Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Lula U Tšepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng

Lula U Tšepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng

Lula U Tšepahala ka ho ba le Pelo e Momahaneng

“Ke tla tsamaea ’neteng ea hao. Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.”​—PES. 86:11.

1, 2. (a) Ho ea ka Pesaleme ea 86:2, 11, ke eng e tla re thusa ho lula re tšepahala ho Jehova le har’a liteko? (b) Motho o lokela ho loanela ho tšepahala ho tloha pelong neng?

KE HOBANE’NG ha Bakreste ba bang ba lulang ba tšepahala ka lilemo tse ngata ho sa tsotellehe ho kenngoa lichankaneng kapa mahloriso, hamorao ba inehela leratong la leruo? Karabo e itšetlehile ka pelo ea tšoantšetso—e leng seo re hlileng re leng sona botebong. Pesaleme ea 86 e amahanya botšepehi le pelo e momahaneng, ke hore pelo e feletseng, e sa arohanang. Mopesaleme Davida o ile a rapela a re: “U lebele moea oa ka, etsoe kea tšepahala. U Molimo oa ka—pholosa mohlanka oa hao ea u tšepileng.” Davida o ile a boela a rapela a re: “Jehova, nthupele ka tsela ea hao. Ke tla tsamaea ’neteng ea hao. Momahanya pelo ea ka hore e tšabe lebitso la hao.”​—Pes. 86:2, 11.

2 Haeba feela re sa tšepe Jehova ka lipelo tsa rōna tsohle, lintho tse ling tse re tšoenyang kapa tseo re li ratang li ka etsa hore re se ke ra tšepahala ho Molimo oa ’nete. Litakatso tsa boithati li tšoana le liqhomane tsa fatše tse patiloeng ka tlas’a tsela eo re tsamaeang ho eona. Le haeba re ’nile ra lula re tšepahala ho Jehova le tlas’a maemo a boima, re ka tšoasoa ke maraba a Satane. Ke habohlokoa haholo hore hona joale, pele re thulana le liteko, re loanele ho tšepahala ho Jehova ho tloha pelong! Bibele e re: “Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao.” (Liprov. 4:23) Re ka ithuta lintho tsa bohlokoa haholo tabeng ena ka se ileng sa etsahalla moprofeta ea tsoang Juda ea neng a romiloe ke Jehova ho Morena Jeroboame oa Iseraele.

‘E-re ke U fe Mpho’

3. Jeroboame o ile a etsa’ng ha moprofeta oa Molimo a mo bolella molaetsa oa kahlolo?

3 Ak’u nahane ka ketsahalo ena. Monna oa Molimo o qeta ho bolella Morena Jeroboame ea neng a thehile borapeli ba namane ’musong o ka leboea oa meloko e leshome ea Iseraele molaetsa o matla. Morena o loloma ke bohale. O laela banna ba hae hore ba tšoare lenģosa leo. Empa Jehova o na le mohlanka eo oa hae. Hang-hang letsoho leo morena a le otlolotseng ka khalefo le omella ka mohlolo, ’me aletare e neng e sebelisetsoa borapeli ba bohata e petsoha ka lehare. Ka ho panya ha leihlo boitšoaro ba Jeroboame boa fetoha. O kōpa monna oa Molimo ka matla: “Ka kōpo, nolofatsa sefahleho sa Jehova Molimo oa hao ’me u nthapelle e le hore letsoho la ka le ka busetsoa ho ’na.” Moprofeta oa rapela, ’me letsoho la morena lea fola.​—1 Mar. 13:1-6.

4. (a) Ke hobane’ng ha seo morena a neng a tšepisa ho fana ka sona e ne e hlile e le ho leka botšepehi ba moprofeta eo? (b) Moprofeta o ile a araba ka ho re’ng?

