Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Ehlile U Ananela Kamoo U Hlohonolofalitsoeng Kateng?

Na Ehlile U Ananela Kamoo U Hlohonolofalitsoeng Kateng?

Na Ehlile U Ananela Kamoo U Hlohonolofalitsoeng Kateng?

KA MOR’A hore bara ba Iseraele ba lokolloe bokhobeng Egepeta ka mohlolo, qalong ba ne ba thabetse hore ebe ba ne ba lokolohile ho rapela Jehova. (Ex. 14:29–15:1, 20, 21) Leha ho le joalo, nakoana ka mor’a moo tsela eo ba shebang lintho ka eona e ile ea fetoha. Ba ile ba qala ho tletleba ka boemo boo ba neng ba le ho bona. Hobane’ng? Hobane ba ile ba tlohela ho nahana ka seo Jehova a neng a ba etselitse sona eaba ba qala ho nahana ka mathata a ho lula lefeelleng. Ba ile ba re ho Moshe: “Ke hobane’ng ha le re ntšitse naheng ea Egepeta ho tla shoella lefeelleng? Etsoe ha ho na bohobe le metsi, ’me meea ea rōna e se e nyonya bohobe bona [ba manna] bo eisehang.”—Num. 21:5.

Lilemo tse makholo hamorao, Morena Davida oa Iseraele ea boholo-holo o ile a bina a re: “Ha e le ’na, ke tšepile mosa oa hao o lerato; pelo ea ka e ke e thabele poloko ea hao. Ke tla binela Jehova, etsoe o sebetsane le ’na ka mokhoa o putsang.” (Pes. 13:5, 6) Davida ha aa ka a lebala lintho tseo Jehova a neng a mo etselitse tsona ka mosa o lerato. Ho e-na le hoo, o ne a atisa ho qeta nako a nahana ka tsona. (Pes. 103:2) Le rōna Jehova o sebetsane le rōna ka mokhoa o putsang, ’me e ka ba bohlale hore re se ke ra khella fatše seo a re etselitseng sona. Ka hona, a re ke re hlahlobeng tse ling tsa lintho tseo Molimo a re hlohonolofalitseng ka tsona kajeno.

“Kamano e Haufi-ufi le Jehova”

Mopesaleme o ile a bina a re: “Kamano e haufi-ufi le Jehova ke ea ba mo tšabang.” (Pes. 25:14) Ruri ke tlotla e khōlō hore batho ba sa phethahalang ba be le kamano e haufi le Jehova! Leha ho le joalo, ho ka etsahala’ng haeba re ka phathahana haholo ka lintho tse tloaelehileng bophelong hoo re qetellang re e-ba le nako e nyenyane ea ho rapela? Joale nahana hore na ho tla etsahala’ng ka kamano e ntle eo re nang le eona le Jehova. Kaha Jehova ke Motsoalle oa rōna, o lebeletse hore re mo tšepe re be re tšollele lipelo tsa rōna ho eena ka thapelo, re mo bolelle lintho tseo re li tšabang, tseo re li lakatsang le tse re tšoenyang. (Liprov. 3:5, 6; Bafil. 4:6, 7) Kahoo, na ha rea lokela ho hlahloba tsela eo re rapelang ka eona?

Ha mocha e mong oa Paki ea bitsoang Paul a ne a nahana ka lithapelo tsa hae, o ile a hlokomela hore ho ne ho hlokahala hore a li ntlafatse. * O ile a re, “Ke ne ke se ke tloaetse ho pheta-pheta mantsoe a tšoanang ha ke ne ke rapela Jehova.” Ha Paul a ntse a etsa lipatlisiso ka taba ena ho Watch Tower Publications Index, o ile a hlokomela hore ho na le lithapelo tse ka bang 180 tse tlalehiloeng ka Bibeleng. Lithapelong tsena, bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba ile ba tšollela lipelo tsa bona ho eena. Paul o ile a re: “Ha ke nahanisisa ka mehlala e joalo e tsoang Mangolong, ke ile ka ithuta ho toba taba ha ke rapela. Sena se nthusitse hore ke tšollele pelo ea ka ho Jehova. Hona joale ke thabela ho atamela ho eena ka thapelo.”

