Exoda 22:1-31

  • Melao eo Baiseraele ba neng ba lokela ho e latela (1-31)

    • Ka bosholu (1-4)

    • Ka tšenyo ea lijalo (5, 6)

    • Ka ho patala le mabapi le lintho tseo motho a neng a e-na le tsona (7-15)

    • Ka ho qhekanyetsa (16, 17)

    • Ka borapeli le ho tšoara sechaba ka toka (18-31)

22  Haeba motho a utsoa poho kapa nku ’me a e hlaba kapa a e rekisa, bakeng sa poho e le ’ngoe a patale ka lipoho tse hlano ’me bakeng sa nku e le ’ngoe a patale ka linku tse ’nè.+ 2  (Haeba lesholu+ le fumanoa le thuha ’me le otloa le bile le shoa, motho ea le bolaileng a ke ke a ba le molato oa mali. 3  Empa haeba seo se etsahala motšehare, motho ea le bolaeang o tla ba le molato oa mali.) Lesholu le patalle molato oa lona. Haeba le se na letho, le tla rekisoa bakeng sa lintho tseo le li utsoitseng. 4  Haeba liphoofolo tseo lesholu leo le li utsoitseng li fumanoa ho lona li ntse li phela ebang ke poho kapa ke tonki kapa ke nku, le li patale habeli. 5  Haeba motho a fulisa liphoofolo tsa hae tšimong kapa serapeng sa morara ’me a li tlohela hore li fule tšimong ea motho e mong, a patale motho eo ka lijalo tse ntle ka ho fetisisa tsa tšimo ea hae kapa ka litholoana tse ntle ka ho fetisisa tsa serapa sa hae sa morara. 6  Ha mollo o fihla lifateng tsa meutloa ’me o chesa mangata kapa koro* e e-s’o kotuloe kapa tšimo, motho ea o qalileng a patale lintho tse cheleng. 7  Haeba motho a fa oa habo chelete kapa lintho tse itseng hore a li boloke ho eena ’me li utsuoa ntlong ea hae, ha lesholu le fumanoa, le patale lintho tseo habeli.+ 8  Haeba lesholu le sa fumanoe, mong’a ntlo a tlisoe ka pel’a Molimo oa ’nete+ ho bona hore na ebe ha se eena ea utsoitseng* thepa ea oa habo. 9  Neng kapa neng ha motho a qosa e mong ka hore o nkile lintho tsa hae ebang ke poho, tonki, nku, seaparo kapa ntho leha e le efe e lahlehileng, ka bobeli ba hlahe ka pel’a Molimo oa ’nete+ e le hore ho tsebahale hore na mong’a lintho ke mang. Molimo o tla bolela hore na ke mang ea molato ’me motho eo a patale oa habo habeli.+ 10  Haeba motho a fa oa habo tonki, poho, nku kapa phoofolo leha e le efe hore a e hlokomele ’me e shoa kapa e holofala kapa masholu a e nka ho se na motho ea shebileng, 11  ba le babeli ba ee ho baahloli ’me motho ea neng a fuoe phoofolo hore a e hlokomele a hlapanye ka pel’a Jehova hore ha aa nka thepa ea oa habo ’me mong’a eona a amohele hore ho joalo. Motho eo a se ke a li patala.+ 12  Empa haeba liphoofolo li utsoitsoe ho eena, a patale mong’a tsona. 13  Haeba e harotsoe ke phoofolo e hlaha, a e tlise e le bopaki. A ke ke a patala ntho e harotsoeng ke phoofolo e hlaha. 14  Empa haeba motho a alima phoofolo ho oa habo ’me e holofala kapa e shoa mong’a eona a le sieo, motho ea e alimmeng a e patale. 15  Haeba mong’a eona a le teng, a ke ke a e patala. Haeba e ne e hiriloe, e pataloe ka chelete eo e neng e hiriloe ka eona. 16  Haeba monna a qhekanyetsa moroetsana* ea sa lebeletsoang ’me a robala le eena, a mo ntšetse mahali ’me e be mosali oa hae.+ 17  Haeba ntate oa hae a hana ho mo fa eena, monna eo o ntse a lokela ho patala chelete e lekanang le ea ho ntša mahali. 18  U se ke oa tlohela moloi* hore a phele.+ 19  Mang kapa mang ea etsang thobalano le phoofolo a bolaoe.+ 20  Mang kapa mang ea etsetsang melimo e meng mahlabelo haese Jehova feela a bolaoe.+ 21  Le se ke la tšoara balichaba hampe kapa la ba hatella+ hobane le lona le ne le le balichaba naheng ea Egepeta.+ 22  Le se ke la hlorisa mohlolohali leha e le ofe kapa khutsana.*+ 23  Haeba u ka ba hlorisa ebe ba llela ho ’na, ke tla utloa sello sa bona,+ 24  ke tla halefa haholo ’me ke tla le bolaea ka sabole. Basali ba lona e tla ba bahlolohali ’me bana ba lona e tla ba ba se nang bo-ntate. 25  Haeba u alima motho ea futsanehileng* chelete sechabeng sa ka, ho eena u se ke oa tšoana le motho ea batlang tsoala ha a alimana ka chelete. U se ke oa mo patalisa tsoala.+ 26  Haeba u nka seaparo sa oa heno hore a tle a u patale,+ u se khutlisetse ho eena ha letsatsi le likela. 27  Ke sona feela seaparo sa hae. Ke seaparo sa hae se koahelang ’mele* oa hae. O tla robala ka eng?+ Ke tla mo utloa ha a llela ho ’na kaha ke na le kutloelo-bohloko.*+ 28  U se ke oa rohaka Molimo+ kapa oa rohaka khosana* ea sechaba sa heno.+ 29  Le se ke la tsila-tsila ho etsa mahlabelo ka lintho tsa lona tse ngata tseo le li kotutseng le ka lintho tse tšolohang lihatelong* tsa lona.+ Le mphe matsibolo a bara ba lona.+ 30  Sena ke seo u lokelang ho se etsa ka poho ea hao le ka nku ea hao:+ E tla qeta matsatsi a supileng le ’mè oa eona. U mphe eona ka letsatsi la borobeli.+ 31  Le be batho ba halalelang ho ’na+ ’me le se ke la ja nama ea ntho leha e le efe e harotsoeng ke phoofolo e hlaha.+ Empa le e akhelle lintja.

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “lijo-thollo.” Sheba Tlhaloso.
^ Ka Seheberu: “ea behileng letsoho holim’a.”
^ Lentsoe la Seheberu le sebelisitsoeng mona le bolela mosali ea e-s’o ka a etsa thobalano.
^ Mona Seheberu se bua ka moloi oa mosali.
^ Kapa: “ngoana ea se nang ntate.”
^ Kapa: “hlorileng.”
^ Ka Seheberu: “nama.”
^ Kapa: “mosa.”
^ Kapa: “ ’musi.”
^ E leng oli kapa veine.