:34-36) Mohlomong ba bang ba thatafaletsoe ke ho utloisisa boitsebiso bo itseng bo hatisitsoeng ke “lekhoba le tšepahalang le le masene.” Haeba u etsahalletsoe ke e ’ngoe ea lintho tsena, re u khothalletsa hore u ithute Lentsoe la Molimo u tsohile molota ’me u rapele Jehova ka tieo e le hore u ka boela ua ba le kamano e matla le e haufi le eena.—2 Petrose 3:11-15.

22. Ho hlahloba pono ea ho fetoha sebōpeho le boprofeta bo amanang le eona ho u amme joang?

22 Barutuoa ba Jesu ba ile ba fuoa pono ea ho fetoha sebōpeho ha ba ne ba hloka khothatso. Kajeno, re na le ntho e khōlō le ho feta e ka re matlafatsang—e leng ho phethahala ha selelekela seo se hlollang le ha boprofeta bo bongata bo amanang le sona. Ha re ntse re thuisa ka lintho tsena tsa sebele tse hlollang le ka bohlokoa ba tsona ba ka moso, e se eka le rōna re ka lumellana ka pelo eohle le mantsoe a moapostola Johanne ha a ne a re: “Amen! Tloo, Morena Jesu.”—Tšenolo 22:20.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Segerikeng sa pele, lentsoe le fetoletsoeng e le “bohloko ba mahlomola” ka ho toba le bolela “mahlaba a pelehi.” (Matheu 24:8, Kingdom Interlinear) Sena se bolela hore joaloka mahlaba a pelehi, mathata a lefatše a tla ’ne a eketsehe, a tōte a be a nke nako e itseng, a fihle sehlohlolong ka matšoenyeho a maholo.

Na U sa Hopola?

• Ka bo-1870, sehlopha se senyenyane sa liithuti tsa Bibele se ile sa utloisisa eng ka ho khutla ha Kreste?

• Pono ea ho fetoha sebōpeho e ’nile ea phethahala joang?

• Ho palama ha Jesu ka tlhōlo ho amme lefatše le phutheho ea Bokreste joang?

• Re lokela ho etsa eng hore re be har’a ba tla pholoha ha Jesu a phetha tlhōlo ea hae?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]

Selelekela sea phethahala

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Na ua tseba hore na ho ile ha etsahala’ng ha Kreste a ne a qala tlhōlo ea hae?