Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Bagalata, Baefese, Bafilipi le Bakolose

Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Bagalata, Baefese, Bafilipi le Bakolose

Lentsoe la Jehova Lea Phela

Lintlha-khōlō Tsa Mangolo a Eang ho Bagalata, Baefese, Bafilipi le Bakolose

HA A utloa hore Bakreste ba bang ba ne ba tlohela ’nete ka lebaka la tšusumetso ea Batšehetsi ba Bolumeli ba Sejuda, moapostola Pauluse o ngolla “liphutheho tsa Galatia” lengolo le matla. (Bagal. 1:2) Lengolo lena le ngotsoeng nakong e itseng lipakeng tsa 50-52 C.E., le fana ka keletso e tobileng le khothatso e matla.

Hoo e ka bang lilemo tse leshome hamorao ha Pauluse e ne e le “motšoaruoa oa Kreste Jesu,” o ile a ngolla phutheho ea Efese, ea Filipi le ea Kolose, a li fa keletso e molemo le khothatso e lerato. (Baef. 3:1) Kajeno, le rōna re ka rua molemo ka ho mamela molaetsa o libukeng tsa Bibele tsa Bagalata, Baefese, Bafilipi le Bakolose.​—Baheb. 4:12.

‘HO BOLELOA HORE BA LOKILE’—JOANG?

(Bagal. 1:1–6:18)

Kaha ka bolotsana Batšehetsi ba Bolumeli ba Sejuda ba leka ho nyelisa Pauluse, o sireletsa boapostola ba hae ka ho fana ka pale e itseng ea bophelo ba hae. (Bagal. 1:11–2:14) Ha a hanyetsa lithuto tsa bona tsa bohata, Pauluse o hlalosa ntlha ena: “Motho ho boleloa hore o lokile, eseng ka lebaka la mesebetsi ea molao, empa feela ka tumelo ho Kreste Jesu.”​—Bagal. 2:16.

Pauluse o re Kreste ‘o lokolotse ka theko ba tlas’a molao’ ’me a ba lokolla e le hore ba thabele tokoloho ea Bokreste. O eletsa Bagalata ka matla: “Emang le tiile, ’me le se ke la itlohella hore le tlangoe hape jokong ea bokhoba.”​—Bagal. 4:4, 5; 5:1.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

3:16-18, 28, 29—Na selekane sa Abrahama se ntse se sebetsa? E, ho joalo. Selekane sa Molao se ne se eketsa Selekane sa Molimo le Abrahama se ne se sa se nkele sebaka. Kahoo, selekane sa Abrahama se ile sa lula se ntse se sebetsa ka mor’a hore Molao o ‘felisoe.’ (Baef. 2:15) Litšepiso tsa sona li fetisetsoa ho “peō” ea Abrahama ea ’nete​—Kreste Jesu, eo e leng eena ea ka sehloohong le ho bao e leng “ba Kreste.”

6:2—“Molao oa Kreste” ke ofe? Molao ona o akarelletsa lintho tsohle tseo Jesu a li rutileng batho le tseo a ba laetseng tsona. Ka ho khethehileng o akarelletsa taelo ea hore ‘re ratane.’​—Joh. 13:34.

6:8—Re ‘jala ka sepheo sa ho jalla moea’ joang? Re etsa sena ka ho phela ka tsela eo re lumellang moea oa Molimo hore o sebetse ho rōna ka bolokolohi. Ho jala ka sepheo sa ho jalla moea ho akarelletsa hore ka pelo eohle motho a etse mesebetsi e etsang hore moea o phalle ka bolokolohi.

Seo re Ithutang Sona:

1:6-9. Baholo ba Bakreste ba lokela ho nka bohato kapele haeba ho hlaha mathata ka phuthehong. Ka ho beha mabaka a utloahalang le ka ho sebelisa Mangolo, ba ka hanyetsa maikutlo a bohata.

2:20. Thekollo ke mpho eo Molimo a re fileng eona. Re lokela ho ithuta ho e talima ka tsela eo.​—Joh. 3:16.

5:7-9. Litloaelano tse mpe li ka ‘re sitisa hore re ’ne re mamele ’nete.’ Re tla be re le bohlale haeba re li qoba.

6:1, 2, 5“Ba nang le litšoaneleho tsa moea” ba ka re thusa ho jara meroalo, e kang ntho e re tšoenyang kapa e boima e bakiloeng ke hore re nke bohato bo fosahetseng re sa hlokomela. Leha ho le joalo, ha e le mojaro oa boikarabelo ba rōna ba moea oona, re lokela ho itjarela oona.

‘HO BOKELLOA HA LINTHO TSOHLE HO KRESTE’

(Baef. 1:1–6:24)

Ha a totobatsa taba ea bonngoe ba Bokreste lengolong la hae le eang ho Baefese, Pauluse o bua ka “tsamaiso tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng, . . . ho bokella lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng.” Kreste o fane ka “limpho tseo e leng banna” e le hore a thuse bohle hore ba ‘fihlele bonngoe tumelong.’​—Baef. 1:10; 4:8, 13.

