Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Itšireletse Meeeng e Khopo

Itšireletse Meeeng e Khopo

Itšireletse Meeeng e Khopo

JAMES o hōletse karolong ea mahaeng sehlekehlekeng sa Malaita, Solomon Islands. Ho tloha ha a sa le monyenyane, o ’nile a rutoa hore a hlomphe meea (balimo). O re: “Le ka mohla ke ne nke ke ka ipiletsa ho meea hore e ntše batho ba bang kotsi, empa le teng ke ne ke sa nahane hore motho a ka khona ho phela a thabile haeba a sa etse rarafono [moetlo oa ho ipiletsa ho balimo] hore a sireletsehe.”

Joaloka batho ba lulang libakeng tse ling tse ngata tsa lefatše, baahi ba Solomon Islands le bona ba lumela hore meea e ka thusa motho kapa ea mo ntša kotsi. Ha e le hantle, baahi ba bangata ba Melanesia ha ba tšabe meea eo ho thoeng e mosa, empa baa e rata.

Batho ba bontša ka litsela tse sa tšoaneng hore ba lumela hore meea e ka ba ama ka tsela e itseng. Ka mohlala, ha James a sa le monyenyane, basali ba motseng oa habo ba ne ba balehisetsa bana ba bona ka tlung hang ha ba utloa nonyana e bitsoang korokoro e lla. Hobane’ng? Ba ne ba lumela hore ha nonyana eo e lla, seo se bilietsa bomalimabe.

Baahi ba bang ba motse ba beha majoe a itseng a masoeu holim’a menyako ea matlo a bona. James le eena o ile a etsa sena, a lumela hore lejoe leo le ne le tla mo sireletsa meeeng e kotsi. Ha James a le mosebetsing, o ne a bokella mafoforetsane ha a qeta ho ja lijo tsa motšehare ’me a a tšela ka mokotlaneng oa hae, ebe o oa qhala hamorao. O ne a tšaba hore moloi a ka tšoana a fumana mafoforetsane ao eaba o mo loea ka ’ona ebe oa kula.

Le hoja e ka ’na eaba mekhoa ena ha ea tloaeleha sebakeng sa heno, mohlomong joaloka James, le uena u nahana hore u lokela ho latela meetlo e itseng e le hore u sireletsehe meeeng e khopo. U ka ’na ua nahana hore haeba u sa e latele, u tla tsoa kotsi.

Haeba u hlompha Bibele, ha ho pelaelo hore u batla ho tseba hore na e arabela lipotso tse latelang joang: (1) Meea e khopo e ka u ntša kotsi joang? (2) Na ho latela meetlo e itseng ho ka etsa hore bademona ba hle ba u laole? (3) U ka fumana tšireletseho ea sebele joang e le hore meea e khopo e se ke ea u hlasela ’me u lule u thabile?

Kamoo Meea e Khopo e ka U Ntšang Kotsi Kateng

Bibele e utolla hore ho hang meea e khopo e ke ke ea e-ba meea ea bafu. Lentsoe la Molimo le re: “Ba phelang baa tseba hore ba tla shoa; empa ha e le ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho.” (Moeklesia 9:5) Ha e le hantle, meea e khopo ke mangeloi a fetohetseng Molimo a ileng a ikopanya le Satane e le hore a leke ho khelosa batho.—Tšenolo 12:9.

Mangolo a bontša ka ho hlaka hore re lokela ho fumana tšireletseho e le hore meea e khopo e se ke ea re hlasela. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Efese a re: “Ha re loane le nama le mali, empa re loana le . . . makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” Moapostola Petrose o ile a tšoantša ’musi oa meea eohle e khopo, Satane Diabolose le “tau e purumang, e batlang ho harola e mong.”—Baefese 6:12; 1 Petrose 5:8.

Ka ho khetheha, Satane o ntša batho kotsi ka ho ba khelosa, ho ba thetsa le ho leka ho etsa hore ba etse lintho tse halefisang Molimo. Bibele e re Satane “o ntse a iphetola lengeloi la leseli.” (2 Bakorinthe 11:14) O iketsa eka ke moea o sireletsang, le hoja bonneteng merero ea hae e khohlahetse. Satane o foufatsa likelello tsa batho hore ba se ke ba tseba ’nete ka eena le ka Molimo. (2 Bakorinthe 4:4) Sepheo sa hae sa ho khelosa batho ke sefe?

