Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE ITHUTOANG 52

U ka Thusoa Ke’ng ha U Nyahame?

U ka Thusoa Ke’ng ha U Nyahame?

“Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.”​—PES. 55:22.

PINA EA 33 Lahlela Moroalo oa Hao ho Jehova

SELELEKELA *

1. Ho ka etsahala’ng ka rona haeba re nyahame?

LETSATSI le chabang le le likelang re tobana le mathata ’me re etsa sohle seo re ka se khonang ho sebetsana le ’ona. Empa ha re nyahame, ho thata hore re sebetsane le mathata a rona. Kahoo, re lokela ho hopola hore ho nyahama ho ka etsa hore re ikutloe re se na thuso hape re sa thaba. Liproverbia 24:​10 e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Kahoo, ha re nyahame, re ka ikutloa re se na matla a ho sebetsana le mathata a rona ka katleho.

2. Ke’ng e ka etsa’ng hore re ikutloe re nyahame, hona re tl’o ithuta’ng sehloohong see?

2 Ho na le lintho tse ngata tse ka re nyahamisang ebang ke tseo re li bonang kapa tseo re sa li boneng. Lintho tseo li akareletsa liphoso tsa rona, mefokolo ea rona le ho kula. Hape, re ka nyahama haeba re sa fumane kabelo eo re e labalabelang tšebeletsong ea Jehova kapa ha batho ba tšimo eo re e sebetsang ba sa mamele molaetsa oa Bibele. Sehloohong sena re tl’o ithuta ka lintho tseo re ka li etsa’ng e le hore re se ke nyahama.

HA RE NYAHAMISOA KE LIPHOSO LE MEFOKOLO EA RONA

3. Ke’ng e ka re thusang ha re nyahamisoa ke liphoso le mefokolo ea rona?

3 Ho bonolo hore re ikutloe re se na thuso ka lebaka la liphoso tseo re li etsang. Ntho eo e ka etsa hore re nke hore Jehova a ke ke a batla ho re bona Paradeiseng ka lebaka la liphoso tsa rona. Monahano oo o ka ba kotsi. Re lokela ho ikutloa joang ka liphoso tsa rona? Bibele ea re bolella hore batho bohle ntle le Jesu “ba entse sebe.” (Bar. 3:​23) Empa Jehova ha a shebane haholo le liphoso tsa rona hape ha aa lebella hore re phethahale. Ho e-na le ho etsa joalo, oa re rata ebile o batla ho re thusa. O boetse o na le mamello. O ikemiselitse ho re thusa hape oa elelloa hore na re leka ka matla hakae ho etsa lintho ka tsela e nepahetseng le hore re se ke ra ikutloa re se na thuso ha re entse liphoso.​—Bar. 7:​18, 19.

Jehova o hopola lintho tse ntle tseo re li entseng le tseo re ntseng re tsoela pele ho li etsa (Sheba serapa sa 5) *

4-5. Ke mantsoe afe a hlahang ho 1 Johanne 3:​19, 20 a ileng a thusa baralib’abo rona ba babeli?

4 Nahana ka mohlala oa Morali’abo rona Deborah le Morali’abo rona Maria. * Ha Morali’abo rona Deborah e ntse e le ngoana, hangata o ne a tšoaroa ka tsela e neng e etsa hore a ikutloe a se na thuso. O ne a babatsoa seoelo. Ntho eo e ile ea etsa hore le ha a se a holile a ipone e le motho ea se nang thuso. Ha a etsa le phoso e se nang taba, o ne a bona eka ha ho mohla a tla loka. Morali’abo rona Maria le eena o ne a le joalo. Beng ka eena ba ne ba mo hobosa. Ntho eo e ile ea etsa hore a ikutloe a se na thuso ho hang. Esita le ka mor’a hore a kolobetsoe, o ne a utloa a sa tšoanelehele ho bitsoa Paki ea Jehova.

5 Le har’a maemo ana, baralib’abo bana rona ha baa ka ba tlohela ho sebeletsa Jehova. Hobane’ng? Hobane ba ile ba lahlela moroalo oa bona ho Jehova ka hore ba mo rapele ho tsoa pelong. (Pes. 55:​22) Ba ile ba hlokomela hore Jehova Ntate oa rona ea lerato oa elelloa hore lintho tse bohloko tse re hlahetseng nakong e fetileng li ka etsa hore re be batho ba se nang thuso. Empa o boetse o bona makhabane a matle ao re nang le ’ona le haeba rona re bona eka ha ho letho le letle leo re le etsa’ng.​—Bala 1 Johanne 3:​19, 20.

