Exoda 33:1-23

  • Molaetsa o tsoang ho Molimo o khalemelang (1-6)

  • Tente ea pokano ka ntle ho liahelo (7-11)

  • Moshe o kopa ho bona khanya ea Jehova (12-23)

33  Jehova a re ho Moshe: “Tsamaea, u tlohe mona le sechaba seo u se eteletseng pele ho tsoa naheng ea Egepeta. U ee naheng eo ke e hlapanyelitseng Abrahama, Isaka le Jakobo ka re, ‘Ke tla e fa litloholo* tsa hao.’+  Ke tla romela lengeloi hore le le etelle pele+ ’me ke leleke Bakanana, Baamore, Bahethe, Bapereze, Baheve le Bajebuse.+  E-eang naheng e phallang lebese le mahe a linotši.+ Empa nke ke ka tsamaea le lona hobane le sechaba se manganga*+ ’me nka ’na ka le felisa tseleng.”+  Ha batho ba utloa mantsoe ana a bohloko, ba hlonama. Ha ho le ea mong ho bona ea ileng a roala mekhabiso ea hae.  Jehova a re ho Moshe: “E-re ho Baiseraele, ‘Le sechaba se manganga.*+ Ka motsotsoana feela nka tla ho lona ’me ka le felisa.+ Le se ke la roala mekhabiso ea lona ha ke ntse ke nahana hore na ke etse’ng ka lona.’”  Ho tloha Thabeng ea Horebe ho ea pele, Baiseraele ha baa ka ba roala mekhabiso ea bona.  Moshe a nka tente ea hae a e hloma ka ntle ho liahelo holenyana le tsona eaba o e bitsa tente ea pokano. Batho bohle ba neng ba batla ho botsa Jehova+ ba ne ba ea tenteng ea pokano, e neng e le ka ntle ho liahelo.  Hang ha Moshe a ea tenteng, batho bohle ba ne ba ema menyako ea litente tsa bona. Ba ne ba sheba Moshe ho fihlela a kena ka tenteng.  Hang ha Moshe a kena ka tenteng, leru*+ le ne le theohela fatše ’me le ema monyako oa tente ha Molimo a ntse a bua le Moshe.+ 10  Ha sechaba sohle se bona leru le eme monyako oa tente, e mong le e mong o ne a ema ’me a inama monyako oa tente ea hae. 11  Jehova a bua le Moshe ba shebane mahlong+ joalokaha motho a bua le motho e mong. Ha a khutlela liahelong, Joshua+ mora oa Nune, e leng mosebeletsi le mohlanka+ oa Moshe, o ne a sa tlohe tenteng. 12  Moshe a re ho Jehova: “U re ke etelle sechaba sena pele empa ha oa ntsebisa hore na ke mang eo u tla mo roma le ’na. Ho feta moo u itse, ‘Ke u tseba ka lebitso* ebile oa nkhahlisa.’* 13  Haeba kea u khahlisa,* ke kopa u ntsebise litsela tsa hao+ e le hore ke u tsebe ’me ke lule ke u khahlisa. Hape u se ke oa lebala hore sechaba sena ke sechaba sa hao.”+ 14  Molimo a re: “Ke tla tsamaea le uena+ ’me ke tla u phomotsa.”+ 15  Moshe a re ho eena: “Haeba u sa tsamaee le rona u se ke oa re tlosa mona. 16  Batho ba tla tseba joang hore ’na le sechaba sa hao rea u khahlisa?* Na ha se ka hore u tsamaee le rona+ e le hore ’na le sechaba sa hao re be ba sa tšoaneng le lichaba tse ling tsohle tse lefatšeng?”+ 17  Jehova a re ho Moshe: “Ke tla etsa le ntho ena eo u e kopang hobane oa nkhahlisa* ebile ke u tseba ka lebitso.” 18  Moshe a re ho Molimo: “Ke kopa u mpontše khanya ea hao.” 19  Molimo a re: “Ke tla etsa hore molemo oohle oa ka o fete ka pel’a sefahleho sa hao ’me ke tla bolela lebitso la Jehova+ ka pel’a hao. Ke tla bontša mosa ho eo ke tla mo bontša mosa ’me ke tla bontša mohau ho eo ke tla mo bontša mohau.”+ 20  Hape a re: “U ke ke oa bona sefahleho sa ka hobane ha ho na motho ea ka mponang ’me a phela.” 21  Jehova a re: “Sebaka ke sena haufi le ’na. Ema holim’a lefika. 22  Ha khanya ea ka e feta, ke tla u kenya ka lepatsong la lefika ’me ke tla u sireletsa ka letsoho la ka ho fihlela ke fetile. 23  Ka mor’a moo, ke tla tlosa letsoho la ka ’me u tla bona mokokotlo oa ka. Empa sefahleho sa ka se ke ke sa bonoa.”+

Linaletsana

Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “se melala e sataletseng.”
Ka Seheberu: “se melala e sataletseng.”
Ka Seheberu ke leru le kang pilara.
Kapa: “Ke u khethile.”
Ka Seheberu: “u fumane kamohelo mahlong a ka.”
Ka Seheberu: “ke fumane kamohelo mahlong a hao.”
Ka Seheberu: “re fumane kamohelo mahlong a hao.”
Ka Seheberu: “u fumane kamohelo mahlong a ka.”