Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tšepa Kreste Moeta-Pele oa Rona

Tšepa Kreste Moeta-Pele oa Rona

Moeta-pele oa lōna o mong, Kreste.”MAT. 23:10.

LIPINA: 16, 14

1, 2. Joshua o ne a tšoenyehile ka eng ka mor’a lefu la Moshe?

MANTSOE a Jehova a ne a lula luma kelellong ea Joshua a reng: “Mohlanka oa ka Moshe o shoele; joale ema, u tšele Jordane ena, uena le sechaba sena sohle, le kene naheng eo ke se fang eona.” (Josh. 1:1, 2) Kahoo, lintho li ile tsa fetohela Joshua eo e bileng mosebeletsi oa Moshe ka lilemo tse 40.

2 Kaha Moshe e bile moeta-pele oa Iseraele ka nako e telele mohlomong Joshua o ne a ipotsa hore na e be sechaba seo se ne se tla mo mamela. (Deut. 34:8, 10-12) Ha buka e ’ngoe e hlalosang Bibele e bua ka Joshua 1:1, 2 e re: “Mehleng ea pele esita le hona joale ha ho e-ba le moeta-pele e mocha sechaba sea tšoha ’me sea ipotsa hore na e be se tla sireletseha.”

3, 4. (a) Jehova o ile a tataisa Joshua le Baiseraele joang? (b) Re ka ’na ra ipotsa’ng?

3 Joshua o ne a e-na le mabaka a utloahalang a ho tšoha, empa matsatsi a seng makae hamorao o ile a etsa qeto e bontšang hore o ne a tšepa Jehova. (Josh. 1:9-11) Bibele e bontša hore Jehova o ile a tataisa Joshua le Baiseraele a sebelisa lengeloi. Kahoo, re na le mabaka a utloahalang a ho lumela hore lengeloi leo e ne e le Lentsoe e leng Mora oa Molimo oa letsibolo.—Ex. 23:20-23; Joh. 1:1

4 Jehova o ile a thusa Baiseraele hore ba mamele Joshua feela joalokaha ba ne ba mamela Moshe. Mehleng ena, mokhatlo oa Molimo o etsa liphetoho tse ngata ebile o hatela pele ka potlako. Kahoo, re ka ipotsa hore na e be re na le mabaka a utloahalang a hore re tšepe moeta-pele eo Jehova a mo khethileng. (Bala Matheu 23:10) Sehloohong sena re tl’o bona kamoo Jehova a ileng a fana ka baeta-pele ba tšepahalang nakong eo ho neng ho e-ba le liphetoho.

JOSHUA O ETELLA BAISERAELE PELE

5. Ho ile ha etsahala’ng ha Joshua a le haufi le fihla Jeriko? (Sheba setšoantšo se qalong.)

5 Ka mor’a hore Baiseraele ba tšele noka ea Jordane moo ba neng ba le haufi le ho fihla motseng oa Jeriko, Joshua o ile a kopana le monna eo a neng a sa mo tsebe a tšoere sabole ka letsoho. Joshua o ile a mo botsa a re: “Na u ka lehlakoreng la rōna kapa la bahanyetsi ba rōna?” O ile a makala ha monna eo a itlhalosa hore ke “khosana ea lebotho la Jehova” ’me o ne a tl’o ba sireletsa. (Bala Joshua 5:13-15) Le hoja maemong a mang Bibele e bontša hore Jehova o ile a bua le Joshua ka ho toba, re kholisehile hore o ile a bua le eena a sebelisa lengeloi joalokaha a ile a etsa nakong e fetileng.—Ex. 3:2-4; Josh. 4:1, 15; 5:2, 9; Lik. 7:38; Bagal. 3:19.

6-8. (a) Baiseraele ba ne ba nahana eng ka mor’a ho utloa litaelo tsa Jehova? (b) Litaelo tseo li ile tsa bontša joang hore Jehova o bohlale ebile o etsa lintho ka nako e nepahetseng? (Sheba mongolo o botlaaseng ba leqephe.)

6 Lengeloi le ile la fa Joshua litaelo tse hlakileng tsa hore na a etse’ng e le hore a tle a hape motse oa Jeriko. Qalong tse ling tsa litaelo tseo a ileng a li fuoa li ne li bonahala eka ha li na thuso. Ka mohlala, Jehova o ile a mo laela hore a bolotse banna bohle, e leng ntho e neng e tla etsa hore ba sitoe ho itšireletsa ka matsatsi a seng makae. Empa na ee e ne e le nako e nepahetseng ea hore banna bao ba bolotsoe?—Gen. 34:24, 25; Josh. 5:2, 8.