Satane o chachehela ho rapeloa ’me o batla hore batho ba mo rapele, ebang baa tseba hore baa mo rapela kapa che. Ha Mora oa Molimo, e leng Jesu, a ne a le lefatšeng, Satane o ile a batla hore a ‘itihele fatše ’me a mo etsetse ketso ea borapeli.’ Jesu o ile a re: “Tloha, Satane! Etsoe ho ngoliloe, ‘Ke Jehova Molimo oa hao eo u tla mo rapela.’” (Matheu 4:9, 10) Jesu o ile a hana ho etsa ntho leha e le efe e neng e tla fana ka maikutlo a hore o ikokobelletsa Satane hobane seo e ne e ka ba tsela ea ho mo rapela.

Jehova ke eena motho ea matla ka ho fetisisa oa moea ’me a ke ke a lumella hore batho ba mo mamelang ba hlokofatsoe ka ho sa feleng. (Pesaleme ea 83:18; Baroma 16:20) Empa haeba re batla ho khahlisa Jehova Molimo joalokaha Jesu a entse, re lokela ho qoba ho ikokobelletsa Satane le bademona ba hae ka tsela leha e le efe. E le hore re etse joalo, re lokela ho khetholla meetlo e bontšang hore motho o hlompha makhotla a meea a khopo hobane seo e ka ba tsela ea ho a rapela. U ka etsa seo joang?

Tseba Meetlo e sa Khahliseng Molimo

Jehova Molimo o ile a lemosa Baiseraele, e leng sechaba sa hae sa boholo-holo, hore ba se ke ba etsisa meetlo ea lichaba tse ahisaneng le bona. O ile a re: “Ho lōna ha hoa lokela hore ho fumanoe leha e le mang ea . . . sebelisang bonohe, ea sebelisang boselamose kapa leha e le mang ea batlang lipontšo tsa se tlang kapa moloi, kapa ea betsang ba bang ka mantsoe a boloi.” Ha e bua ka ba latelang meetlo eo, Bibele e re: “E mong le e mong ea etsang lintho tsena ke ntho e manyala ho Jehova.”—Deuteronoma 18:10-12.

Ka hona, ha u hlahloba meetlo e atileng sebakeng sa heno, nahana ka lipotso tse latelang: Na moetlo oo o khothalletsa batho ho lumela lintho tse amanang le ho noha bokamoso? Na o fana ka maikutlo a hore lintho tse itseng tse sa pheleng li na le matla a mohlolo a ho sireletsa motho? Na o amana le ho betsa kapa ho sireletsa motho hore a se ke a louoa? Na o tla etsa hore motho a iphumane a ikokobelelitse motho e mong oa moea ntle le Jehova kapa moemeli oa hae eo a mo khethileng, e leng Jesu?—Baroma 14:11; Bafilipi 2:9, 10.

Ke habohlokoa hore u se ke ua latela moetlo leha e le ofe o khothalletsang lintho tse joalo. Hobane’ng? Moapostola Pauluse o ile a bululeloa hore a ngole: “Le ke ke la ja ‘tafoleng ea Jehova’ le tafoleng ea bademona.” O ile a lemosa ba lekang ho khahlisa Molimo le meea hore ba ne ba tla “susumelletsa Jehova poulelong.” (1 Bakorinthe 10:20-22) Jehova Molimo o batla boinehelo bo khethehileng, ’me boa mo tšoanela.—Exoda 20:4, 5.

Nahana hape ka potso ena: Na moetlo oo o fana ka maikutlo a hore motho ha a ikarabelle bakeng sa liketso tsa hae? Ka mohlala, lichaba tse ngata ha li amohele bofebe le ho kopanela liphate pele ho lenyalo, ebile Bibele e nyatsa mekhoa eo. (1 Bakorinthe 6:9, 10) Leha ho le joalo, litsong tse ling tsa Pacific, liketso tse joalo li ka ’na tsa amoheloa ha ngoanana a bolela hore “o tšeletsoe” * setlhare se mo susumelitseng hore a kopanele liphate.

