Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA BOSUPA

Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng

Tšepo ea Sebele ka Baratuoa ba Hao ba Shoeleng
  • Re tseba joang hore tsoho e tla fela e be teng?

  • Jehova o ikutloa joang ka ho tsosa bafu?

  • Ho tla tsosoa bo-mang?

1-3. Ke sera sefe se lelekisang e mong le e mong oa rōna, hona ke hobane’ng ha ho hlahloba seo Bibele e se rutang ho re imolla ka tsela e itseng?

AK’U nahane u baleha sera se sehlōhō. Se matla ho u feta ebile se lebelo ho u feta. Ua tseba hore ha se na kutloelo-bohloko kaha u kile ua se bona se bolaea e meng ea metsoalle ea hao. Ho sa tsotellehe hore na u leka ho tiisa hakae, se ntse se atamela. Lintho li bonahala li sa tšepise. Empa ka tšohanyetso ho hlaha mopholosi. O matla ho feta sera sa hao, ’me o tšepisa ho u thusa. Seo se etsa hore u ikutloe u imolohile hakaakang!

2 Ka kutloisiso e itseng, u lelekisoa ke sera seo. Se lelekisa e mong le e mong oa rōna. Joalokaha re ithutile khaolong e fetileng, Bibele e re lefu ke sera. Ha ho le ea mong oa rōna ea ka le qobang. Ba bangata ba rōna re bone ha sera sena se nka bophelo ba batho bao re ba ratang. Empa Jehova o matla haholo ho feta lefu. Ke Mopholosi ea lerato ea seng a ntse a bontšitse hore a ka hlōla sera sena. ’Me o tšepisa ho felisa sera sena, e leng lefu, ka ho feletseng. Bibele e re: “E le sera sa ho qetela, lefu le tla etsoa lefeela.” (1 Bakorinthe 15:26) Tseo ke litaba tse monate e le ruri!

3 A re ke re hlahlobe ho se hokae tsela eo sera sena, e leng lefu, se re amang kateng ha se hlasela. Ho hlahloba sena ho tla re thusa ho utloisisa taba e ’ngoe e tla re thabisa. Jehova o tšepisa hore bafu ba tla phela hape. (Esaia 26:19) Ba tla tsosoa. Ena ke eona tšepo e tlisoang ke tsoho.

HA EO U MO RATANG A E-SHOA

4. (a) Ke hobane’ng ha tsela eo Jesu a ikutloang ka eona ka ho shoeloa ke motho eo a mo ratang e re ruta tsela eo Jehova a ikutloang ka eona? (b) Jesu o ne a e-na le botsoalle bofe bo khethehileng?

4 Na u se u kile ua hlokahalloa ke motho eo u mo ratang? Ho ka bonahala eka bohloko, mesarelo le boikutlo ba ho felloa ke tšepo ke tse ke keng tsa mamelleha. Linakong tse joalo, re lokela ho batla matšeliso Lentsoeng la Molimo. (2 Bakorinthe 1:3, 4) Bibele e re thusa ho utloisisa kamoo Jehova le Jesu ba ikutloang kateng ka lefu. Jesu, ea bonahatsang seo Ntate oa hae a leng sona ka ho phethahetseng, o ne a tseba bohloko ba ho shoeloa ke motho eo a mo ratang. (Johanne 14:9) Ha Jesu a ne a le Jerusalema, o ne a tloaetse ho etela Lazaro le likhaitseli tsa hae, e leng Maria le Maretha, ba neng ba lula motsaneng oa Bethani o haufi le moo. E ne e le metsoalle e haufi. Bibele e re: “Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo le Lazaro.” (Johanne 11:5) Joalokaha re ithutile khaolong e fetileng, Lazaro o ile a shoa.

5, 6. (a) Jesu o ile a etsa’ng ha a e-na le beng ka Lazaro le metsoalle ea hae e saretsoeng? (b) Ke hobane’ng ha ho sareloa ha Jesu ho re khothatsa?

