Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG SA 3

Jehova oa U Thusa ha U E-na le Mathata

Jehova oa U Thusa ha U E-na le Mathata

“Jehova o ne a e-na le Josefa . . . , a atlehisa lintho tsohle tseo a li etsang.”​—GEN. 39:2, 3.

PINA EA 30 Jehova ke Molimo, Ntate le Motsoalle oa ka

SEO RE TL’O ITHUTA SONA a

1, 2. (a) Ke hobane’ng ha re sa makale ha re hlaheloa ke mathata? (b) Re tl’o bua ka’ng sehloohong see?

 RONA bahlanka ba Jehova ha re makale ha re hlaheloa ke mathata. Rea tseba hore Bibele e re: “Re tla hlaheloa ke mathata a mangata pele re kena ’Musong oa Molimo.” (Lik. 14:22) Hape rea tseba hore mathata a mang a rona a ke ke a fela hona joale empa a tla fela ha re se re phela lefatšeng le lecha la Molimo. Lefatšeng leo, “lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng. Masoabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha li sa tla hlola li e-ba teng.”​—Tšen. 21:4.

2 Jehova ha a etse hore re se ke ra hlaheloa ke mathata empa o re thusa hore re a mamelle. Hlokomela hore na moapostola Pauluse o ile a re’ng ho Bakreste ba neng ba lula Roma. O ile a qala ka ho bua ka mathata ao eena le bara babo ba ileng ba e-ba le ’ona, o ile a boela a re: “Re hlaha re hlotse ka lebaka la ea ileng a re rata.” (Bar. 8:35-37) Taba ena e bolela hore Jehova a ka u thusa leha u ntse u e-na le mathata. A re boneng hore na Jehova o ile a thusa Josefa joang le hore na uena a ka u thusa joang.

HA LINTHO LI FETOHA KA HO PANYA HA LEIHLO

3. Bophelo ba Josefa bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo joang?

3 Jakobo o ne a bontša hore o rata mora oa hae Josefa haholo. (Gen. 37:3, 4) Ka lebaka leo, bara ba Jakobo ba baholo ba ile ba e-ba mona. Ha ba fumana monyetla, ba ile ba rekisa Josefa ho bo-rakhoebo ba Bamidiane. Bo-rakhoebo bao ba ile ba isa Josefa hole Egepeta, moo a ileng a rekisoa hape ho molaoli oa balebeli ba Faro e leng Potifaro. Josefa e ne e le thatohatsi ea ntate oa hae empa bophelo ba hae bo ile ba fetoha ka ho panya ha leihlo ha e e-ba lekhoba Egepeta.​—Gen. 39:1.

4. Re ka hlaheloa ke mathata afe a tšoanang le a Josefa?

4 Bibele e re “lintho tse mpe li etsahalla batho bohle.” (Moek. 9:11, Holy Bible​—Easy-to-Read Version) Ka linako tse ling, re hlaheloa ke mathata a ‘hlahelang batho ba bang.’ (1 Bakor. 10:13) Athe ka linako tse ling re hlaheloa ke mathata hobane feela re le barutuoa ba Jesu. Ka mohlala, re ka songoa, ra hanyetsoa kapa ra hlorisoa ka lebaka la tumelo ea rona. (2 Tim. 3:12) Jehova a ka u thusa ho sa tsotellehe mathata ao u ka bang le ’ona. O ile a thusa Josefa joang?

Jehova o ile a thusa Josefa ha a ne a rekiselitsoe Potifaro e le lekhoba Egepeta (Sheba serapa sa 5)

5. Potifaro o ile a hlokomela eng ka ho atleha ha Josefa? (Genese 39:2-6)

5 Bala Genese 39:2-6. Potifaro o ile a hlokomela hore Josefa o ne a le bohlale a bile a sebetsa ka thata. O ne a boetse a tseba hore “Jehova o ne a atlehisa lintho tsohle tseo [Josefa] a li etsang.” b Ka mor’a nako e itseng, Potifaro o ile a etsa Josefa mohlokomeli oa hae. Hape o ile a etsa hore Josefa e be eena ea laolang ntlo ea hae. Seo se ile sa etsa hore Potifaro a atlehe.

6. E ka ’na eaba Josefa o ne a ikutloa joang ka boemo boo a neng a le ho bona?

6 Nahana feela hore na Josefa o ne a ikutloa joang. Ke eng eo a neng a e batla ka ho fetisisa? Na o ne a batla hore Potifaro a mo bone le hore a mo putse ka tsela e itseng? Ho ka etsahala hore ebe ntho eo Josefa a neng a e batla ka ho fetisisa e ne e le hore a lokolloe e le hore a khutlele ho ntate oa hae. Le hoja Josefa a ne a e-na le maemo ntlong ea Potifaro, e ne e ntse e le lekhoba la motho ea sa sebeletseng Jehova. Jehova ha aa ka a etsa hore Potifaro a lokolle Josefa. Hape Josefa o ne a ntse a tl’o ba le mathata a mangata.

