Bibele e Re’ng?

Bibele e Re’ng?

Armagedone ke Eng?

Batho ba bang ba lumela . . .

hore ke ntoa e tl’o felisa lefatše. Uena u ka re’ng?

Bibele eona e re’ng?

Armagedone ke ‘ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.’—Tšenolo 16:14, 16.

Bibele e re’ng hape?

  • Morero oa Molimo oa ho loana ntoa ena ha se ho senya lefatše empa ke ho felisa batho ba le senyang.—Tšenolo 11:18.

  • Ntoa ena e tla felisa lintoa tsohle tse teng hona joale.—Pesaleme ea 46:8, 9.

Na ho na le batho ba tla pholoha Armagedone?

Uena u ka re’ng?

  • E

  • Che

  • Mohlomong

Bibele eona e re’ng?

“Bongata bo boholo” ba batho ba tsoang lichabeng tsohle bo tla pholoha ‘matšoenyeho a maholo’ a tla fella ka Armagedone.—Tšenolo 7:9, 14.

Bibele e re’ng hape?

  • Molimo o batla hore batho bohle ba pholohe Armagedone. Kahoo ntho ea ho qetela eo a tla e etsa ke ho felisa batho ba sa mo mameleng.—Ezekiele 18:32.

  • Bibele ea bolela hore na motho a ka etsa’ng hore a pholohe Armagedone.—Sofonia 2:3.