5 Jesu o ile a ikutloa joang ha a lahleheloa ke motsoalle oa hae? Tlaleho e re Jesu o ile a tla ho beng ka Lazaro le metsoalle ea hae ha ba ntse ba saretsoe ka lebaka la tahlehelo ena. Jesu o ile a ameha habohloko ha a ba bona. O ile a “bobola moeeng ’me a khathatseha.” Tlaleho e tsoela pele ho re, “Jesu a ntša meokho.” (Johanne 11:33, 35) Na ho sareloa ha Jesu ho ne ho bolela hore ha a na tšepo? Che. Ha e le hantle, Jesu o ne a tseba hore ho tlil’o etsahala ntho e ’ngoe e hlollang. (Johanne 11:3, 4) Empa o ile a ’na a utloa bohloko le ho sareloa ho tlisoang ke lefu.

6 Ho sareloa ha Jesu hoa re khothatsa ka tsela e itseng. Ho re ruta hore Jesu le Ntate oa hae, Jehova, ba hloile lefu. Empa Jehova Molimo o na le matla a ho loantša sera seo le ho se hlōla! A re hlahlobe seo Molimo a ileng a nolofalletsa Jesu ho se etsa.

“LAZARO, TSOA!”

7, 8. Ke hobane’ng ha boemo ba Lazaro bo ne bo ka ’na ba bonahala bo sa tšepise ho batho ba neng ba shebeletse, empa Jesu o ile a etsa’ng?

7 Lazaro o ne a bolokiloe ka lehaheng, ’me Jesu a kōpa hore ho tlosoe lejoe le neng le koetse lehaha leo. Maretha o ile a hana kaha ka mor’a matsatsi a mane e ne e tlameha ebe setopo sa Lazaro se se se qalile ho bola. (Johanne 11:39) Ho ea ka pono ea batho, na ebe ho ne ho sa na le tšepo tjee?

Ho tsosoa ha Lazaro ho ile ha tlisa thabo e khōlō.—Johanne 11:38-44

8 Lejoe le ile la tlosoa, eaba Jesu o hooa ka lentsoe le phahameng o re: “Lazaro, tsoa!” Ha etsahala’ng? “Monna ea neng a shoele a tsoa.” (Johanne 11:43, 44) Na u ka inahanela kamoo batho ba neng ba le teng moo ba ileng ba thaba kateng? Ebang Lazaro e ne e le khaitseli’a bona, mong ka bona, motsoalle kapa moahisani, ba ne ba tseba hore o ne a shoele. Empa joale ke enoa o eme le bona—e ntse e le eena eloa eo ba mo ratang. E tlameha ebe ba ile ba nahana hore baa lora. Ha ho pelaelo hore bongata ba bona bo ile ba haka Lazaro ka thabo. Lefu le ne le hlōtsoe hakaakang!

Elia o ile a tsosa mora oa mosali oa mohlolohali.—1 Marena 17:17-24

9, 10. (a) Jesu o ile a senola joang Mohloli oa matla a hae a ho tsosa Lazaro? (b) E meng ea melemo ea ho bala litlaleho tsa Bibele tse buang ka tsoho ke efe?

9 Jesu ha aa ka a re o entse mohlolo oo o tsotehang ka matla a hae. Thapelong eo a ileng a e etsa nakoana pele a bitsa Lazaro hore a tsoe, o ile a hlakisa hore Jehova ke eena Mohloli o fanang ka matla a ho tsosa bafu. (Johanne 11:41, 42) Lena hase lona feela lekhetlo leo ka lona Jehova a ileng a sebelisa matla a hae ka tsela ena. Ho tsosoa ha Lazaro bafung ke o mong feela oa mehlolo e robong ea mofuta ona e tlalehiloeng Lentsoeng la Molimo. * Ho bala litlaleho tsena le ho ithuta tsona hoa thabisa. Li re ruta hore Molimo ha a ee ka tšobotsi, kaha ba ileng ba tsosoa bafung ba ne ba akarelletsa bana le batho ba baholo, banna le basali, Baiseraele le bao e seng Baiseraele. Litlaleho tsee li thabisa hakaakang! Ka mohlala, ha Jesu a ne a tsosa moroetsana ea shoeleng, batsoali ba hae ba ile “ba hlolloa haholo.” (Mareka 5:42) E, Jehova o ne a ba thabisitse ka tsela eo ba neng ba ke ke ba e lebala.

