Exoda 28:1-43

  • Liaparo tsa baprista (1-5)

  • Efoda (6-14)

  • Mokotlana oa sefuba (15-30)

    • Urime le Thumime (30)

  • Seaparo se se nang matsoho (31-35)

  • Tuku e nang le lesenke la khauta (36-39)

  • Liaparo tse ling tsa baprista (40-43)

28  U bitse abuti oa hao Arone har’a Baiseraele le bara ba hae e le hore Arone+ a ka sebeletsa e le moprista oa ka,+ eena le Nadabe le Abihu,+ Eleazare le Ithamare,+ e leng bara ba Arone.+  U etsetse abuti oa hao Arone liaparo tse halalelang bakeng sa khanya le botle.+  U bue le bohle ba tsebang ho etsa mosebetsi oa matsoho* bao ke ba fileng bohlale+ ’me ba etse liaparo tsa Arone ho bontša hore o halalelitsoe e le hore a ka sebeletsa e le moprista oa ka.  Ba etse liaparo tsena: Mokotlana oa sefuba,+ efoda,+ seaparo se se nang matsoho,+ seaparo se selelele se sekoche, tuku+ le lebanta.+ Ba etsetse abuti oa hao Arone le bara ba hae liaparo tsena tse halalelang e le hore a ka sebeletsa e le moprista oa ka.  Ba sebelise khoele e ’mala oa khauta, khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle.  Ba etse efoda ka khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng ’me ba e khabise ka khoele e ’mala oa khauta.+  E be le masela a mabeli a kopantsoeng mahetleng a kopanyang karolo e ka pele le e ka morao.  Lebanta le lohiloeng+ le rokelletsoeng holim’a efoda hore le e fase ka thata, le etsoe ka lintho tse tšoanang le efoda: Khoele e ’mala oa khauta, khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le line ea boleng bo botle e lohiloeng.  U nke majoe a mabeli a onikse+ ’me u ngole mabitso a bara ba Iseraele holim’a ’ona ka ho a fata.+ 10  U ngole mabitso a tšeletseng holim’a lejoe le leng ’me mabitso a mang a tšeletseng u a ngole holim’a lejoe le leng ho ea ka tatellano ea tsoalo ea bona. 11  Setsebi sa ho betla majoe se ngole mabitso a bara ba Iseraele ka ho a fata majoeng ao ka mongolo o kang oa letšoao la tiiso.+ Ka mor’a moo, u a hlome liluloaneng tsa khauta. 12  U behe majoe ao a mabeli holim’a masela a efoda a mahetleng e le majoe a sehopotso ho bara ba Iseraele+ ’me Arone a jare mabitso a bona ka pel’a Jehova holim’a masela a hae a mabeli a mahetleng e le sehopotso. 13  U etse liluloana tsa khauta 14  le liketane tse peli tsa khauta e hloekileng+ tse sothiloeng joaloka ropo ’me u hokelle liketane tse kang ropo liluloaneng tseo.+ 15  Mokhabisi ea rokellang a etse mokotlana oa sefuba oa kahlolo.+ U etsoe joaloka efoda ka khoele e ’mala oa khauta, khoele e putsoa, ulu e pherese, lesela le lefubelu le ka line ea boleng bo botle e lohiloeng.+ 16  Mokotlana oa sefuba o be le mahlakore a mane a lekanang ha o menoa. O be bolelele ba lisenthimithara tse ka bang 22* le bophara ba lisenthimithara tse ka bang 22. 17  U etse mela e mene ea majoe holim’a oona. Moleng oa pele e be lejoe la rubi, topaze le la emeralde. 18  Moleng oa bobeli e be lejoe la thekoise, safire le la jaspere. 19  Moleng oa boraro e be lejoe la lesheme,* la agate le la amethiste. 20  Moleng oa bone e be lejoe la krisolite, onikse le la jade. A hlongoe liluloaneng tsa khauta. 21  Majoe ao a lekane le mabitso a 12 a bara ba Iseraele. Lebitso ka leng le ngoloe ka mongolo o fatiloeng o kang oa letšoao la tiiso. Lebitso ka leng le emele leloko le le leng la e 12. 22  U etse liketane tse lohiloeng holim’a mokotlana oa sefuba, li be joaloka liropo tsa khauta e hloekileng.+ 23  U etse lireng tse peli tsa khauta bakeng sa mokotlana oa sefuba ’me u khomaretse lireng tseo tse peli lik’honeng tse peli tsa mokotlana oa sefuba. 24  U kenye liropo tse peli tsa khauta masobeng a lireng tse peli tse lik’honeng tsa mokotlana oa sefuba. 