‘Lijo ka Nako e Tšoanetseng’

Tlhohonolofatso e ’ngoe eo Jehova a re fileng eona ke linnete tse ngata tseo re ithutileng tsona ka Mangolong. Ha re ntse re thabela matletsetletse a lijo tsa moea, re ba le lebaka la ho “hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo.” (Esa. 65:13, 14) Leha ho le joalo, re lokela ho ba hlokolosi hore re se ke ra lumella lintho tse mpe ho re susumelletsa hore re se ke ra hlola re chesehela ’nete. Ka mohlala, ho mamela mashano a bakoenehi ho ka ama tsela eo re nahanang ka eona ’me ha etsa hore re se ke ra bona bohlokoa ba ‘lijo tsa moea tse tlang ka nako e tšoanetseng,’ tseo Jehova a fanang ka tsona ka “lekhoba le tšepahalang le le masene.”—Mat. 24:45-47.

André, ea neng a sebelelitse Jehova ka lilemo tse ngata, o ile a kotula litholoana tse bosula ka hore a khelosoe ke monahano oa bakoenehi. O ne a nahana hore ho qekotsa Websaete ea bakoenehi hanyenyane ho ne ho ke ke ha mo ntša kotsi. O re: “Qalong, ke ile ka haptjoa ke lintho tseo bakoenehi ba neng ba li bua tseo ho neng ho nkoa hore ke linnete. Ha ke ntse ke hlahloba seo ba neng ba se bua, ke ile ka nahana hore ke na le lebaka le utloahalang la ho tlohela mokhatlo oa Jehova. Empa hamorao, ha ke ntse ke batlisisa mabaka ao bakoenehi ba neng ba qosa Lipaki Tsa Jehova ka ’ona, ke ile ka hlokomela kamoo mesuoe eo ea bohata e neng e le mano kateng. Seo ba neng ba re ke bopaki bo matla khahlanong le rōna e ne e le boitsebiso bo khopamisitsoeng. Ka lebaka leo, ke ile ka etsa qeto ea ho boela ke bala lingoliloeng tsa rōna le ho ba teng libokeng. Ho e-s’o ee kae, ke ile ka hlokomela kamoo ke neng ke lahlehetsoe kateng.” Ho thabisang ke hore André o ile a khutlela ka phuthehong.

“Mokhatlo Oohle oa Barab’abo Rōna”

Mokhatlo oa rōna oa bara ba motho o lerato le o momahaneng ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. (Pes. 133:1) Ke ka lebaka le utloahalang moapostola Petrose a ileng a ngola, a re: “Le be le lerato bakeng sa mokhatlo oohle oa barab’abo rōna.” (1 Pet. 2:17) Kaha re karolo ea mokhatlo oa bara ba motho ba Bakreste, re thabela tšehetso e mofuthu ea bo-ntate, bo-’mè, bara le barali babo rōna ba nang le tumelo e tšoanang le ea rōna.—Mar. 10:29, 30.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling maemo a fapa-fapaneng a ka senya likamano tsa rōna le bara le barali babo rōna. Ka mohlala, ho bonolo hore re khopisoe ke ho se phethahale ha motho e mong ebe re qala ho mo tšoaea liphoso. Haeba sena se ne se ka etsahala, na ho ne ho ke ke ha e-ba molemo ho hopola hore Jehova o rata bahlanka ba hae ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona? Ho feta moo, “haeba re re: ‘Ha re na sebe,’ rea ithetsa ’me ’nete ha e eo ho rōna.” (1 Joh. 1:8) Na ha rea lokela ho loanela ho ‘tsoela pele re mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi’?—Bakol. 3:13.