Moapostola Petrose o ile a tsosa mosali oa Mokreste ea bitsoang Dorkase.—Liketso 9:36-42

10 Ke ’nete hore qetellong batho bao Jesu a ileng a ba tsosa ba ile ba boela ba shoa. Na see se bolela hore e bile tšenyo ea nako ho ba tsosa? Che. Litlaleho tsena tsa Bibele li tiisa linnete tsa bohlokoa ebile li re fa tšepo.

SEO RE ITHUTANG SONA LITLALEHONG TSE BUANG KA TSOHO

11. Tlaleho ea ho tsosoa ha Lazaro e thusa ho tiisa ’nete e tlalehiloeng ho Moeklesia 9:5 joang?

11 Bibele e ruta hore bafu ‘ha ba tsebe letho ho hang.’ Ha ba phele ebile ha ho letho leo ba le tsebang. Sena se tiisoa ke tlaleho ea Lazaro. Na ha Lazaro a tsoha o ile a phetela batho lipale tse ba khahlang tsa se etsahalang leholimong? Kapa na o ile a ba tšosa ka lipale tse nyarosang tsa lihele tse tukang? Che. Bibele ha e bontše hore Lazaro o ile a bua lintho tse joalo. Ka matsatsi a mane ao a neng a shoele ka ’ona, o ne a sa ‘tsebe letho ho hang.’ (Moeklesia 9:5) Lazaro o ne a mpa a ithobaletse lefung.—Johanne 11:11.

12. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore Lazaro o ile a fela a tsosoa bafung?

12 Tlaleho ea Lazaro e boetse e re ruta hore tsoho ke ntho ea sebele, hase tšōmo feela tjee. Jesu o ile a tsosa Lazaro ka pel’a lipaki tse ngata. Esita le baeta-pele ba bolumeli, ba neng ba hloile Jesu, ha baa ka ba latola mohlolo ona. Ho e-na le hoo, ba ile ba re: “Re tla etsa joang, hobane monna enoa [Jesu] o etsa lipontšo tse ngata?” (Johanne 11:47) Batho ba bangata ba ile ba tla ho tla bona monna ea tsositsoeng. Ka lebaka leo, ba bangata ba bona ba ile ba lumela ho Jesu. Ba ne ba hlokomela hore Lazaro ke bopaki bo phelang ba hore Jesu o rometsoe ke Molimo. Bopaki bona bo ne bo le matla hoo baeta-pele ba bang ba bolumeli ba Sejuda ba thatafetseng lipelo ba ileng ba rera ho bolaea Jesu hammoho le Lazaro.—Johanne 11:53; 12:9-11.

13. Re na le motheo ofe oa ho lumela hore ka sebele Jehova a ka tsosa bafu?

13 Na ke ho sa utloahaleng ho amohela hore tsoho ke taba ea sebele? Che, kaha Jesu o rutile hore ka letsatsi le leng “bohle ba mabitleng a khopotso” ba tla tsosoa. (Johanne 5:28) Jehova ke ’Mōpi oa tsohle tse phelang. Na re lokela ho thatafalloa ho lumela hore a ka boela a bōpa libōpuoa tse phelang? Ke ’nete hore boholo ba taba bo itšetlehile ka mohopolo oa Jehova. Na a ka hopola baratuoa ba rōna ba shoeleng? Ho na le linaleli tse se nang palo bokahohleng, empa Molimo o reha e ’ngoe le e ’ngoe ea tsona lebitso! (Esaia 40:26) Kahoo Jehova Molimo a ka hopola ntho e ’ngoe le e ’ngoe ka baratuoa ba rōna ba shoeleng, ’me o ikemiselitse ho ba tsosa.

14, 15. Joalokaha mantsoe a Jobo a bontša, Jehova o ikutloa joang ka ho tsosa bafu?

14 Empa Jehova o ikutloa joang ka ho tsosa bafu? Bibele e re o labalabela ho tsosa bafu. Monna ea tšepahalang Jobo o ile a botsa a re: “Haeba monna ea shahlileng a shoa na a ka phela hape?” Jobo o ne a bua ka ho leta lebitleng ho fihlela ho fihla nako ea hore Molimo a mo hopole. O ile a re ho Jehova: “U tla hooa, ’me ke tla u araba. U tla hloloheloa mosebetsi oa matsoho a hao.”—Jobo 14:13-15.