7 Banna bao ba ne ba ipotsa hore na ba ne ba tla khona ho sireletsa ba malapa a bona khahlanong le ba lireng. Ho sa le joalo, ba ile ba utloa litaba tseo ba neng ba sa li lebella tsa hore Jeriko ‘e ne e koetsoe ka thata ka lebaka la bona.’ (Josh. 6:1) Ha ho pelaelo hore ba ile ba tšepa Jehova le ho feta ’me tumelo ea bona ea matlafala ha ba bona kamoo a ba thusang kateng.

8 E ’ngoe ea litaelo tseo Baiseraele ba neng ba li fuoe e ne e le hore ba se ke ba hlasela Jeriko empa ba e pota-pote hanngoe ka matsatsi a tšeletseng ebe ka letsatsi la bosupa ba e pota ka makhetlo a supileng. Mohlomong ba ne ba bona eka taelo ena ha e na thuso ebile e ba senyetsa nako le matla. Empa Jehova o ne a tseba hantle hore na o etsa’ng. Qeto ena eo Jehova a ileng a etsa e ile ea sireletsa Baiseraele khahlanong le masole a matla a Jeriko ea ba ea matlafatsa tumelo ea bona.—Josh. 6:2-5; Baheb. 11:30. *

9. Fana ka mohlala o bontšang hore na ke hobane’ng ha ho le bohlokoa hore re mamele litaelo tseo mokhatlo o re fang tsona.

9 Re ithuta’ng tlalehong ee? Ka linako tse ling ho ka ba thata hore re utloisise mabaka ao mokhatlo o etsang liphetoho ka ’ona. Mohlala, mohlomong qalong ha rea ka ra utloisisa hore na ke hobane’ng ha mokhatlo o ile oa etsa qeto ea hore re sebelise JW Library App ha re le tšimong, ha re ithuta moo re le bang le ha re le libokeng. Empa hona joale batho ba khonang ho li sebelisa ba bona bohlokoa ba tsona e le kannete. Ha re bona litla-morao tse thabisang ka lebaka la liqeto tseo mokhatlo o li entseng, tumelo ea rona ea matlafala ebile re ba le bonngoe ho sa tsotellehe lipelaelo tseo e ka ’nang eaba re ne re e-na le tsona pele.

JESU O TATAISA BAKRESTE BA MEHLENG EA PELE

10. Ke mang ea ileng a thusa sehlopha se busang ho rarolla bothata ba lebollo?

10 Lilemo tse ka bang 13 ka mor’a hore Korneliase a sokolohe, Bajuda ba bang ba ne ba lumela hore pele motho e-ba Mokreste o lokela ho bolla. (Lik. 15:1, 2) Taba ena e ile ea etsa hore ho be le ho se utloisisane Antioke, ho ile ha lokisetsoa hore Pauluse a ise qaka eo Jerusalema ho sehlopha se busang. Ke mang ea neng a tla ba thusa ho rarolla bothata boo? Pauluse o ile a re o ‘nyolohile ka lebaka la tšenolo.’ Kahoo rea hlokomela hore Kreste ke eena ea ileng a thusa sehlopha se busang ho rarolla bothata bona.—Bagal. 2:1-3.

Jesu o ile a tataisa Bakreste ba mehleng ea Baapostola(Sheba serapa sa 10 le 11)

11. (a) Ho ile ha e-ba le ho se utloisisane ho fe har’a Bakreste ba Bajuda? (b) Pauluse o ile a bontša boikokobetso joang ha a sebelisana le baholo tabeng ea lebollo? (Sheba naletsana.)