4 Joale ha a bua le monna oa Molimo oa ’nete, Jeroboame o re: “Tloo le ’na ntlong ’me u je se matlafatsang, ’me ke u fe mpho.” (1 Mar. 13:7) Joale moprofeta o tla etsa’ng? Na o lokela ho amohela memo ea morena ka mor’a hore a mo bolelle molaetsa oa kahlolo? (Pes. 119:113) Kapa na o lokela ho hana memo ea morena leha e le moo morena a bonahala eka o itšoabetse? Ho totobetse hore Jeroboame ke morui ’me a ka khona ho fa metsoalle ea hae limpho tsa theko e boima. Haeba moprofeta eo oa Molimo a ne a ntse a e-na le takatso eo a e patileng ea lintho tsa nama, seo morena a tšepisang ho mo fa sona se ka ’na sa mo beha tekong e khōlō. Leha ho le joalo, Jehova o laetse moprofeta eo tjena: “U se ke ua ja bohobe kapa ua noa metsi, ’me u se ke ua khutla ka tsela eo u ileng ka eona.” Ka lebaka leo moprofeta enoa o araba a sa qeaqee, o re: “Haeba u ne u mphile halofo ea ntlo ea hao ke ne nke ke ka tla le uena ’me ke je bohobe kapa ke noe metsi sebakeng sena.” Kahoo, moprofeta eo o nka tsela esele ha a tloha Bethele. (1 Mar. 13:8-10) Qeto eo moprofeta eo a e entseng e re ruta eng ka ho tšepahala ho tloha pelong?​—Bar. 15:4.

‘Khotsofala’

5. Ho rata leruo ho ama taba ea botšepehi joang?

5 Ho rata leruo ho ka ’na ha bonahala eka hase taba e amang botšepehi ba motho empa hoa bo ama. Na re tšepa hore Jehova o tla re fa seo re hlileng re se hlokang joalokaha a tšepisitse? (Mat. 6:33; Baheb. 13:5) Ho e-na le ho loanela hore joang kapa joang re fumane tse ling tsa lintho tsa nama tse ka etsang hore re phele hamonate, tseo hona joale re ke keng ra khona ho li reka, na re ka khona ho phela ntle ho tsona? (Bala Bafilipi 4:11-13.) Na re ba tekong ea hore re tlohele mesebetsi eo re e etsetsang Molimo e le hore re tsebe ho fumana lintho tseo re li batlang hona joale? Na ho sebeletsa Jehova ka botšepehi ke ntho e tlang pele bophelong ba rōna? Likarabo tsa rōna li tla itšetleha haholo ka hore na re sebeletsa Molimo ka lipelo tsohle tsa rōna kapa che. Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ke mokhoa oa ho rua ho hoholo, boinehelo bona ba bomolimo hammoho le ho khotsofala. Etsoe ha rea tlisa letho lefatšeng, leha e le hore re ka tloha le letho. Kahoo, ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”​—1 Tim. 6:6-8.

6. Ke “limpho” life tseo re ka ’nang ra li tšepisoa, hona ke eng e tla re thusa ho etsa qeto ea hore na rea li amohela kapa che?

6 Ho tea mohlala, mohiri oa rōna a ka ’na a tšepisa ho re nyolla mosebetsing le ho re fa moputso o motle hammoho le lintho tse ling tse molemo. Kapa mohlomong rea hlokomela hore re ka fumana chelete e ngatanyana haeba re ka fallela naheng e ’ngoe kapa sebakeng se seng ho ea batla mosebetsi teng. Qalong ho ka ’na ha bonahala eka menyetla e joalo ke tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova. Empa pele re etsa qeto mabapi le lintho tsena, na ha rea lokela ho hlahloba hore na sepheo sa rōna ke sefe? Potso ea bohlokoa eo re lokelang ho ipotsa eona ke hore na, “Qeto eo ke e etsang e tla ama kamano ea ka le Jehova joang?”

7. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore re ntše takatso ea leruo lipelong tsa rōna?

7 Tsamaiso ea Satane ha e khaotse ho khothalletsa lerato la leruo. (Bala 1 Johanne 2:15, 16.) Sepheo sa Diabolose ke ho silafatsa lipelo tsa rōna. Ka lebaka leo, re lokela ho ba seli ho hlokomela takatso ea leruo ka lipelong tsa rōna, ’me re e ntše ka metso. (Tšen. 3:15-17) Jesu ha aa ka a thatafalloa ke ho hana ha Satane a ne a tšepisa ho mo fa mebuso eohle ea lefatše. (Mat. 4:8-10) O ile a lemosa, a re: “Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong, hobane esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Botšepehi bo tla re thusa ho tšepa Jehova ho e-na le hore re itšepe.

