Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U se ke Ua Lumella Liphoso Tsa ba Bang Hore li U Nyahamise

U se ke Ua Lumella Liphoso Tsa ba Bang Hore li U Nyahamise

“Tsoelang pele le . . . tšoarelana ka bolokolohi.”—BAKOLOSE 3:13.

LIPINA: 121, 75

1, 2. Bibele e ile ea bolela esale pele joang hore batho ba Jehova ba tla eketseha?

LEFATŠENG ka bophara, ho na le mokhatlo o thehiloeng ka batho ba ratang Jehova le ba batlang ho mo sebeletsa. Batho bao ke Lipaki Tsa Jehova. Le hoja ba e-na le mefokolo ’me ba etsa liphoso, Jehova o ba tataisa ka moea oa hae o halalelang. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa litsela tseo a ba hlohonolofatsang ka tsona.

2 Ka 1914, ho ne ho e-na le batho ba seng bakae feela ba rapelang Jehova. Empa Jehova o ’nile a hlohonolofatsa mosebetsi oa bona oa boboleli. Kahoo, hona joale batho ba limilione ba ithutile Bibele ’me ke Lipaki Tsa Jehova. Jehova o ile a hlalosa keketseho ena e hlollang, a re: “E monyenyane o tla fetoha ba sekete, ’me ea fokolang e be sechaba se matla. ’Na, Jehova, ke tla ho potlakisa ka nako ea teng.” (Esaia 60:22) Kajeno re bona ka ho hlaka ho phethahala ha boprofeta boo. Batho ba Jehova ba tšoana le sechaba se seholo. Ha e le hantle, palo ea Lipaki Tsa Jehova e feta palo ea baahi linaheng tse ngata.

3. Bahlanka ba Molimo ba bontšitse joang hore baa ratana?

3 Matsatsing ana a ho qetela, Jehova o ’nile a thusa batho ba hae hore ba ratane. “Molimo ke lerato,” ’me batho ba hae baa mo etsisa. (1 Johanne 4:8) Jesu o ile a laela balateli ba hae ‘hore ba ratane.’ O ile a re: “Bohle ba tla tseba ka sena hore le barutuoa ba ka, haeba le e-na le lerato har’a lōna.” (Johanne 13:34, 35) Morao tjena, bahlanka ba Jehova ba ’nile ba bontša hore baa ratana, esita le ha linaha tsa habo bona li ea ntoeng. Ka mohlala, ntoeng ea bobeli ea lefatše ho ile ha bolaoa batho ba ka bang limilione tse 55. Empa batho ba Jehova ha baa ka ba bolaea motho ntoeng eo. (Bala Mikea 4:1, 3.) Sena se ba thusitse ho lula ba “hloekile maling a batho bohle.”—Liketso 20:26.

4. Ke hobane’ng ha ho eketseha ha batho ba Jehova e le ho hlollang?

4 Batho ba Molimo ba tsoela pele ho eketseha ka palo le hoja ba e-na le sera se matla, e leng Satane. Ke “molimo oa tsamaiso ena ea lintho.” (2 Bakorinthe 4:4) Satane o laola mekhatlo ea lipolotiki le mecha ea litaba ’me o leka ho e susumelletsa ho thibela mosebetsi oa boboleli. Empa a ke ke a atleha. Satane oa tseba hore o saletsoe ke nako e khutšoanyane, kahoo o leka ho re thibela ho rapela Jehova.—Tšenolo 12:12.

NA U TLA TŠEPAHALA LE HA BA BANG BA ETSA LIPHOSO?

5. Ke hobane’ng ha ka linako tse ling ba bang ba ka ’na ba re utloisa bohloko? (Sheba setšoantšo se qalong.)

5 Bahlanka ba Molimo ba ithutile hore ke habohlokoa ho rata Jehova le batho ba bang. Jesu o ile a re: “‘U rate Jehova Molimo oa hao ka pelo ea hao eohle le ka moea oa hao oohle le ka kelello ea hao eohle.’ Ena ke eona taelo e khōlō le ea pele. Ea bobeli, e joaloka eona, ke ena, ‘U rate moahelani oa hao joalokaha u ithata.’” (Matheu 22:35-39) Empa Bibele e bontša hore batho bohle ba tsoetsoe ba sa phethahala ka lebaka la sebe sa Adama. (Bala Baroma 5:12, 19.) Kahoo, ka linako tse ling ba bang ka phuthehong ba ka ’na ba bua kapa ba etsa lintho tse re utloisang bohloko. Re tla etsa’ng ha seo se etsahala? Na lerato la rōna ho Jehova le tla lula le le matla? Na re tla tšepahala ho eena le ho batho ba hae? Bibele e re bolella ka bahlanka ba bang ba Molimo ba ileng ba bua kapa ba etsa lintho tse utloisang ba bang bohloko. A re ke re boneng hore na re ka ithuta’ng mohlaleng oa bona.