11 Jesu o ile a thusa sehlopha se busang hore se etse qeto e hlakileng ea hore Bakreste bao e seng Bajuda ho ne ho sa hlokahale hore ba bolle. (Lik. 15:19, 20) Empa lilemo ka mor’a hore ho etsoe qeto eo, Bajuda ba bangata ba ne ba ntse ba tsoela pele ho bolotsa bana ba bona. Baholo ba Jerusalema ba ile ba utloela monyenyetsi oa hore ho thoe Pauluse ha a hlomphe molao oa Moshe. Kahoo, ba ile ba mo fa litaelo tseo a neng a sa li lebella. * (Lik. 21:20-26) Ba ile ba mo bolella hore a tsamaee le banna ba bane ha a ea tempeleng e le hore batho tle ba bone hore “o boloka Molao.” Pauluse a ka be a ile a ipehela mabaka a hore batho ba nang le bothata ke Bakreste ba Bajuda ba neng ba sa utloisise taba ea lebollo hantle. Leha ho le joalo, o ile a ikokobelletsa qeto eo baholo ba e entseng e le hore ho ka ba le bonngoe har’a Bakreste. Re ka ’na ra ipotsa hore na ke hobane’ng ha Jesu a ile a lumella taba ena hore e lule e sa rarolloa ka nako e telele le hoja lefu la hae le ne le se le nketse molao oa Moshe sebaka.—Bakol. 2:13, 14.

12. Ke hobane’ng ha Kreste a ile a lumella hore ho fete nako e telele pele ho rarolloa khang ea lebollo?

12 Kaha mahlo ha a bonele hong, batho ba bang ba nka nako ho utloisisa liphetoho tse entsoeng. Ho ile ha nka nako hore Bakreste ba Bajuda ba utloisise taba ea lebollo hantle. (Joh. 16:12) Ba bang ba bona ba ile ba thatafalloa ho utloisisa taba ea hore lebollo ha esale letšoao le bontšang hore motho o na le kamano e ntle le Jehova. (Gen. 17:9-12) Athe ba bang bona ba ne ba tšaba hore Bajuda ba tla ba hlorisa. (Bagal. 6:12) Leha ho le joalo, ha nako e ntse e e-ea Kreste o ile a ba tataisa a sebelisa moapostola Pauluse.—Bar. 2:28, 29; Bagal. 3:23-25.

KRESTE O TSOELA PELE HO RE TATAISA

13. Re lokela ho hopola eng ha mokhatlo o etsa liqeto tseo re sa li utloisiseng?

13 Haeba ka linako tse ling re sa utloisise liqeto tseo mokhatlo o li etsang e ka ba hantle hore re hopole kamoo Jesu a ileng a tataisa batho ba Molimo kateng nakong e fetileng. Ho tloha mehleng ea Joshua le nakong ea Bakreste ba pele, Jesu o ile a fana ka tataiso e bohlale ha a ne a sireletsa batho ba Molimo e le sehlopha. O ile a boela a matlafatsa tumelo ea bona a ba a etsa hore ba be le bonngoe.—Baheb. 13:8.

14-16. Etsa mehlala e bontšang hore Jesu o sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho re tataisa.

14 Mehleng ena, Jesu o sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” ho re thusa hore re lule re le metsoalle ea Molimo. (Mat. 24:45) Mor’abo rona Marc ea nang le bana ba bane o re: “Satane o leka ho sitisa hore phutheho e be le bonngoe ka ho hlasela malapa. Empa ka mor’a hore re khothalletsoe ho ba le borapeli ba lelapa beke le beke, lihlooho tsa malapa lia hlokomela hore li lokela ho thusa malapa a tsona hore e be metsoalle ea Molimo.”

15 Ha re mamela tataiso ea Jesu rea bona hore o amehile haholo ka hore re be metsoalle ea ntate oa hae. Mor’abo rona Patrick eo e leng moholo o re: “Qalong bara le barali babo rona ba bang ba ile ba bona e se bohlale hore re kopane re le lihlotšoana bakeng sa tšimo ea mafelo-beke. Empa a mang a makhabane ao Jesu a nang le ’ona a kang ho nahanela batho ba fokolang, re a bona ha re sebetsa tšimo re le lihlotšoana. Bara le barali babo rona ba neng ba se ba sa ee tšimong le libokeng kamehla ba ananela haholo hore ba nkoa e le batho ba bohlokoa ’me hona joale kamano ea bona le Molimo e ntlafetse.”

16 Jesu o boetse oa re tsotella kaha o re thusa hore re tsepamise likelello tsa rona mosebetsing oa bohlokoa ka ho fetisisa o etsoang lefatšeng kajeno. (Bala Mareka 13:10.) Mor’abo rona André eo e sa tsoa ba moholo o tsamaisana le mokhatlo oa Jehova ha o etsa liphetoho. O re: “Ho fokotsoa ha bara le barali babo rona makaleng a Bethele ho re hopotsa hore nako e setseng e fokotsehile le hore re lokela ho tsepamisa likelello tsa rona mosebetsing oa ho ruta batho Bibele.”