E le hore Bakreste ba tlotle Molimo ’me ba khothalletse bonngoe, ba lokela ho ‘apara botho bo bocha’ ’me “e mong a ipehe tlaase ho e mong ka ho tšaba Kreste.” Hape ba lokela ho ‘ema ba tiile khahlanong le maqiti a Diabolose’ ka hore ba apare lihlomo tse feletseng tsa moea.​—Baef. 4:24; 5:21; 6:11.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

1:4-7—Bakreste ba tlotsitsoeng ba khethiloe esale pele nako e telele pele ba tsoaloa joang? Ba khethiloe esale pele e le sehlopha, eseng e le batho ka bomong. Sena se etsahetse pele batho ba baetsalibe ba e-ba teng. Boprofeta bo tlalehiloeng ho Genese 3:15, bo boletsoeng pele ho emoloa motho ofe kapa ofe oa moetsalibe, bo akarelletsa morero oa Molimo oa hore balateli ba itseng ba Kreste ba tle ba buse le eena leholimong.​—Bagal. 3:16, 29.

2:2—Moea oa lefatše o tšoana joang le moea o fokang, hona o laola lefatše joang? “Moea oa lefatše”​—e leng moea oa boitaolo le oa ho se mamele—​o hohle feela joaloka moea oo re o hemang. (1 Bakor. 2:12) O laola batho hobane oa susumetsa, oa phehella ebile ha o tele.

2:6—Bakreste ba tlotsitsoeng ba ka ba “libakeng tsa leholimo” joang empa ba ntse ba le lefatšeng? Poleloana e reng “libakeng tsa leholimo” ha e bolele lefa la leholimong leo ba le tšepisitsoeng. Ho e-na le hoo, e bua ka boemo ba bona ba moea bo phahameng boo ba nang le bona ka lebaka la ho “tiisoa ka moea o halalelang o tšepisitsoeng.”​—Baef. 1:13, 14.

Seo re Ithutang Sona:

4:8, 11-15. Jesu Kreste “o ile a nka baholehuoa,” ke hore, o ile a nka banna taolong ea Satane hore a ba sebelise e le limpho tseo a hahang phutheho ea Bokreste ka tsona. Ka ‘lerato re ka hōla linthong tsohle ho Kreste’ ka ho ba ba mamelang le ba ipehang tlas’a ba etellang pele har’a rōna le ka ho sebetsa tumellanong le litokisetso tsa phutheho.—Baheb. 13:7, 17.

5:22-24, 33. Mosali oa Mokreste ha aa lokela ho ikokobelletsa monna oa hae feela empa hape o lokela ho mo hlompha. O etsa sena ka ho bontša “moea o thōtseng le o bonolo” le ka ho ikitlaelletsa ho mo tlotla ka ho bua hantle ka eena le ka ho sebelisana le eena ho etsa hore liqeto tsa hae li atlehe.—1 Pet. 3:3, 4; Tite 2:3-5.

5:25, 28, 29. Feela joalokaha monna a ‘iphepa,’ o lokela ho hlokomela mosali oa hae hantle—’meleng, maikutlong le moeeng. O lokela ho mo baballa ka ho qeta nako e lekaneng le eena le ka hore a be mosa ho eena ka lipolelo le ka liketso.

6:10-13. E le hore re eme khahlanong le makhotla a bademona, re lokela ho ikemisetsa kahohle-hohle ho apara lihlomo tsa moea tse tsoang ho Molimo.

‘TSOELANG PELE HO TSAMAEA KA HO LAOLEHILENG’

(Bafil. 1:1–4:23)

Pauluse o hatisa taba ea lerato lengolong la hae le eang ho Bafilipi. O re: “Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ka ata ka ho eketsehileng ka tsebo e nepahetseng le temoho e feletseng.” Ha a ba thusa hore ba qobe leraba la ho itšepa ho tlōla, oa ba eletsa o re: “Le ’ne le sebeletse poloko ea lōna ka tšabo le thothomelo.”​—Bafil. 1:9; 2:12.