HA BOEMO BO MPEFALA

7. Ke ka tsela efe boemo ba Josefa bo ileng ba mpefala? (Genese 39:14, 15)

7 Lengolo la Genese khaolo ea 39 le bontša hore mosali oa Potifaro o ne a rata Josefa ’me o ile a leka ho robala le eena ka makhetlo. Makhetlong ao kaofela, Josefa o ile a hana ho robala le eena. Mosali eo o ile a halefela Josefa haholo eaba o mo qosa ka hore o ne a leka ho mo beta. (Bala Genese 39:14, 15.) Ha Potifaro a utloa sena, o ile a isa Josefa teronkong ’me a lula moo lilemo tse ’maloa. (Gen. 39:19, 20) Ho ne ho le joang teronkong? Lentsoe la Seheberu leo Josefa a le sebelisitseng le fetoletsoeng e le ‘teronko’ le ka bolela ‘sekoti,’ ho bolelang hore o ne a le sebakeng se lefifi ebile a utloa a se na tšepo. (Gen. 40:15; nal.) Hape Bibele e re ho na le nako eo Josefa a ileng a tlangoa maoto ka liketane le molala oa hae oa tlangoa ka litšepe. (Pes. 105:17, 18) Boemo boo Josefa a neng a le ho bona bo ile ba mpefala. Qalong e ne e le lekhoba le tšeptjoang empa hona joale e se e le motšoaruoa.

8. Re ka kholiseha ka’ng le hoja re le boemong bo ntseng bo mpefala?

8 Na u kile oa ba boemong bo ileng ba mpefala le hoja u ne u ntse u rapela? U ka iphumana u le boemong bo joalo. Jehova ha a thibele hore re se ke ra hlaheloa ke mathata lefatšeng lena le busoang ke Satane. (1 Joh. 5:19) Leha ho le joalo, u ka kholiseha hore Jehova o bona mathata a u hlahelang ebile oa u tsotella. (Mat. 10:29-31; 1 Pet. 5:6, 7) Oa tšepisa hore ‘ho hang a ke ke a u tlohela kapa a u furalla.’ (Baheb. 13:5) Jehova a ka u thusa hore u mamelle le hoja boemo boo u leng ho bona bo bonahala eka bo ke ke ba loka. A re boneng hore na o ile a thusa Josefa joang ha a ne a le boemong bo joalo.

Jehova o ile a thusa Josefa ha a ne a le teronkong le ha e ne e le mookameli oa batšoaruoa ba bang (Sheba serapa sa 9)

9. Ke eng e bontšang hore Jehova o ne a e-na le Josefa ha a ne a le teronkong? (Genese 39:21-23)

9 Bala Genese 39:21-23. Jehova o ile a etsa hore Josefa a atlehe le hoja a ne a le maemong a boima teronkong. O ile a mo atlehisa joang? Ha nako e ntse e e-ea, molaoli ea ka sehloohong o ile a tšepa Josefa a ba a mo hlompha joalokaha Potifaro a ile a etsa. Ka mor’a nako e itseng, molaoli ea ka sehloohong o ile a etsa hore Josefa e be mookameli oa batšoaruoa ba bang. Ha e le hantle, Bibele e re “molaoli ea ka sehloohong oa teronko o ne a sa tšoenyehe ka letho le neng le le taolong ea Josefa.” Josefa o ne a se a e-na le mosebetsi oo a ka o etsang. Lintho li ile tsa fetoha a sa lebella. Motšoaruoa ea neng a qosoa ka ho beta mosali oa molaoli oa lekhotla o ne a ka fuoa boemo boo joang? Re fumana karabo ho Genese khaolo ea 39 temana ea 23 e reng: “Jehova o ne a e-na le Josefa ’me Jehova a atlehisa lintho tsohle tseo a li etsang.”