RE TŠEPAHALLA JESU

17, 18. Ho nahana ka liphetoho tseo mokhatlo o li entseng ho ka u thusa jaong?

17 Re bone hore morena oa rona Jesu oa re tataisa ebile o tla tsoela pele ho etsa joalo. Kahoo, e se eka re ka lula re ananela re bile re thabile ha mokhatlo oa Molimo o etsa liphetoho. Mohlomong borapeling ba lelapa le ka buisana ka hore na ke liphetoho life tseo le ileng la rua molemo ho tsona ha li ne li etsoa libokeng le tšimong.

Thusa lelapa la hao le Bakreste-’moho le uena hore ba tsamaisane le mokhatlo oa Jehova (Sheba serapa sa 17 le 18)

18 Haeba re hlokomela hore litaelo tseo re li fuoang ke mokhatlo li tsoa ho Jehova re tla li mamela ebe rea thaba. Re ananela hore ebe mokhatlo o fokolitse palo ea lingoliloeng tse hatisoang hape o sebelisa theknoloji e bolokang chelete le e etsang hore mosebetsi oa ho bolella batho molaetsa oa Bibele o be bonolo. Haeba re lula re hopola bohlokoa ba eona, re tla e sebelisa ka hohle kamoo re ka khonang. Ha re etsa joalo re tla be re bontša hore re mamela Kreste kaha re tla be re sebelisa lintho tseo mokhatlo o re fang tsona ka bohlale.

19. Ke hobane’ng ha re lokela ho lumella Kreste hore a re tataise?

19 Haeba re lumella Kreste hore a re tataise, re tla matlafatsa tumelo ea ba bang ebile re tla etsa hore ho be le bonngoe. Mora’bo rona André eo re buileng ka eena pejana ha a tsoela pele ho bua ka ho fokotsoa ha litho tse ling tsa Bethele o re: “Taba ea hore bara le barali babo rona ba ile ba ikamahanya le phetoho ena, e entse hore ke ba hlomphe ke be ke tšepe moeta-pele oa rona Jesu. Le ha ba se ba se Bethele, ba thabela ho tsamaea le mokhatlo oa Jehova.”

RE TŠEPILE MORENA OA RONA JESU

20, 21. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho lula re tšepahala? (b) Re tl’o araba potso efe sehloohong se latelang?

20 Haufinyane morena oa rona Jesu Kreste o tla ‘phetha tlhōlo ea hae’ a be a etse “lintho tse tšabehang.” (Tšen. 6:2; Pes. 45:4) Hona joale o se a ntse a tsoela pele ho re rupela bakeng sa mosebetsi oo re tla o etsa oa ho haha le oa ho ruta batho ba tla beng ba tsositsoe bafung.

21 Haeba re tšepahala ho sa tsotellehe maemo a ka ’nang a hlaha, Jesu o tla re tataisa ho re isa lefatšeng le lecha. (Bala Pesaleme ea 46:1-3.) Ka linako tse ling re ka ’na ra sitoa ho tšepahala ha maemo a rona a bophelo a fetoha. Kahoo, re ka etsa’ng e le hore re lule re khobile matšoafo re bile re e-na le tumelo e matla ho Jehova? Re tl’o araba potso ena sehloohong se latelang.

^ ser. 8 Baiseraele ba ne ba sa lumelloa ho nka thepa ea Jeriko. Ka lebaka leo, baepolli ba lintho tsa khale ba ile ba fumana lijo-thollo tse bokelletsoeng ka bongata lithakong tsa eona. Ba ile ba boela ba hlokomela hore Baiseraele ba ne ba sa e thibella nako e telele kaha lijo tseo li ne li ntse li le teng. Kahoo, e ne e le nako e nepahetseng ea hore ba ka liha motse oo hobane e ne e le nako ea kotulo.—Josh. 5:10-12.

^ ser. 11 U ka bala lebokose le reng “Pauluse o Tobana le Teko ka Boikokobetso” le hlahang ho Molula-Qhooa oa March 15, 2003, leq. 24.