25  U kenye lintlha tse peli tsa liropo tse peli liluloaneng tse peli ’me u li khomaretse holim’a masela a mabeli a mahetla a efoda, karolong ea eona e ka pele. 26  U etse lireng tse peli tsa khauta ’me u li behe lik’honeng tse peli tse ka hare tsa mokotlana oa sefuba, li shebane le efoda.+ 27  U etse lireng tse ling tse peli tsa khauta karolong e ka pele ea efoda, haufi le moo efoda e kopanang teng, ka holim’a lebanta le lohiloeng le tlamileng efoda.+ 28  Mokotlana oa sefuba o tšoaroe ka thapo e putsoa, lireng tsa oona li tlamelloe ho lireng tsa efoda. Sena se tla etsa hore mokotlana oa sefuba o lule holim’a efoda, ka holim’a lebanta le lohiloeng. 29  Arone a jare mabitso a bara ba Iseraele mokotlaneng oa sefuba oa kahlolo holim’a pelo ea hae ha a kena ka Sehalalelong e le sehopotso ka pel’a Jehova kamehla. 30  U kenye Urime le Thumime*+ ka har’a mokotlana oa sefuba oa kahlolo ’me li be holim’a pelo ea Arone ha a kena ka pel’a Jehova. Arone a li jare holim’a pelo ea hae ka pel’a Jehova kamehla bakeng sa ho etsa liqeto tse mabapi le Baiseraele. 31  U etse seaparo se se nang matsoho sa efoda ka khoele e putsoa feela.+ 32  Ho be le lesoba karolong ea sona e molaleng.* Le be le lemeno ka hohle le lohiloeng ke motho ea sebetsang ka foreimi e etsang masela. Lesoba leo le be thata joaloka lesoba la seaparo sa tšepe e le hore le se ke la taboha. 33  U etse likharenate ka khoele e putsoa, ulu e pherese le lesela le lefubelu ho potoloha lemeno le tlase la seaparo le litleloko* tsa khauta pakeng tsa tsona. 34  U etse hore tleloko ea khauta e lateloe ke kharenate, e be tleloko ea khauta ’me pel’a eona e be kharenate. U li kenye joalo ho potoloha lemeno le tlase la seaparo se se nang matsoho. 35  Se aparoe ke Arone e le hore a ka sebeletsa e le moprista ’me molumo o etsoang ke litleloko o utloahale ha a kena ka sehalalelong ka pel’a Jehova le ha a tsoa e le hore a se ke a shoa.+ 36  U etse lesenke le benyang la khauta e hloekileng ’me holim’a lona u ngole ka mongolo o fatiloeng o kang oa letšoao la tiiso, o reng: ‘Khalalelo ke ea Jehova.’+ 37  U le tlamelle tukung+ ka khoele e putsoa. Le lule karolong e ka pele ea tuku. 38  Le be phatleng ea Arone ’me Arone o tla ikarabella ha motho e mong a etsa phoso khahlanong le lintho tse halalelang,+ tseo Baiseraele ba li halaletsang ha ba fana ka tsona e le limpho tse halalelang. Le lule phatleng ea hae kamehla e le hore ba ka amoheleha ka pel’a Jehova. 39  U lohe seaparo se selelele se sekoche sa line ea boleng bo botle, u etse tuku ea line ea boleng bo botle ’me u etse le lebanta le lohiloeng.+ 40  U boele u etsetse bara ba Arone liaparo tse telele, mabanta le masela a roaloang hloohong+ bakeng sa khanya le botle.+ 41  U li apese abuti oa hao Arone le bara ba hae ’me u ba tlotse ka oli,+ u ba behe* hore e be baprista+ ’me u ba halaletse. Ba tla sebeletsa e le baprista ba ka. 42  U boele u ba etsetse marikhoe a makhutšoanyane* a line hore ba a apare.+ Marikhoe ana a tlohe thekeng a fihle liropeng. 43  A aparoe ke Arone le bara ba hae ha ba kena ka tabernakeleng* kapa ha ba atamela aletare ho sebeletsa sebakeng se halalelang e le hore ba se ke ba e-ba le molato ’me ba shoa. Ke taelo e tla lula e le teng bakeng sa hae le bana ba hae le litloholo* tsa hae.

Linaletsana

Ka Seheberu: “ba nang le pelo e bohlale.”
Ka Seheberu: “boahlamo ba seatla.” Sheba Ntlha ea B14.
Ke lejoe la bohlokoa le sa tsejoeng. Mohlomong ke la amber, hiasinthe, opale kapa tourmaline.
Kapa: “bakeng sa hlooho.”
Kapa: “mangenengene.”
Ka Seheberu: “u tlatse matsoho a bona.”
Kapa: “liaparo tsa ka hare.”
Ka Seheberu: “tenteng ea pokano.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”