10. Hlalosa hore na ke hobane’ng ha e ka ’na eaba Josefa o ne a sa bone eka o atlehile linthong tsohle.

10 Nahana kamoo Josefa a neng a ikutloa kateng. Na u nahana hore o ile a ikutloa a atlehile linthong tsohle ka mor’a hore a qosoe a be a kenngoe teronkong? Ke eng ntho eo Josefa a neng a e batla ka ho fetisisa? Na e ne e le hore a ratoe ke molaoli ea ka sehloohong oa teronko? Ho ka etsahala hore ntho eo Josefa a neng a e batla ka ho fetisisa e ne e le hore a lokolloe. O ile a ba a kopa motšoaruoa e mong ea neng a le haufi le ho lokolloa hore a mo buelle ho Faro e le hore a ka lokolloa teronkong eo e nyahamisang. (Gen. 40:14) Leha ho le joalo, motšoaruoa eo ha aa ka a bua le Faro hang-hang. Ka lebaka leo, Josefa o ile a lula teronkong lilemo tse ling tse peli. (Gen. 40:23; 41:1, 14) Empa Jehova o ile a ’na a etsa hore a atlehe. O ile a etsa seo joang?

11. Jehova o ile a fa Josefa bokhoni bofe bo ikhethang, hona bo ne bo tla phethahatsa morero oa Jehova joang?

11 Ha Josefa a ntse a le teronkong, Jehova o ile a etsa hore morena oa Egepeta a lore litoro tse peli tse mo tšoenyang. Faro o ne a batla ho tseba hore na li bolela’ng. Ha morena a utloa hore Josefa o khona ho hlalosa litoro, o ile a re a bitsoe. Jehova o ile a thusa Josefa ho hlalosa litoro tseo ’me Faro o ile a thabela keletso eo a ileng a mo fa eona. Faro o ile a bona hore Jehova o thusa Josefa ’me o ile a mo khetha hore e be eena ea laolang tsela eo lijo li tla fanoa ka eona. (Gen. 41:38, 41-44) Hamorao ho ile ha e-ba le tlala e kholo naheng ea Egepeta le ea Kanana e leng moo lelapa la bo Josefa le neng le lula teng. Josefa o ne a tla thusa lelapa labo hore le fumane lijo ’me sena se ne se tla thusa hore ho bolokoe leloko leo Mesia a neng a tla hlaha ho lona le phela.

12. Jehova o ile a atlehisa Josefa ka litsela life?

12 Ak’u nahane ka lintho tsena tse sa tloaelehang tse ileng tsa etsahala bophelong ba Josefa. Ke mang ea ileng a etsa hore Potifaro a hlokomele bokhoni ba Josefa eo e neng e le lekhoba feela tjee? Ke mang ea ileng a etsa hore molaoli ea ka sehloohong oa teronko a rate Josefa eo e neng e le motšoaruoa? Ke mang ea ileng a etsa hore Faro a lore litoro tse mo tšoenyang le ea ileng a fa Josefa bokhoni ba hore a li hlalose? Ke mang ea ileng a susumetsa Faro hore a khethe Josefa hore e be eena ea tla laola tsela eo lijo li tla fanoa ka eona Egepeta? (Gen. 45:5) Ho hlakile hore ke Jehova ea neng a etsa hore Josefa a atlehe linthong tsohle. Le hoja bara ba bo Josefa ba ne ba batla ho mo bolaea, Jehova o ile a fetola boemo boo e le hore a ka phethahatsa morero oa hae.

JEHOVA O U THUSA JOANG?

13. Na Jehova o laola lintho tsohle tse re hlahelang? Hlalosa.

13 Re ithuta’ng paleng ea Josefa? Na Jehova o laola lintho tsohle tse re hlahelang? Na o etsa hore re hlaheloe ke lintho tse mpe e le hore qetellong li re tsoele molemo? Che, ha se seo Bibele e se rutang. (Moek. 8:9; 9:11) Empa ntho eo re e tsebang ke hore Jehova oa bona ha re hlaheloa ke mathata ebile oa utloa ha re kopa thuso. (Pes. 34:15; 55:22; Esa. 59:1) Hape Jehova a ka re thusa hore re mamelle ha re e-na le mathata. A ka re thusa joang?

14. Jehova o re thusa joang ha re e-na le mathata?

14 Tsela e ’ngoe eo Jehova a re thusang ka eona ke ka ho re tšelisa le ho re khothatsa ka nako e nepahetseng. (2 Bakor. 1:3, 4) Mor’abo rona Eziz ea lulang Turkmenistan, ea neng a koalletsoe teronkong ka lilemo tse peli ka lebaka la tumelo ea hae, o ile a bona ha sena se etsahala. O re: “Hoseng pele ho nyeoe ea ka, mor’abo rona e mong o ile a mpontša lengolo la Esaia 30:15 le reng: ‘Haeba le khoba matšoafo ’me le ntšepa le tla ba matla.’ Temana ena e ile ea nthusa hore ke lule ke khobile matšoafo ’me ke tšepe Jehova linthong tsohle. Ho nahanisisa ka temana ena ho ile ha nthusa nakong eo ke neng ke le teronkong.” Na u ntse u hopola nako eo Jehova a ileng a u thusa ka ho u tšelisa le ho u khothatsa ka nako e nepahetseng?