Leha ho le joalo, Bibele e ruta hore rea ikarabella bakeng sa liketso tsa rōna. (Baroma 14:12; Bagalata 6:7) Ka mohlala, mosali oa pele, e leng Eva, o ile a ba le maikutlo a hore Satane ke eena ea mo qhekeletseng hore a se ke a mamela Molimo, a re: “Noha—e nthetsitse kahoo ke jele.” Leha ho le joalo, Jehova o ile a nka Eva e le eena ea ikarabellang bakeng sa ketso eo ea hae. (Genese 3:13, 16, 19) Le rōna o re nka re ikarabella bakeng sa boitšoaro ba rōna.—Baheberu 4:13.

U Lokela ho Etsa’ng?

Haeba u batla ho thabisa Molimo le ho phela ka melao-motheo ea Bibele, u lokela ho etsa sohle se matleng a hao ho itšireletsa ho Satane le bademona ba hae. Batho ba thahasellang litaba tse molemo ba neng ba lula Efese lekholong la pele la lilemo ba ile ba beha mohlala o motle tabeng ena. E le hore ba se ke ba hlola ba susumetsoa ke meea e khopo, ba ile ba bokella libuka tsohle tseo ba neng ba e-na le tsona tse amanang le ho sebelisana le meea ’me ba “li chesa ka pel’a bohle.”—Liketso 19:19.

Pele ba chesa libuka tsa bona, batho bana “ba ne ba tla ebe ba bolela le ho tlaleha litloaelo tsa bona pepenene.” (Liketso 19:18) Kaha seo Pauluse a ba rutileng sona ka Kreste se ile sa teba lipelong tsa bona, seo se ile sa ba susumelletsa hore ba chese libuka tsa bona tse amanang le ho sebelisana le meea. Ba ile ba boela ba fetola tsela eo ba ikutloang ka eona ka meetlo ea bona.

Ke ’nete hore e ka ’na ea se ke ea e-ba ntho e bonolo ho lahla meetlo. James eo ho builoeng ka eena pejana o ile a tobana le bothata bona. O ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova ’me a rata seo a ithutang sona. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele a latela moetlo oa rarafono. Ha a hlahloba tsela eo a ikutloang ka eona ka meetlo ena, o ile a hlokomela hore o ne a lumela hore lintho tseo Jehova a tšepisitseng hore o tla li etsa nakong e tlang li tla phethahala, empa o ne a boetse a lumela hore o lokela ho tsoela pele ka meetlo ea hae e le hore a sireletsehe.

Ke eng e ileng ea thusa James hore a fetole tsela eo a ikutloang ka eona? O re: “Ke ile ka rapela Jehova hore a ntšireletse le hore a nthuse hore ke behe tšepo ea ka ho eena. Eaba ke tlohela meetlo eo.” Na o ile a hlaheloa ke kotsi e itseng? James o re: “Le hanyenyane! Ntho feela e etsahetseng ke hore ke ithutile ho tšepa Jehova. Ke bone hore na Jehova e ka ba motsoalle ea haufi hakaakang.” Ha e le hantle, ka lilemo tse supileng James e bile mosebeletsi ea qetang nako e ngata a thusa batho ba bang hore ba ithute Bibele.

Ke hobane’ng ha u sa latele mohlala oa James? Hlahloba meetlo e etsoang sebakeng sa heno, ebe u sebelisa “matla a [hao] a ho nahana” ho bona hore na e lumellana le “thato ea Molimo” kapa che. (Baroma 12:1, 2) Ka mor’a moo, e-ba sebete sa ho ikhula mekhoeng e tsamaisanang le litumela-khoela. Ha u etsa joalo, u tla kholiseha hore Jehova o tla u “amohela” le ho u sireletsa. (2 Bakorinthe 6:16-18) Joaloka James, le uena u tla bona ha tšepiso ena ea Bibele e phethahala: “Lebitso la Jehova ke tora e matla. Ea lokileng o balehela ho lona ’me o fuoa tšireletso.”—Liproverbia 18:10.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 18 Ho lumeloa hore setlhare seo ngoanana a se tšeletsoeng ke sona se etsang hore a khahloe ke monna. Mokhoa ona o fapane le ha ngoanana a noesoa sethethefatsi a sa tsebe ebe ka mor’a moo oa betoa. Boemong bona ngoanana eo ha a na molato.

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

“Korokoro”

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Courtesy of Dr. Bakshi Jehangir

[Setšoantšo se leqepheng la 19]

Ngoanana o bokella mafoforetsane e le hore a se ke a louoa ka ’ona