Sesotho (Lesotho)
Na Mathata a Moruo a Tla ke a Fele?
https://cms-imgp.jw-cdn.org/img/p/501100030/univ/art/501100030_univ_sqr_xl.jpg
mrt sehlooho 36

Na Mathata a Moruo a Tla ke a Fele?

Na Mathata a Moruo a Tla ke a Fele?

 Linaheng tse ngata, batho ba ipelaetsa ka lebaka la mathata a moruo a teng. Mathata ana a ile a mpefala le ho feta nakong ea seoa sa COVID-19. Nakong eo, ho ile ha e-ba le merusu ka lebaka la li-lockdown, khaello ea lintho le khaello ea litšebeletso tsa bophelo bo botle. Ho ile ha bonahala phapang e kholo pakeng tsa barui le mafutsana.

 Na mathata a moruo a aparetseng lefatše a tla ke a fele? E. Bibele e bontša seo Molimo a tla se etsa ho rarolla mathata ao re tobaneng le ona.

Mathata a moruo ao Molimo a tla a rarolla

 Bothata: Batho ba hlolehile ho etsa hore boemo ba moruo bo khotsofatse litlhoko tsa batho bohle.

 Tharollo: Molimo o tla felisa mebuso ea batho ’me e nkeloe sebaka ke ’Muso oa hae. ’Muso oo o tla busa lefatše lohle o le leholimong.—Daniele 2:44; Matheu 6:10.

 Phello: Kaha ’Muso oa Molimo o tla busa lefatšeng lohle, o tla laola lefatše ka tsela e phethahetseng. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le bofutsana kapa mathata a moruo. (Pesaleme 9:7-9, 18) Ho e na le hoo, batho ba tla thabela mosebetsi oa matsoho a bona ’me ba phele bophelo bo khotsofatsang le malapa a bona. Bibele e tšepisa sena: “Ba tla haha matlo ’me ba lule ho ’ona, ba tla lema lirapa tsa morara ’me ba je litholoana tsa tsona. Ba ke ke ba haha matlo ebe motho e mong o lula ho ’ona, ba ke ke ba lema ebe ho ja batho ba bang.”—Esaia 65:21, 22.

 Bothata: Batho ha ba khone ho qoba liketsahalo tse bakang mathata le bofutsana.

 Tharollo: A sebelisa ’Muso oa hae, Molimo o tla felisa lintho tsohle tse etsang hore batho ba tšohe ba be ba ikutloe ba sa sireletseha.

 Phello: Tlas’a tlhokomelo ea Molimo, batho ha ba sa tla hlola ba hlaheloa ke maemo a etsang hore bona kapa malapa a bona ba hloke lintho tsa bohlokoa bophelong. Ka mohlala, lintoa, likhaello tsa lijo le mafu a seoa li ke ke tsa hlola li e-ba teng. (Pesaleme 46:9; 72:16; Esaia 33:24) Molimo o re: “Sechaba sa ka se tla lula sebakeng se nang le khotso, libakeng tse sireletsehileng le libakeng tse nang le khutso.”—Esaia 32:18.

 Bothata: Hangata batho ba meharo le ba inahanang bobona ba hatella batho ba bang.

 Tharollo: Bafo ba ’Muso oa Molimo ba tla ithuta ho rata ba bang e le kannete ho e-na le ho inahana bobona feela.—Matheu 22:37-39.

 Phello: Tlas’a ’Muso oa Molimo, e mong le e mong o tla bontša lerato le joalo ka la Molimo, hobane “ha a ichebe boeena feela.” (1 Bakorinthe 13:4, 5) Bibele e re: “Li ke ke tsa lematsa batho kapa tsa baka tšenyo thabeng eohle ea ka e halalelang hobane hohle lefatšeng batho ba tla tseba Jehova a, joalokaha metsi a koahela leoatle.”—Esaia 11:9.

 Bibele e bontša hore re phela mehleng ea bofelo le hore haufinyane Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho felisa mathata ’ohle a moruo. b (Pesaleme 12:5) Ha re ntse re emetse seo, melao-motheo ea Bibele e ka o thusa ho sebetsana le mathata a moruo ao o tobaneng le ona hona joale. Ka mohlala, sheba lihlooho tse re’ng, “U ka Phela ka Chelete e Nyenyane Joang?” le se re’ng, “E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete.

a Lebitso la Molimo ke Jehova joalokaha Bibele e bolela.—Pesaleme 83:18.

b E le ho tseba hore na ke hobane’ng ha u ka tšepa Bibele, sheba sehlooho se re’ng, “Buka e Buang ’Nete.