Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Molimo o re file mpho ea bohlokoa haholo e re thusang ho tšepa hore ka nako e ’ngoe re tla phela re sa shoe

SEHLOOHO SE KA NTLE | U KA RATA HO FUOA MPHO E JOANG?

Mpho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa

Mpho ea Bohlokoa ka ho Fetisisa

“Mpho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo le neo e ’ngoe le e ’ngoe e phethahetseng e tsoa holimo, kaha e theoha ho Ntate oa maseli a leholimo.” (Jakobo 1:17) Lengolo lena le bontša hore Jehova ke Molimo ea seatla se bulehileng. Har’a limpho tse ngata tseo Molimo a li fileng batho, ho na le ea bohlokoa ho feta tsohle. Lengolong la Johanne 3:16, Jesu o ile a re: “Etsoe Molimo o ratile lefatše haholo hoo a ileng a fana ka Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, e le hore e mong le e mong ea bontšang tumelo ho eena a se ke a timetsoa empa a be le bophelo bo sa feleng.” Mantsoe ao aa re hlakisetsa hore na mpho eo ke efe.

Mpho ea bohlokoa eo Molimo a re fileng eona ke mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, hobane ka eena re na le tšepo ea hore re ke ke ra hlola re e-ba le sebe, re tsofala kapa re e-shoa. (Pesaleme ea 51:5; Johanne 8:34) Ho sa tsotellehe hore na re ka leka ka matla hakae, re ke ke khona ho qoba lintho tsena. Ha Molimo a fana ka mora oa hae Jesu Kreste, o entse hore batho bohle ba mo ratang ba be le tšepo ea ho phela ho se mohla ba tla shoa. Empa na ho ne ho hlokahala hore Molimo a fane ka mora oa hae? Hape ke melemo efe eo re e fumanang hobane a re shoetse?

Bibele e re hlalosetsa hore Adama le Eva ba bopiloe ba se na sebe, ba e-na le tšepo ea hore bona le bana bao ba neng ba tla ba le bona ba tla phela paradeiseng mona lefatšeng ho se mohla ba tla shoa. (Genese 1:26-28) Litaba tse sa jeseng litheohelang ke hore ba ile ba lahleheloa ke bokamoso boo bo monate ha ba etsa sebe. Bibele e re: “Sebe se ile sa kena lefatšeng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe, ’me kahoo lefu la namela ho batho bohle hobane kaofela ba ne ba entse sebe.” (Baroma 5:12) Kaha Adama e ne e se e le moetsalibe, o ne a ke ke a ba le bana ba phethahetseng.

Boemong bona, ho ne hlokahala hore ho fanoe ka bophelo ba motho ea phethahetseng e le hore batho ba se ke ba hlola ba e-ba le sebe. Ha Adama a ne a etsa sebe, o ile a khaotsa ho ba motho ea phethahetseng. Bibele e re sebe sa Adama se ile sa etsa hore bana ba hae e be makhoba a sebe le lefu. Kahoo, ho ne ho hlokahala bophelo ba motho ea phethahetseng e leng Jesu, hore batho ba tlosoe boemong boo. (Baroma 5:19; Baefese 1:7) Batho ba na le tšepo ea ho phela paradeiseng mona lefatšeng ho se mohla ba tla shoa hobane Molimo a fane ka mpho ena ea bohlokoa, e leng mora oa hae.—Tšenolo 21:3-5.

Mpho ena eo Molimo a faneng ka eona e bohlokoa haholo hobane e fa batho monyetla oa ho phela ka ho sa feleng. E le hore re bone kamoo mpho ena e leng bohlokoa kateng, a re ke re bone kamoo Molimo a ileng a etsa lintho tse ’nè tseo re buileng ka tsona sehloohong se fetileng.

Re fumana lintho tseo re li ratang. Ha ho na motho ea ratang ho shoa. (Moeklesia 3:11) Ebile ha ho na letho leo re ka le etsang hore re se ke ra shoa, empa mpho ena eo Molimo a re fileng eona e re fa tšepo ea ho phela ka ho sa feleng. Bibele e re: “Etsoe moputso oo sebe se o lefang ke lefu, empa mpho eo Molimo a fanang ka eona ke bophelo bo sa feleng ka Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Baroma 6:23.

Re fumana lintho tseo re li hlokang. Ha ho na motho ea ka pholosang batho sebeng le lefung. Bibele e re: “Tefo ea topollo ea moea oa bona ke ea bohlokoa haholo hoo e leng sieo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” (Pesaleme ea 49:8) Kahoo, re hlile re hloka thuso ea Molimo hore re se ke ra ba le sebe le hore re se hlole re e-shoa. Molimo o re lopolotse litleneng tsa sebe le lefu ka ho fana ka mora oa hae.—Baroma 3:23, 24.

Molimo o re file eona ka nako e nepahetseng. Bibele e re: “Empa Molimo o buella lerato la hae ho rōna ka hore, ha re sa ntse re le baetsalibe, Kreste o ile a re shoela.” (Baroma 5:8) Taba ea hore Molimo o fane ka mora oa hae molemong oa rona “ha re sa ntse re le baetsalibe,” e bontša hore o re rata haholo. Kahoo, re ka lebella hore ho na le lintho tse ngata tse thabisang tseo Molimo a tla re etsetsa tsona le hoja hona joale re na le mathata ka lebaka la sebe.

Molimo o re file eona hobane a re rata. Bibele e re bolella lebaka leo Molimo a faneng ka mora oa hae ka lona ha e re: “Lerato la Molimo le ile la bonahatsoa ho rōna ka sena, hobane Molimo o ile a romela Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng e le hore re ka fumana bophelo ka eena. Lerato le ka tsela ena, eseng hore re ratile Molimo, empa hore o ile a re rata ’me a romela Mora oa hae e le sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna.”—1 Johanne 4:9, 10.

U ka bontša Molimo joang hore oa leboha ha a u file mpho ee ea bohlokoa? Hopola mantsoe a Jesu a hlahang ho Johanne 3:16 a hlakisang hore “e mong le e mong ea bontšang tumelo” o tla bolokeha. Bibele e re: “Tumelo ke tebello e tiisitsoeng ea lintho tseo ho nang le tšepo bakeng sa tsona.” (Baheberu 11:1) Hore re be le tšepo eo, re lokela ho ithuta Lentsoe la Molimo. Ka hona, re u khothalletsa hore u ithute ka Jehova Molimo ea faneng ka mpho ena ea bohlokoa haholo. U ka boela oa batla hore na u lokela ho etsa’ng hore u fumane bophelo bo sa feleng boo re tlang ho bo fumana hobane Jesu a re shoetse.

U ka boela oa ithuta lithuto tsena tse hlahang ka Bibeleng ho www.jw.org/st. Lipaki Tsa Jehova li ka thabela ho u thusa ho ithuta litaba tsena. Re kholisehile hore ka mor’a hore u ithute ka mpho ena le kamoo e ka u tsoelang molemo kateng, le uena u tla re: “Ho lebohuoe Molimo ka Jesu Kreste Morena oa rōna!”—Baroma 7:25.