15 Ak’u nahane feela! Ha e le hantle Jehova o hloloheloa ho tsosa bafu. Na hase ho thobang pelo ho tseba hore Jehova o ikutloa ka tsela ee? Empa ho thoe’ng ka tsoho e tla etsahala nakong e tlang? Ho tla tsosoa bo-mang, hona ba tla tsohela hokae?

“BOHLE BA MABITLENG A KHOPOTSO”

16. Bafu ba tla tsosetsoa ho tla phela maemong a joang?

16 Litlaleho tsa Bibele tse buang ka tsoho li re ruta ho hongata ka tsoho e tlang. Batho ba ileng ba tsosoa mona lefatšeng ba ile ba kopanngoa le baratuoa ba bona hape. Ho tla ba joalo le tsohong ea nako e tlang—empa e tla ba molemo le ho feta. Joalokaha re ithutile Khaolong ea 3, morero oa Molimo ke hore lefatše lohle e be paradeise. Kahoo bafu ha ba na ho tsosetsoa ho tla phela lefatšeng le tletseng lintoa, tlōlo ea molao le ho kula. Ba tla ba le monyetla oa ho phela ka ho sa feleng lefatšeng lena ba phela ka khotso le ka thabo.

17. Tsoho e tla ba e pharaletseng hakae?

17 Ho tla tsosoa bo-mang? Jesu o ile a re “bohle ba mabitleng a khopotso ba tla utloa lentsoe la hae [Jesu] ’me ba tsoe.” (Johanne 5:28, 29) Tšenolo 20:13 le eona e re: “Leoatle la nehelana ka bafu ba ho lona, ’me lefu le Hadese tsa nehelana ka bafu ba ho tsona.” “Hadese” e bolela lebitla le tloaelehileng la moloko oa batho. (Bona Sehlomathiso, leqepheng la 212-13.) Lebitla lena le akaretsang le tla horuloa. Batho bohle ba libilione ba phomotseng lebitleng ba tla tsosoa. Moapostola Pauluse o ile a re: “Ho tla ba le tsoho ea ba lokileng le ba sa lokang.” (Liketso 24:15) See se bolela’ng?

Paradeiseng, bafu ba tla tsoha ’me ba kopanngoe le baratuoa ba bona

18. “Ba lokileng” ba tla tsosoa ba akarelletsa bo-mang, hona tšepo ee ea tsoho e ka u ama joang?

18 “Ba lokileng” ba akarelletsa batho ba bangata bao re balang ka bona ka Bibeleng ba phetseng pele Jesu a tla lefatšeng. U ka ’na ua nahana ka Noe, Abrahama, Sara, Moshe, Ruthe, Esthere le ba bang ba bangata. Ba bang ba banna le basali bana ba tumelo ba boletsoe ho Baheberu khaolo ea 11. Empa “ba lokileng” ba boetse ba akarelletsa bahlanka ba Jehova ba shoang mehleng ena ea rōna. Kaha re na le tšepo ea tsoho, re ka lokoloha ho tšabeng lefu.—Baheberu 2:15.

19. “Ba sa lokang” ke bo-mang, hona ka mosa Jehova o ba fa monyetla ofe?

19 Ho thoe’ng ka batho bohle ba sa kang ba sebeletsa Jehova kapa hona ho mo mamela hobane ba ne ba sa mo tsebe? Bana ba libilione “ba sa lokang” ha ba na ho lebaloa. Le bona ba tla tsosoa ’me ba fuoe nako ea ho ithuta ka Molimo oa ’nete le ho mo sebeletsa. Nakong ea lilemo tse sekete, bafu ba tla tsosoa ’me ba fuoe monyetla oa ho sebeletsa Jehova hammoho le batho ba bang ba tšepahalang lefatšeng. Eo e tla ba nako e thabisang. Ena ke eona nako eo Bibele e reng ke Letsatsi la Kahlolo. *

20. Gehena ke eng, hona ho ea bo-mang moo?

20 Na see se bolela hore motho e mong le e mong ea kileng a phela o tla tsosoa? Che. Bibele e re bafu ba bang ba “Gehena.” (Luka 12:5) Gehena e reheletsoe ka thotobolo e neng e le ka ntle ho Jerusalema ea boholo-holo. Litopo le litšila li ne li chesetsoa moo. Bafu bao litopo tsa bona li neng li lahleloa moo e ne e le batho bao Bajuda ba neng ba nka hore ha ba tšoanelehe hore ba ka patoa le ho tsosoa. Kahoo Gehena ke tšoantšetso e loketseng ea timetso ea ka ho sa feleng. Le hoja Jesu a tla ba le karolo e itseng ho ahloleng ba phelang le ba shoeleng, Jehova ke eena Moahloli oa ho qetela. (Liketso 10:42) A ke ke a tsosa bao a ba ahlotseng ka hore ba khopo ebile ha baa ikemisetsa ho fetoha.