6. Motho e mong a ka ’na a ikutloa joang haeba a pheta phoso eo a e entseng nakong e fetileng?

6 Motho ea ntseng a loana ntoa ea khumamela ho hlola mokhoa o mobe o metseng ka metso oo a nang le ’ona, a ka ’na a pheta phoso e tšoanang eaba o qetella a nyahame. Hoa etsahala hore motho a ikutloe a le molato ha a entse sebe. (2 Bakor. 7:​10) Empa ha rea lokela ho feteletsa lintho ebe re nahana hore ha ho mohla re tla loka kapa hona hore Jehova a ke ke a re tšoarela. Taba eo e ka ba ea etsa hore re khaotse ho sebeletsa Jehova. Re hopole hore Liproverbia 24:​10 e itse matla a rona a tla fokola haeba re nyahame. Kahoo, a re “lokiseng litaba” le Jehova ka hore re mo rapele re kope hore a re hauhele. (Esa. 1:​18) Ha Jehova a bona hore kannete re bakile, o tla re tšoarela. Hape re ka ikopanya le baholo. Ba tla re thusa hore tumelo ea rona e boele e be matla hape.​—Jak. 5:​14, 15.

7. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho nyahama haeba re utloa ho le thata ho etsa ntho e nepahetseng?

7 Mor’abo Jean-Luc eo e leng moholo naheng ea Fora, o fana ka matšeliso ana ho batho ba nang le mefokolo e itseng: “Ho Jehova motho ea lokileng ha se ea sa etseng liphoso ho hang empa ke ea soabelang liphoso tseo a li entseng a bile a li bakela kamehla.” (Bar. 7:​21-25) Ka hona, haeba ho na le bofokoli boo u ntseng u bo loantša, u se ke oa nahana hore ha u na thuso. U hopole hore ha ho na motho ea ka emang ka pel’a Molimo eaba o hlaha a lokile. Kaofela ha rona re hloka mohau oa Molimo oo a re bontšang oona ka sehlabelo sa Mora oa hae.​—Baef. 1:7; 1 Joh. 4:10.

8. Ke bo-mang ba ka re thusang ha re utloa re nyahame?

8 Bara le barali ba bo rona ba ka re khothatsa. Nakong eo re utloang re batla ho bua le motho e mong, ba ka re mamela ba ba ba re tsosa molota ka mantsoe a khothatsang. (Liprov. 12:​25; 1 Bathes. 5:​14) Morali’abo rona Joy ea lulang Nigeria ea kileng a nyahama haholo, o re: “Ebe nka be ke le ngoan’a mang ha e ne se ka bara le barali ba bo rona? Tsela eo ba nkhothatsang ka eona ke bopaki ba hore Jehova o araba lithapelo tsa ka. Ke ile ka ba ka inkela malebela ho bona a hore na nka khothatsa batho ba bang ba nyahameng joang.” Leha ho le joalo, re lokela ho hopola hore ha se kamehla Bakreste-’moho le rona ba tla tseba ha re hloka ho khothatsoa. Kahoo, re ka ’na ra hloka ho roala lieta ra ea ho Mokreste-’moho eo e leng khale a li bona ho kopa thuso.

HA RE LE LIPHATENG TSE CHESANG

9. Pesaleme ea 41:3 le ea 94:​19 li re khothatsa joang?

9 Kopa thuso ho Jehova. Ho ka ba thata hore re thabe haholo haeba re e-na le bokulo bo sa foleng kapa re qetile nako e telele re le liphateng tse chesang. Le hoja Jehova a sa re phekole ka mohlolo, oa re tšelisa le ho re fa matla ao re a hlokang hore re mamelle. (Bala Pesaleme ea 41:3; 94:​19.) Mohlala, a ka etsa hore Bakreste-’moho le rona ba re thuse ha re hloka ho thusoa ka mesebetsi ea lapeng kapa ho ea mabenkeleng. A ka etsa hore ba rapele le rona. Hape a ka re hopotsa lintho tse ntle tse ka Bibeleng tse ka re khothatsang tse kang bokamoso bo botle boo re bo lebeletseng ba ho phela lefatšeng le lecha re se re phethahetse, re sa kule kapa hona ho utloa bohloko.​—Bar. 15:4.

10. Ke’ng e ileng ea thusa Mor’abo rona Isang hore a se ke a nyahamela ruri ka mor’a hore a hlaheloe ke kotsi?

10 Mor’abo rona Isang oa Nigeria o ile a hlaheloa ke kotsi e ileng ea etsa hore a shoe litho. Ngaka ea hae e ile ea mo bolella hore a ke ke a hlola a khona ho tsamaea. O re: “Ke ne ke utloile bohloko haholo ebile ke sithabetse.” Empa na o ile a nyahamela ruri? Che! O ile a thusoa ke’ng? O re: “Ha ho mohla ’na le mosali oa ka re ileng ra khaotsa ho rapela Jehova le ho bala Lentsoe la hae. Hape re ne re ikemiselitse ho ananela lintho tse ntle tseo re nang le tsona tse kang tšepo ea ho phela lefatšeng le lecha.”