Haeba u ne u phela mehleng ea Eli le bara ba hae, u ka be u ile ua itšoara joang? (Sheba serapa sa 6)

6. Ke hobane’ng ha ho thoe Eli o ile a hlōleha ho khalemela bara ba hae?

6 Ka mohlala, Eli e ne e le moprista ea phahameng oa Iseraele, leha ho le joalo bara ba hae ba babeli ba ne ba sa hlomphe melao ea Jehova. Bibele e re: “Bara ba Eli e ne e le banna ba se nang molemo; ba ne ba sa ele Jehova hloko.” (1 Samuele 2:12) Eli o ne a tseba hore bara ba hae ba etsa lintho tse tsoileng tseleng. Leha ho le joalo, ha aa ka a ba khalemela ka matla. Ka nako e loketseng, Jehova o ile a khalemela Eli le bara ba hae. Hamorao a etsa hore ba leloko la Eli e se hlole e e-ba baprista ba phahameng. (1 Samuele 3:10-14) Haeba u ne u phela mehleng ea Eli ’me u tseba hore o lumella bara ba hae ho etsa lintho tse fosahetseng joalo, na u ne u tla khopeha? Na boemo boo bo ne bo tla thefula tumelo ea hao ho Jehova, ’me bo etse hore u khaotse ho mo sebeletsa?

7. Davida o ile a etsa libe life tse tebileng, hona Jehova o ile a mo tšoara joang?

7 Davida o ne a e-na le tumelo e matla, ’me Jehova o ne a mo rata. (1 Samuele 13:13, 14; Liketso 13:22) Empa le eena o ile a etsa libe tse tebileng. Davida o ile a kopanela liphate le Bathe-sheba, mosali oa Uria, ha Uria a ile ntoeng, ’me mosali eo a ima. Davida o ne a sa batle ha batho ba ka tsebe seo. Kahoo, a bitsa Uria ntoeng, ’me a mo khothalletsa hore a ee hae. Davida o ne a nahana hore Uria o tla kopanela liphate le Bathe-sheba, e le hore batho ba tle ba nke hore ngoana eo ke oa Uria. Empa Uria o ile a hana ho ea ha hae. Eaba Davida o loha leano la hore Uria a bolaoe ntoeng. Davida le ba lelapa la hae ba ile ba khōla litholoana tse bosula ka lebaka la libe tseo tse tebileng. (2 Samuele 12:9-12) Empa Jehova o ile a mo tšoarela. O ne a tseba hore Davida o batla ho etsa se nepahetseng. (1 Marena 9:4) Haeba u ne u phela mehleng eo, u ne u tla ikutloa joang ka seo Davida a se entseng? Na u ka be u ile ua khaotsa ho sebeletsa Jehova?

8. (a) Moapostola Petrose o ile a hlōleha joang ho phethahatsa tšepiso ea hae? (b) Ke hobane’ng ha Jehova a ile a tsoela pele ho sebelisa Petrose le ka mor’a hore a etse phoso?

8 Mohlala o mong ke oa moapostola Petrose. Jesu o ne a mo khethile hore e be moapostola. Empa ka linako tse ling Petrose o ne a bua kapa a etsa lintho tse fosahetseng. Ka mohlala, Petrose o ile a re a ke ke a latola Jesu le ha ba bang ba ka mo latola. (Mareka 14:27-31, 50) Empa ka mor’a hore Jesu a tšoaroe, baapostola bohle ho akarelletsa le Petrose ba ile ba baleha. ’Me Petrose a latola Jesu ka makhetlo a mararo. (Mareka 14:53, 54, 66-72) Ka mor’a moo, Petrose o ile a utloa bohloko haholo ka seo a se entseng. Kahoo, Jehova a mo tšoarela ’me a tsoela pele a mo sebelisa. Haeba u ne u le molateli oa Jesu ka nako eo, ’me u tseba seo Petrose a se entseng, na u ka be u ile ua tsoela pele ho tšepa Jehova?