Moprofeta ea Tsofetseng o Ile “a mo Thetsa”

8. Botšepehi ba moprofeta oa Molimo bo ile ba lekoa joang?

8 Lintho li ka be li ile tsa tsamaela moprofeta oa Molimo hantle hoja o ile a tsoela pele leetong la hae la ho khutlela hae. Leha ho le joalo, ho e-s’o ee kae o ile a thulana le teko e ’ngoe. Bibele e re: “Moprofeta ea itseng ea tsofetseng o ne a lula Bethele, joale bara ba hae ba kena ’me ba mo phetela” tsohle tse neng li etsahetse hoseng hoo. Ha a utloa tlaleho ena, monna-moholo o ba kōpa hore ba mo qhanehele esele e le hore a tle a e’o fumana moprofeta oa Molimo tseleng. Ka mor’a nako e seng kae, o fumana moprofeta eo a phomotse tlas’a sefate se seholo ’me o re ho eena: “E-ea le ’na ntlong ’me u je bohobe.” Ha monna oa Molimo oa ’nete a hana memo eo, monna-moholo o re: “Le ’na ke moprofeta joaloka uena, ’me lengeloi le buile le ’na ka lentsoe la Jehova, le re, ‘E-re a khutlele le uena ntlong ea hao e le hore a ka ja bohobe le ho noa metsi.’” Empa Mangolo a re: “A mo thetsa.”​—1 Mar. 13:11-18.

9. Mangolo a re’ng ka batho ba mano, ’me ba lematsa bo-mang?

9 Ha re tsebe hore na sepheo sa moprofeta ea tsofetseng e ne e le sefe, empa o ile a bua leshano. Mohlomong ka nako e ’ngoe monna-moholo eo e ne e kile ea e-ba moprofeta oa Jehova ea tšepahalang. Leha ho le joalo, nakong ena o ne a sebelisa mano. Mangolo a nyatsa boitšoaro bo joalo ka matla. (Bala Liproverbia 3:32.) Batho ba mano ha ba itematse bona feela moeeng empa hangata ba lematsa le batho ba bang.

O Ile “a Khutla le” Monna-Moholo

10. Moprofeta oa Molimo o ile a etsa joang ha monna-moholo a mo mema, ’me litholoana tsa seo e ile ea e-ba life?

10 Moprofeta ea tsoang Juda o ne a lokela hore ebe o ile a bona leqheka la moprofeta enoa ea tsofetseng. O ne a lokela hore ebe o ile a ipotsa, ‘Ke hobane’ng ha Jehova a ne a ka romela lengeloi ho motho e mong ho mo fa litaelo tse ncha tse tlang ho ’na?’ Moprofeta enoa a ka be a ile a kōpa Jehova hore a mo hlakisetse litaelo tseo, empa Mangolo ha a bontše hore o ile a etsa joalo. Ho e-na le hoo, o ile “a khutla le [monna moholo eo] e le hore a ka ja bohobe ka tlung ea hae le ho noa metsi.” Seo ha sea ka sa thabisa Jehova. Qetellong ha moprofeta eo ea thetsitsoeng a khutlela Juda, tau e ile ea mo fumana eaba ea mo bolaea. Mosebetsi oa hae oa boprofeta o ile oa qetella habohloko hakaakang!​—1 Mar. 13:19-25. *

11. Akija o ile a beha mohlala ofe o motle?

11 Ka lehlakoreng le leng, moprofeta Akija ea ileng a romeloa hore a e’o tlotsa Jeroboame hore e be morena o ile a lula a tšepahala le botsofaling ba hae. Ha Akija a ne a se a tsofetse a bile a foufetse, Jeroboame o ile a romela mosali oa hae hore a e’o botsa Akija hore na ho ne ho tla etsahala’ng ka mora oa bona ea neng a kula. Ka sebete Akija o ile a bolela esale pele hore mora oa Jeroboame o ne a tla shoa. (1 Mar. 14:1-18) Har’a lintho tse ngata tseo Akija a ileng a hlohonolofatsoa ka tsona ke tlotla ea hore ebe o ile a ba le seabo Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo. Ka tsela efe? Ka hore ebe hamorao ha moprista Esdrase a ne a ngola, o ile a sebelisa seo Akija a neng a se ngotse.​—2 Likron. 9:29.