15, 16. U ithuta’ng boemong boo Morali oa bo rona Tori a fetileng ho bona?

15 Hangata re bona tsela eo Jehova a re thusitseng ka eona ha mathata a rona a se a fetile. Morali oa bo rona Tori o ile a bona hore taba ena ke ’nete. Mora oa hae Mason o ile a tšoaroa ke kankere ka lilemo tse tšeletseng ho fihlela a hlokahala. Morali oa bo rona Tori o ne a utloile bohloko haholo. O re: “Ha ke lumele hore ho na le bohloko bo fetang bona boo nkileng ka bo utloa. Kea kholoa batsoali ba bang ba ka lumellana le ’na hore ha ho na bohloko bo otlang pelo ho feta ho bona ngoana oa hao a utloa bohloko.”

16 Le hoja Morali oa bo rona Tori a ne a utloile bohloko ha ngoana oa hae a ntse a kula, hamorao o ile a nahana ka litsela tseo Jehova a mo thusitseng ka tsona hore a mamelle. O re: “Ha ke nahana ka nako eo, ke bona kamoo Jehova a neng a ntšehelitse kateng ha mora oa ka a ne a kula. Ka mohlala, le hoja Mason a ne a kula haholo hoo a neng a sa khone ho bona baeti, Bakreste-’moho le rona ba ne ba tsamaea lihora tse peli kaofela ho tla sepetlele. Ho ne ho lula ho e-na le motho ea tlileng sepetlele ho tla re tšehetsa. Bakreste-’moho le rona ba ne ba boetse ba re thusa ka lintho tseo re li hlokang. Re ne re lula re e-na le lintho tseo re li hlokang esita le maemong a thata.” Jehova o file Morali oa bo rona Tori le Mason lintho tsohle tseo ba li hlokang e le hore ba mamelle.​—Sheba lebokose le reng “ Jehova o lle a re fa Lintho Tseo re li Hlokang.”

LULA U HOPOLA TSELA EO JEHOVA A U THUSITSENG KA EONA

17, 18. Ke’ng e tla re thusa hore re hlokomele re be re ananele tsela eo Jehova a re thusang ka eona ha re e-na le mathata? (Pesaleme ea 40:5)

17 Bala Pesaleme ea 40:5. Ntho eo motho ea hloang thaba a e batlang ke ho ipona a le ka holimo. Leha ho le joalo, ho na le libaka tse ngata tseo a ka emang ho tsona ha a ntse a hloa thaba ’me a thabela lintho tse ntle tseo a li bonang. Ka tsela e tšoanang, iphe nako ea ho nahana kamoo Jehova a u thusang kateng hore u atlehe le hoja u mamelletse bothata bo itseng. Qetellong ea letsatsi le leng le le leng ipotse: ‘Jehova o nthusitse joang kajeno? Le hoja bothata boo bo ntse bo le teng, Jehova o nthusa joang hore ke mamelle?’ Leka ho fumana ntho e le ’ngoe eo Jehova a e entseng ho u thusa hore u mamelle.

18 E ka ’na eaba u ntse u rapella hore bothata boo u nang le bona bo fete. Ha se phoso ho etsa joalo. (Bafil. 4:6) Leha ho le joalo, re lokela ho ela hloko tsela eo Jehova a re thusang ka eona hona joale. Jehova o re tšepisa hore o tla re matlafatsa le ho re thusa hore re mamelle. Kahoo, lula u ananela hore ebe Jehova oa u tšehetsa. Ha u etsa joalo, u tla bona kamoo Jehova a u thusang kateng joalokaha a ile a thusa Josefa ha a ne a e-na le mathata.​—Gen. 41:51, 52.

PINA EA 32 Emang le Jehova!

a Ha re e-na le mathata, re ka ’na ra nahana hore Jehova ha a re thuse. Re ka ’na ra nahana hore ha mathata a rona a fela, ke hona ha Jehova a re thusa. Leha ho le joalo, lintho tse ileng tsa etsahala bophelong ba Josefa li re ruta hore Jehova a ka re thusa ha re e-na le mathata. Sehlooho sena se tla hlalosa hore na Jehova o re thusa joang.

b Le hoja Bibele e bua ka liphetoho tse ileng tsa etsahala bophelong ba Josefa e le lekhoba litemaneng tse ’maloa feela, e ka ’na eaba liphetoho tseo li nkile lilemo ho etsahala.