Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

3 Tseba ’Nete Mabapi le Jesu

3 Tseba ’Nete Mabapi le Jesu

3 Tseba ’Nete Mabapi le Jesu

“Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.”—Johanne 3:16.

LITŠITISO KE LIFE? Ba bang ba batla hore u lumele hore Jesu ha a e-s’o ka a e-ba teng. Ba bang baa lumela hore o kile a ba teng empa ba tsitlella hore e ne e le motho feela ea tloaelehileng eo e seng e le khale a shoele.

U KA HLŌLA LITŠITISO JOANG? Etsisa mohlala oa morutuoa Nathanaele. * Motsoalle oa hae ea bitsoang Filipi o ile a mo bolella hore o nahana hore o fumane Mesia, e leng “Jesu, mora oa Josefa, ea tsoang Nazaretha.” Leha ho joalo, Nathanaele ha aa ka a lumela feela seo Filipi a mo bolellang sona. Ho e-na le hoo, o ile a re: “Na ho na le ntho leha e le efe e molemo e ka tsoang Nazaretha?” Ho ntse ho le joalo, o ile a amohela memo ea Filipi ha a re: “Tloo ’me u bone.” (Johanne 1:43-51) Le uena u tla rua molemo ha u hlahloba ka bouena bopaki bo mabapi le Jesu. U ka etsa seo joang?

Hlahloba bopaki ba histori bo bontšang hore Jesu e ne e le motho oa sebele. Josephus le Tacitus e ne e le litsebi tse hlomphehang tsa histori tse phetseng lekholong la pele la lilemo ’me e ne e se Bakreste. Ba ile ba bolela hore Jesu Kreste ke motho oa sebele ea kileng a phela. Ha Tacitus a hlalosa kamoo Moemphera Nero, oa Moroma, a ileng a beha Bakreste molato kateng bakeng sa mollo o ileng oa qhoma Roma ka 64 C.E., o itse: “Nero o ile a qosa ’me a hlokofatsa ka sehlōhō sehlopha se bitsoang Bakreste se neng se hloiloe ka lebaka la mekhoa ea sona eo Baroma ba neng ba sa e rate. Christus [Kreste], eo sehlopha sena se rehelletsoeng ka eena, o ile a ahloleloa lefu pusong ea Tiberiuse ke e mong oa babusi ba rōna ea bitsoang Ponse Pilatuse.”

Ha Khatiso ea 2002 ea Encyclopædia Britannica e bua ka seo bo-rahistori ba lekholong la pele le la bobeli la lilemo ba ileng ba se bua ka Jesu le ka Bakreste ba pele, e re: “Litlaleho tsena tse ngotsoeng ke batho ba sa tšoaneng li tiisa hore mehleng ea boholo-holo bahanyetsi ba Bokreste ha baa ka ba belaella ’nete ea hore Jesu o kile a phela lefatšeng, empa e ile ea hanyetsoa ka lekhetlo la pele le hona ntle ho mabaka a utloahalang qetellong ea lekholo la bo18 la lilemo le lekholong la bo19 la lilemo le qalong ea lekholo la bo20 la lilemo.” Ka 2002, lengolo la bahlophisi koranteng ea The Wall Street Journal, le itse: “Litsebi tse ngata, ntle le batho ba itseng ba sa lumeleng hore Molimo o teng, li se li amohetse hore Jesu oa Nazaretha ke motho ea kileng a phela.”

Nahana ka bopaki bo bontšang hore Jesu o ile a tsosoa. Ha Jesu a tšoaroa ke bahanyetsi ba hae, metsoalle ea hae e haufi-ufi e ile ea mo lahla kherehloa, ’me motsoalle oa hae Petrose o ile a tšoha hoo a ileng a latola hore oa mo tseba. (Matheu 26:55, 56, 69-75) Ka mor’a hore Jesu a tšoaroe, balateli ba hae ba ile ba hasa-hasana. (Matheu 26:31) Joale, ka tšohanyetso barutuoa ba ile ba tsoha molota. Ka sebete, Petrose le Johanne ba ile ba toba batho ba neng ba ile ba rera lefu la Jesu ka bolotsana. Barutuoa ba Jesu ba ile ba cheseha hoo ba ileng ba hasa thuto ea Jesu ’Musong oohle oa Roma, ba ikemisetsa ho shoa ho e-na le ho koenehela tumelo ea bona.

Ebe lebaka le leng le ileng la etsa hore ba fetole maikutlo a bona ka potlako tjee ke lefe? Moapostola Pauluse o re Jesu o ile a tsosoa bafung ’me “a bonahala ho Kefase [Petrose], ea ntan’o ba ho ba leshome le metso e ’meli.” Pauluse o phaella ka ho re: “Ka mor’a moo a bonahala ho barab’abo rōna ba ka holimo ho makholo a mahlano ka nako e le ’ngoe.” Bongata ba ba neng ba le teng ha seo se etsahala ba ne ba ntse ba phela nakong eo ka eona Pauluse a neng a ngola mantsoe ao. (1 Bakorinthe 15:3-7) Ho ka be ho ile ha e-ba bonolo hore batho ba tletseng lipelaelo ba hanyetse taba ena haeba ho ne ho e-na le motho a le mong kapa ba babeli ba pakang seo. (Luka 24:1-11) Empa bopaki ba batho ba fetang makholo a mahlano bo ile ba tiisa ka matla hore Jesu o ne a tsositsoe bafung.

HO NA LE MOPUTSO OFE? Ba nang le tumelo ho Jesu ba bile ba mo mamela, ba ka tšoareloa libe ’me ba e-ba le letsoalo le hloekileng. (Mareka 2:5-12; 1 Timothea 1:19; 1 Petrose 3:16-22) Jesu o tšepisa hore haeba ba ka shoa, o tla ba tsosa “ka letsatsi la ho qetela.”—Johanne 6:40.

Hore u fumane boitsebiso bo eketsehileng, bala khaolo ea 4 bukeng ea Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?, * sehloohong se reng “Jesu Kreste ke Mang?” le khaolo ea 5, sehloohong se reng “Thekollo ke Mpho ea Molimo e Khōlō ka ho Fetisisa.”

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 4 Ho bonahala bangoli ba Likosepele, e leng Matheu, Mareka le Luka ba ne ba sebelisa lebitso la Bartholome ha ba bua ka Nathanaele.

^ ser. 10 E hatisoa ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Joaloka Nathanaele, batlisisa bopaki bo mabapi le Jesu