12-14. (a) Re ka ithuta eng ketsahalong e amang moprofeta e monyenyane? (b) Bontša hore na ke hobane’ng ha ho hlokahala hore motho a nahane ka hloko a be a rapele ka keletso eo baholo ba fanang ka eona e thehiloeng Bibeleng.

12 Bibele ha e bolele hore na ke hobane’ng ha moprofeta e monyenyane a sa ka a botsa Jehova pele a e-ea ho ea ja le ho noa le monna-moholo eo. Na ho ka etsahala hore ebe monna-moholo o ile a mo bolella seo a neng a ntse a batla ho se utloa? Re ithuta eng tabeng ee? Re lokela ho kholiseha ka botlalo hore seo Jehova a batlang hore re se etse se nepahetse. Hape re lokela ho ikemisetsa ho se etsa, leha ho ka ba joang kapa joang.

13 Ba bang ha ba fuoa keletso, ba utloa seo ba neng ba ntse ba batla ho se utloa. Ho tea mohlala, mohoeletsi a ka ’na a tšepisoa mosebetsi o tla fokotsa nako eo a ka e qetang le lelapa la hae le nako eo a ka e qetang a sebeletsa Molimo. A ka ’na a kōpa keletso ho moholo. Moholo a ka ’na a qala ka ho bolela hore oa hlokomela hore ha a na matla a ho bolella mor’abo rōna hore na o lokela ho hlokomela lelapa la hae joang. Joale moholo eo a ka ’na a tšohla le mora eo oabo rōna likotsi tse ka mo hlahelang moeeng haeba a amohela mosebetsi oo a o tšepisitsoeng. Na mor’abo rōna o tla hopola feela mantsoe ao moholo a qalileng ka ’ona, kapa o tla nahanisisa ka seo a ileng a se bua hamorao? Ho hlakile hore mor’abo rōna o lokela ho nahana hore na ke sefe se molemong oa hae moeeng.

14 Nahana ka ntho e ’ngoe hape e ka etsahalang. Morali’abo rōna a ka ’na a botsa moholo hore na o lokela ho arohana le monna oa hae ea sa lumelang. Ha ho pelaelo hore moholo o tla mo hlalosetsa hore ke eena ea lokelang ho iketsetsa qeto ea hore na o arohana le monna oa hae kapa che. Mohlomong a ka tšohla le eena keletso ea Bibele tabeng eo. (1 Bakor. 7:10-16) Na morali’abo rōna o tla nahanisisa ka seo moholo a mo bolellang sona. Kapa na o se a ntse a entse qeto ea ho siea monna oa hae? Ha a etsa qeto, ekaba bohlale hore a nahane ka keletso eo a e filoeng e thehiloeng Bibeleng, a be a rapele ka eona.

Inyenyefatse

15. Ke eng eo re ithutang eona ka phoso e ileng ea etsoa ke moprofeta oa Molimo?

15 Ke eng hape eo re ka ithutang eona ka phoso e ileng ea etsoa ke moprofeta ea tsoang Juda? Liproverbia 3:5 e re: “Tšepa Jehova ka pelo ea hao eohle ’me u se ke ua itšetleha ka kutloisiso ea hao.” Ho e-na le ho tsoela pele a tšepa Jehova joalokaha a ne a ’nile a etsa nakong e fetileng, lekhetlong lena moprofeta ea tsoang Juda o ile a itšepa. Phoso ea hae e ile ea etsa hore a lahleheloe ke bophelo ea ba ea senya lebitso le letle leo a neng a e-na le lona ho Molimo. Se mo etsahalletseng se bontša hore na ke habohlokoa hakaakang hore motho a inyenyefatse a be a tšepahale ha a sebeletsa Jehova!

16, 17. Ke eng e tla re thusa hore re lule re tšepahala ho Jehova?