Mocha e mong ea bitsoang Ann o ile a ithuta bohlokoa ba ho kopana le Bakreste haboima. O ile a ba joaloka mora ea lehlasoa oa papisong ea Jesu, ’me a hlahlathella hōle le phutheho ea Bokreste. Hamorao, o ile a hlaphoheloa eaba o khutlela ’neteng. (Luka 15:11-24) Ann o ile a ithuta’ng phihlelong ee? O re: “Kaha joale ke se ke khutletse mokhatlong oa Jehova, ke ananela bara le barali bohle babo rōna ho sa tsotellehe ho se phethahale ha bona. Nakong e fetileng, ke ne ke potlakela ho ba tšoaea liphoso. Empa hona joale ke ikemiselitse hore ke se ke ka lumella letho hore le nkamohe litlhohonolofatso tseo ke li thabelang har’a balumeli-’moho le ’na. Ha ho letho le molemo lefatšeng leo re ka nyahlatsang paradeise ea rōna ea moea ka lebaka la lona.”

Kamehla U Ananele Litlhohonolofatso Tseo U Nang le Tsona

Tšepo eo re nang le eona ea hore ’Muso oa Molimo ke oona o tla rarolla mathata ’ohle a batho ke letlotlo le ke keng la lekanngoa. Ruri lipelo tsa rōna li ile tsa thaba haholo ha re ne re qala ho ithuta ka tšepo ena! Re ile ra ikutloa joaloka mohoebi oa papisong ea Jesu ea ileng “a rekisa lintho tsohle tseo a neng a e-na le tsona” e le hore a reke “perela e le ’ngoe e theko e phahameng.” (Mat. 13:45, 46) Jesu ha aa ka bolela hore ho na le mohla mohoebi eo a ileng a felloa ke kananelo. Ka tsela e tšoanang, le ka mohla re se ke ra felloa ke kananelo ka tšepo ea rōna e tsotehang.—1 Bathes. 5:8; Baheb. 6:19.

Nahana ka mohlala oa Jean, ea sebelelitseng Jehova ka lilemo tse fetang 60. O re: “Ho bua le ba bang ka ’Muso oa Molimo ke hona ho nthusitseng hore ke lule ke nahana ka oona. Ke ba motlotlo ha ke bona lifahleho tsa bona li tlala thabo ha ba utloisisa hore na ’Muso ke’ng. Ha ke bona phetoho eo ’nete ea ’Muso e e etsang bophelong ba seithuti sa Bibele, seo se etsa hore ke nahane, ‘Ruri linnete tseo ke li bolellang ba bang lia tsoteha!’”

Re na le mabaka a utloahalang a ho ananela litlhohonolofatso tse ngata tsa moea tseo re nang le tsona. Le hoja re ka ’na ra hlaheloa ke liteko tse kang khanyetso, ho kula, botsofali, ho tetebela maikutlo, ho shoeloa le mathata a lichelete, rea tseba hore ke tsa nakoana. ’Musong oa Molimo, re tla hlohonolofatsoa moeeng hammoho le nameng. Mahlomola leha e le afe ao re a mameletseng hona joale a tla felisoa tsamaisong e ncha ea lintho.—Tšen. 21:4.

Khabareng, a re ananeleng litlhohonolofatso tsa moea tseo re nang le tsona joaloka mopesaleme ea ileng a bina a re: “U entse lintho tse ngata, Jehova Molimo oa ka, esita le mesebetsi ea hao e hlollang le menahano ea hao ho rōna; ha ho le ea mong ea ka bapisoang le uena. Ha ke ne nka batla ho e bolela le ho bua ka eona, e mengata ho feta kamoo nka e phetang.”—Pes. 40:5.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Mabitso a fetotsoe.

[Setšoantšo se leqepheng la 18]

Re hlohonolofatsoa ka tšehetso ea moea nakong ea liteko