Re ka kholiseha hore Jehova o tla lula a etsa se lokileng le se nepahetseng

9. Ke hobane’ng ha u lumela hore Molimo o tla lula a etsa se lokileng?

9 Mehlaleng ena, rea hlokomela hore bahlanka ba bang ba Jehova ba ile ba etsa liphoso ’me ba utloisa ba bang bohloko. U tla etsa’ng ha seo se etsahala kajeno? Na u tla khaotsa ho ea libokeng, ebe u furalla Jehova le batho ba hae? Kapa u tla hlokomela hore Jehova o mosa ’me e ka ’na eaba o emetse hore motho eo a bake? Empa ka linako tse ling motho ea entseng sebe se tebileng a ka ’na a se ke a ikoahlaela seo a se entseng. Na u ka tšepa hore Jehova o tseba seo, ’me o tla nka khato ka nako e loketseng? Ha ho hlokahala a ka ba a tlosa motho eo ka phuthehong. Na ua lumela hore Jehova o tla lula a etsa se lokileng le se nepahetseng?

LULA U TŠEPAHALA

10. Jesu o ile a etsa’ng ha Judase Iskariota le Petrose ba mo utloisa bohloko?

10 Ka Bibeleng, re bala ka batho ba bangata ba ileng ba lula ba tšepahala ho Jehova le ho batho ba hae, le hoja ba bang ba ile ba ba siteloa haholo. E mong oa bona ke Jesu. O ile a khetha baapostola ba 12, ka mor’a ho rapela bosiu bohle a kōpa Ntate oa hae hore a mo thuse. Leha ho le joalo, Judase Iskariota o ile a mo eka. Moapostola Petrose le eena o ile a mo latola. (Luka 6:12-16; 22:2-6, 31, 32) Empa Jesu ha aa ka a beha Jehova kapa barutuoa bohle ba hae molato, hobane ba bang ba mo soetsitse. Ho e-na le hoo, Jesu o ile a lula a e-na le kamano e ntle le Ntate oa hae ’me a tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi. Qetellong, Jehova o ile a mo putsa ka ho mo tsosa bafung le ho mo etsa Morena oa ’Muso oa leholimo.—Matheu 28:7, 18-20.

11. Bibele e ile ea bolela’ng esale pele mabapi le bahlanka ba Jehova kajeno?

11 Mohlala oa Jesu o re ruta hore re lokela ho tšepahalla Jehova le batho ba hae. Ke habohlokoa hore re etse joalo. Rea hlokomela hore Jehova o tataisa bahlanka ba hae matsatsing ana a ho qetela. O ba thusa ho bolela litaba tse molemo lefatšeng lohle, ’me ke bona feela ba etsang mosebetsi ona. Ba boetse ba momahane ba bile ba thabile ka lebaka la lintho tsohle tseo Jehova a ba rutang tsona. Jehova o re: “Bonang! Bahlanka ba ka ba tla hoeletsa ka thabo ka lebaka la boemo bo botle ba pelo.”—Esaia 65:14.

E ka ba booatla ho lahla Jehova le mokhatlo oa hae hobane feela motho e mong a re sitetsoe

12. Re lokela ho etsa’ng ha motho e mong a re siteloa?

12 Ka sebele rea thaba hore ebe Jehova oa re tataisa ’me o re thusa ho etsa lintho tse ngata tse ntle. Ka lehlakoreng le leng, batho ba lefatšeng la Satane ha baa thaba ebile ha ba na tšepo ka bokamoso. Ruri e ka ba booatla hore re lahle Jehova le mokhatlo oa hae hobane feela motho e mong a buile kapa a entse ntho e re khopisang! Ho e-na le hoo, re lokela ho lula re tšepahala ho Jehova ’me re latele tataiso ea hae. Re boetse re lokela ho ithuta hore na re lokela ho itšoara joang ha motho e mong a re siteloa.

U LOKELA HO ITŠOARA JOANG?

13, 14. (a) Ke hobane’ng ha re lokela ho mamellana? (b) Re lokela ho lula re nahana ka tšepiso efe?

13 U lokela ho etsa’ng ha Mokreste-’moho le uena a bua kapa a etsa ntho e u utloisang bohloko? Bibele e re fa keletso ena: “U se ke ua potlaka moeeng oa hao hore u khopehe, etsoe ho khopeha ho lula lifubeng tsa ba hlokang kelello.” (Moeklesia 7:9) Kaofela ha rea phethahala ’me re etsa liphoso. Kahoo, ha rea lokela ho lebella hore Bakreste-’moho le rōna ba tla lula ba bua kapa ba etsa lintho tse nepahetseng. Hape, ho lula re nahana ka liphoso tsa bona ho ke ke ha re tsoela molemo. Haeba re etsa joalo, re ke ke ra thabela ho sebeletsa Jehova. Ho phaella moo, tumelo ea rōna e ka ’na ea thefuleha ’me ra lahla mokhatlo oa Jehova. Kahoo, re ke ke ra sebeletsa Jehova kapa ra tšepa hore re tla phela lefatšeng la hae le lecha.