16 Ka lebaka la boithati, lipelo tsa rōna li na le tšekamelo ea hore li re lahle. “Pelo e bolotsana ho feta ntho leha e le efe ’me e tsitlella seo e se batlang.” (Jer. 17:9) E le hore re lule re tšepahala ho Jehova, re tlameha ho tsoela pele re sebetsa ka thata hore re hlobole botho ba khale hammoho le tšekamelo ea bona ea ho ikakasa le ho itšepa. Hape re lokela ho apara botho bo bocha, “bo ileng ba bōptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing.”​—Bala Baefese 4:22-24.

17 Liproverbia 11:2 e re: “Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.” Ho inyenyefatsa hobane re tšepile Jehova ho re thusa hore re qobe ho etsa liphoso tse ka re bakelang mathata a maholo. Ho tea mohlala, ho bonolo hore ha re nyahame re se ke ra bona lintho hantle. (Liprov. 24:10) Re ka ’na ra khathala ho etsa tšebeletso e itseng e halalelang ’me ra qala ho ba le maikutlo a hore seo re se entseng lilemong tse fetileng se lekane, ra nahana hore mohlomong joale ke nako ea hore ba bang ba tsoele pele ka mosebetsi oo. Kapa re ka ’na ra rata ho phela bophelo boo ho thoeng ke bo tloaelehileng. Leha ho le joalo, ho ‘ikitlaetsa ka matla,’ le ‘hore kamehla re be le ho hongata hoo re ka ho etsang mosebetsing oa Morena,’ ho tla sireletsa lipelo tsa rōna.​—Luka 13:24; 1 Bakor. 15:58.

18. Re lokela ho etsa’ng haeba re sa tsebe hore na re lokela ho etsa qeto efe?

18 Ka linako tse ling, ho ka ’na ha hlokahala hore re etse liqeto tse boima, ’me ho ka ’na ha se ke ha hlaka hore na re lokela ho etsa’ng. Na joale re tla lekeha hore re inkele molao matsohong? Kamehla ha re iphumana re le maemong a joalo, re tla be re etsa hantle ha re kōpa Jehova hore a re thuse. Jakobo 1:5 e re: “Haeba mang kapa mang oa lōna a haelloa ke bohlale, a ’ne a kōpe Molimo, hobane o fana ka seatla se bulehileng ho bohle.” Ntate oa rōna ea leholimong o tla re fa moea o halalelang oo re o hlokang e le hore re tsebe ho etsa liqeto tse molemo.​—Bala Luka 11:9, 13.

Ikemisetse ho Lula U Tšepahala

19, 20. Re lokela ho ikemisetsa ho etsa’ng?

19 Lilemo tse moferefere tse ileng tsa latela ka mor’a hore Solomone a furalle borapeli ba ’nete li ile tsa leka botšepehi ba bahlanka ba Molimo haholo. Ke ’nete hore ba bangata ba ile ba inehela ka litsela tse itseng. Leha ho le joalo, ba bang ba ile ba lula ba tšepahala ho Jehova.

20 Letsatsi le leng le le leng, re tlameha ho etsa liqeto tse behang botšepehi ba rōna tekong. Le rōna re ka ipaka hore rea tšepahala. E se eka re ka lula re tšepahala ho Jehova kamehla, ha re ntse re momahanya lipelo tsa rōna, re kholisehile kahohle-hohle hore o tla tsoela pele a hlohonolofatsa batho ba hae ba tšepahalang.​—2 Sam. 22:26.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 10 Bibele ha e bolele hore na Jehova ke eena ea ileng a etsa hore moprofeta ea tsofetseng a shoe.

U ka Araba Joang?

• Ke hobane’ng ha re lokela ho loanela ho ntša takatso ea leruo lipelong tsa rōna?

• Ke eng e tla re thusa hore re lule re tšepahala ho Jehova?

• Boinyenyefatso bo ka re thusa joang hore re lule re tšepahala ho Molimo?

[Lipotso Tsa Sehlooho se Ithutoang]

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 9]

Na u thatafalloa ke ho hanela liteko?

[Mantsoe a hlalosang setšoantšo se leqepheng 10]

Na u tla nahana ka keletso e thehiloeng Bibeleng u be u rapele ka eona?