Pauluse o khothalletsa ba hōlileng moeeng hore ba phehelle “pakaneng bakeng sa moputso oa pitso ea holimo ea Molimo.” O re: “Ho ea bohōleng boo ho bona re hatetseng pele, a re tsoeleng pele re tsamaea ka ho laolehileng ka mokhoa ona o tšoanang.”​—Bafil. 3:14-16.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

1:23—‘Lintho tse peli’ tse neng li hateletse Pauluse e ne e le life, ’me o ile a lakatsa “ho lokolloa” ho eng? Ka lebaka la maemo ao a neng a le ho ’ona, Pauluse o ne a le tlas’a khatello ka lebaka la lintho tse peli tseo a neng a talimane le tsona: lefu kapa bophelo. (Bafil. 1:21) Le hoja a sa bolele hore na o ne a ka khetha eng, o bolela seo a neng a se lakatsa​—“ho lokolloa le ho ba le Kreste.” (Bafil. 3:20, 21; 1 Bathes. 4:16) “Ho lokolloa” hona ho etsahalang nakong ea boteng ba Kreste, ho ne ho tla fella ka hore Pauluse a fumane moputso oo Jehova a neng a mo lokiselitse oona.​—Mat. 24:3.

2:12, 13—Ke ka tsela efe Molimo a etsang hore re ‘rate re be re sebetse’? Moea o halalelang oa Jehova o ka sebetsa lipelong le likelellong tsa rōna ho eketsa takatso ea hore re etse sohle seo re ka se khonang ha re mo sebeletsa. Kahoo, rea thusoa ha re ntse re ‘sebeletsa poloko ea rōna.’

Seo re Ithutang Sona:

1:3-5. Le hoja ba ne ba futsanehile, Bafilipi ba ile ba re behela mohlala o motle oa ho fana.—2 Bakor. 8:1-6.

2:5-11. Joalokaha re bona mohlaleng oa Jesu, boikokobetso ha bo bontše hore motho oa fokola empa bo bontša hore o matla. Ho feta moo, Jehova o phahamisa ba ikokobelitseng.—Liprov. 22:4.

3:13.“Lintho tse ka morao,” e ka ’na eaba ke lintho tse kang mosebetsi o hlamatsehang, ho sireletseha hobane motho a tsoa lelapeng le ruileng, kapa libe tse khōlō tseo re li baketseng le tseo ‘re hlatsoitsoeng hore re hloeke’ ho tsona. (1 Bakor. 6:11) Re lokela ho lebala lintho tsena, ke hore, re khaotse ho tšoenyeha ka tsona, ’me re ‘hahamalle lintho tse ka pele.’

“LE NTSE LE TSITSISOA TUMELONG”

(Bakol. 1:1–4:18)

Lengolong la hae le eang ho Bakolose, Pauluse o hanyetsa maikutlo a fosahetseng a mesuoe ea bohata. O re poloko ha ea itšetleha ka se hlokoang ke Molao, empa e itšetlehile ka ho “tsoela pele tumelong.” Pauluse o khothalletsa Bakolose hore ba ‘tsoele pele ba tsamaea bonngoeng le Kreste, ba metse ka metso ’me ba ntse ba hahuoa ho eena ’me ba ntse ba tsitsisoa tumelong.’ Ho tsitsisoa hoo ho lokela ho ba ama joang?—Bakol. 1:23; 2:6, 7.

Pauluse o ile a ngola a re: “Ntle ho lintho tsena kaofela, le ikapese lerato, etsoe ke tlamo e phethahetseng ea bonngoe. Hape, khotso ea Kreste e ke e laole ka lipelong tsa lōna.” Moapostola Pauluse o boetse oa ba bolella: “Eng kapa eng eo le e etsang, le e sebetse ka moea oohle joalokaha eka le sebeletsa Jehova, eseng batho.” Mabapi le ba ka ntle ho phutheho, o re: “Tsoelang pele le tsamaea ka bohlale mabapi le” bona.​—Bakol. 3:14, 15, 23; 4:5.

Lipotso Tsa Mangolo Lia Arajoa:

2:8—“Lintho tsa motheo tsa lefatše” tseo Pauluse a lemositseng ka tsona ke life? Ke lintho tsa lefatše la Satane—e leng lintho tsa motheo kapa melao-motheo e le bōpang, e le tataisang kapa e le susumetsang. (1 Joh. 2:16) Har’a tsona ho akha filosofi, ho rata leruo le malumeli a bohata a lefatše lena.

4:16—Ke hobane’ng ha lengolo le eang ho Balaodisia e se karolo ea Bibele? E ka ’na eaba ke hobane lengolo leo, le ne le se na litaba tseo re li hlokang kajeno. Kapa e ka ’na eaba le ne le pheta litaba tse neng li tsoa mangolong a mang a neng a nkoa a halalela.

Seo re Ithutang Sona:

1:2, 20. Thekollo, eo Molimo a faneng ka eona ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang, e ka hloekisa matsoalo a rōna hore re se ke ra utloa re le molato eaba ea re etsa hore re be le khutso.

2:18, 23. “Boikokobetso ba boikaketsi”​—e leng ho iketsa eka motho ke moikokobetsi e le hore a khahlise batho ba bang mohlomong ka ho hloboha leruo kapa ka ho itšotla—ke sesupo sa hore motho oa ‘ikhohomosa ka lebaka la sebōpeho sa kelello ea hae sa nama.’