TSOHO EA LEHOLIMONG

21, 22. (a) Ho boetse ho na le tsoho ea mofuta ofe? (b) Motho oa pele ea tsoselitsoeng bophelong ba moea ke mang?

21 Bibele e boetse e bua ka tsoho ea mofuta o mong, e leng ea batho ba il’o phela leholimong e le libōpuoa tsa moea. Ka Bibeleng ho tlalehiloe mohlala o le mong feela oa tsoho ea mofuta ona, e leng tsoho ea Jesu Kreste.

22 Ka mor’a hore Jesu a bolaoe e le motho oa nama, Jehova ha aa ka a lumella Mora oa Hae ea tšepahalang ho lula lebitleng. (Pesaleme ea 16:10; Liketso 13:34, 35) Molimo o ile a tsosa Jesu, empa eseng e le motho oa nama. Moapostola Petrose o hlalosa hore Kreste o ile “a bolaoa nameng, empa a phelisoa moeeng.” (1 Petrose 3:18) Ka sebele ona e bile mohlolo o moholo. Jesu o ne a boetse a phela e le motho ea matla oa moea! (1 Bakorinthe 15:3-6) Jesu e bile eena oa pele oa ho amohela tsoho ena e khanyang. (Johanne 3:13) Empa e ne e sa tl’o ba eena oa ho qetela.

23, 24. Ke bo-mang ba etsang “mohlatsoana” oa Jesu, hona ba tla ba bakae ka palo?

23 Kaha Jesu o ne a tseba hore haufinyane o tla khutlela leholimong, o ile a bolella balateli ba hae ba tšepahalang hore o il’o ba “lokisetsa sebaka” moo. (Johanne 14:2) Jesu o ile a re bao ba eang leholimong ke “mohlatsoana” oa hae. (Luka 12:32) Ke batho ba bakae ba sehlopheng see se fokolang sa Bakreste ba tšepahalang? Ho ea ka Tšenolo 14:1, moapostola Johanne o re: “Ka talima, ’me, bonang! Konyana [Jesu Kreste] e emeng Thabeng ea Sione, e e-na le ba likete tse lekholo le mashome a mane a metso e mene bao lebitso la eona le lebitso la Ntat’a eona le ngotsoeng liphatleng tsa bona.”

24 Bakreste bana ba 144 000, ba akarelletsang baapostola ba Jesu ba tšepahalang, ba tsosetsoa ho ea phela leholimong. Tsoho ea bona e etsahala neng? Moapostola Pauluse o ile a ngola hore e ne e tla etsahala nakong ea ho ba teng ha Kreste. (1 Bakorinthe 15:23) Joalokaha u tla ithuta Khaolong ea 9, re phela nakong eo hona joale. Kahoo masala a seng makae a ba 144 000 a shoang mehleng ena ea rōna a tsosetsoa bophelong ba leholimong ka ho panya ha leihlo. (1 Bakorinthe 15:51-55) Leha ho le joalo, batho ba bangata ba na le tšepo ea hore ba tla tsosetsoa ho tla phela Paradeiseng lefatšeng nakong e tlang.

25. Re tl’o buisana ka eng khaolong e latelang?

25 Ka sebele Jehova o tla hlōla sera sa rōna, e leng lefu, ’me se tla felisoa ka ho sa feleng! (Esaia 25:8) Empa u ka ’na ua ipotsa, ‘Ba tsosetsoang leholimong ba il’o etsa’ng moo?’ E il’o ba karolo ea puso ea ’Muso o babatsehang oa leholimo. Re tl’o ithuta ho eketsehileng ka puso ena khaolong e latelang.

^ ser. 19 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka Letsatsi la Kahlolo le motheo oa kahlolo, ka kōpo bona Sehlomathiso, leqepheng la 213-15.