14 Joale, ke eng e ka u thusang hore u lule u thabela ho sebeletsa Jehova le ha ba bang ba etsa lintho tse u khopisang? Nahana ka tšepiso ena e khothatsang: “Bonang! Ke bōpa maholimo a macha le lefatše le lecha; ’me lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.” (Esaia 65:17; 2 Petrose 3:13) Jehova o tla u fa litlhohonolofatso tsena haeba u lula u tšepahala ho eena.

15. Jesu o ile a re re lokela ho etsa’ng ha ba bang ba re siteloa?

15 Ke ’nete hore ha re e-s’o kene lefatšeng le lecha. Kahoo, ha motho e mong a re utloisa bohloko re lokela ho thuisa ka seo Jehova a batlang hore re se etse. Ka mohlala, Jesu o ile a re: “Haeba le tšoarela batho litšito tsa bona, Ntat’a lōna oa leholimo le eena o tla le tšoarela; athe haeba le sa tšoarele batho litšito tsa bona, le Ntat’a lōna a ke ke a le tšoarela litšito tsa lōna.” Ha Petrose a ne a botsa Jesu hore na re lokela ho tšoarela ba bang “ho fihlela makhetlong a supileng,” Jesu o ile a re: “Ke re ho uena, eseng, ho fihlela makhetlong a supileng, empa, ho fihlela makhetlong a mashome a supileng a metso e supileng.” Jesu o re rutile hore re lokela ho ikemisetsa ho tšoarela ba bang.—Matheu 6:14, 15; 18:21, 22.

16. Josefa o re behetse mohlala ofe o motle?

16 Mohlala oa Josefa o re ruta hore na re lokela ho itšoara joang ha ba bang ba re soetsa. Josefa le moena oa hae e ne e le bara ba babeli feela ba Jakobo le Ragele. Jakobo o ne a e-na le bara ba bang ba leshome, empa a rata Josefa ho ba feta. Sena se ile sa etsa hore ba hloee Josefa. Ha e le hantle, ba ne ba mo hloile hoo ba ileng ba mo rekisa e le lekhoba, ’me a isoa Egepeta. Ha lilemo li ntse li ea, morena oa Egepeta o ile a mo etsa tona-khōlō ea hae, kaha o ne a khahliloe ke mosebetsi oa hae o motle. Hamorao, barab’abo Josefa ba ile ba ea Egepeta ho ea reka lijo, kaha ho ne ho e-na le komello. Ba ne ba sa tsebe Josefa ha ba kopana, empa eena o ne a ntse a ba hopola. Le hoja ba ne ba mo entse hampe, ha aa ka a iphetetsa. Ho e-na le hoo, o ile a ba leka e le hore a bone hore na ba fela ba fetohile. Ha a hlokomela hore ba fetohile, o ile a ba bolella hore ke ngoan’abo bona. Hamorao a ba khothatsa, ’me a re: “Le se ke la tšoha. Ke tla ’ne ke le fe lijo le bana ba lōna ba banyenyane.”—Genese 50:21.

17. Re lokela ho etsa’ng ha ba bang ba re siteloa?

17 Hopola hore le uena u ka ’na ua siteloa ba bang, kaha kaofela re etsa liphoso. Kahoo, latela keletso ea Bibele ha u hlokomela hore u sitetsoe motho e mong. Kōpa tšoarelo, ’me u leke ho bōpa khotso. (Bala Matheu 5:23, 24.) Rea thaba ha ba bang ba re tšoarela. Le rōna re lokela ho ba tšoarela. Bakolose 3:13 e re: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” Haeba re hlile re rata Bakreste-’moho le rōna, ha re na ho ba jara ka pelo ka lebaka la liphoso tseo ba li entseng nakong e fetileng. (1 Bakorinthe 13:5) Haeba re ba tšoarela, le rōna Jehova o tla re tšoarela. Kahoo, ha ba bang ba re fosetsa, e se eka re ka ba bontša mosa, feela joalokaha Ntate oa rōna Jehova a re bontša mosa.—Bala Pesaleme ea 103:12-14.