Esita le bahoeletsi bao maemo a bona a bophelo a seng matle ba ntse ba ka khona ho etsa mosebetsi oa boboleli ’me ba thaba (Sheba serapa sa 11 ho ea ho sa 13)

11. Ke’ng e ileng ea thusa Morali’abo rona Cindy hore a thabe leha a ne a kula?

11 Morali’abo rona Cindy ea lulang Mexico o ile a fumanoa a e-na le lefu le neng le ka ’na la mo bolaea. O khonne joang ho mamella? Ha a ntse a le kalafong sepetlele, o ile a itjoetsa hore o tla pakela batho letsatsi le leng le le leng. O re: “Ho etsa joalo ho ile a nthusa hore ke shebane le batho ba bang ’me ke se nahane ka oporeishene, bohloko boo ke bo utloang kapa bokulo ba ka. Ke ne ke tloaetse ho etsa tjena: Ha ke ntse ke buisana le lingaka kapa baoki, ke ne ke ba botsa hore na ba malapa a bona ba ntse ba e-ea joang. Ebe kea ba botsa hore na hobane’ng ha ba khethile mosebetsi o boima hakana. Ka mor’a moo, ke ne ke nolofalloa ho bona hore na ke lintho life tseo nka buang le bona ka tsona tse ka ba amang. Ba bangata ba ile ba re ha se hangata bakuli ba ba botsang hore na ba ntse ba e-ea joang. Hape, ba bangata ba ile ba nteboha ka hore ebe kea ba tsotella. Ba bang ba ile ba ba ba mpha linomoro tsa bona le liaterese tsa bona. Kahoo, nakong ena eo ke neng ke thutse thaba ka phatla, ke ne ke hloletsoe ke tsela eo Jehova a etsang hore ke thabe ka eona!”​—Liprov. 15:15.

12-13. Bara le barali ba bo rona ba kulang kapa ba holileng ba khonne joang ho pakela batho ba bang, hona ba fumane litholoana life?

12 Bakreste-’moho le rona ba kulang kapa ba holileng ba ka nyahama hobane ba se ba sa khone ho sebetsa kamoo ba ka ratang kateng tšebeletsong ea Jehova. Ho ntse ho le joalo, ba bangata ba ntse ba khona ho ruta batho Bibele. Morali’abo rona Laurel a lulang Amerika o ile a qeta lilemo tse 37 a le ka har’a mochine o mo thusang ho hema. O ile a tšoaroa ke kankere, a etsoa lioporeishene tse kholo a ba a tšoaroa ke mafu a kotsi a letlalo. Empa le mathata ana a neng a mo utloisa bohloko hakana, ha aa ka a mo koala molomo. O ile a pakela baoki le basebetsi ba bang ba sepetlele ha ba ne ba tlile ha hae. Ho ile ha qetella ho etsahetse’ng? O ile a thusa batho ba ka bang 17 ho ithuta ka Jehova. *

13 Mor’abo rona Richard eo e leng moholo naheng ea Fora o fana ka tlhahiso ena e ntle bakeng sa batho ba lutseng hae ka lebaka la ho kula kapa ba mahaeng a maqheku. O re: “Ke ba khothaletsa ho beha tse ling tsa lingoliloeng moo batho ba ka li bonang. Ntho eo e tla etsa hore batho ba li bone ebe ba botsa ka tsona. Ho etsa joalo ho ka khothatsa bara le barali ba bo rona ba seng ba sa khone ho ea ka ntlo le ntlo.” Batho ba sa khoneng ho tloha hae ba ka pakela batho ka ho ba ngolla mangolo kapa ka ho ba letsetsa.

HA RE SA FUMANE KABELO EO RE E BATLANG

14. Morena Davida o re behetse mohlala ofe o motle?

14 Re ka ’na ra se ke ra tšoanelehela ho fumana kabelo e itseng tšebeletsong ea Jehova hobane re se re holile, re kula kapa ka mabaka a mang. Haeba re le boemong boo, ho na ntho ea bohlokoa eo re ka ithutang eona mohlaleng oa Morena Davida. Le hoja Davida a ne a labalabela ho hahela Jehova tempele, Jehova o ile a mo bolella hore o khethile motho e mong ho etsa mosebetsi oo. O ile a etsa sohle ho tšehetsa mosebetsi oo. Kannete re ka cho ra re Davida o re behetse mohlala o tsoileng matsoho!​—2 Sam. 7:​12, 13; 1 Likron. 29:​1, 3-5.

15. Ke’ng e ileng ea thusa Mor’abo rona Hugues hore a khaotse ho nyahama?

15 Mor’abo rona Hugues ea lulang Fora o ile a tlohela ho ba moholo hobane a ne a kula ’me o ne a thatafalloa le ke ho etsa mesebetsi e menyenyane feela ea lapeng. O re: “Qalong ke ne ke nyahame ke bile ke utloa ke se na thuso. Empa ka mor’a nako ke ile ka bona hore ho bohlokoa ho ikamohela ’me ka bona hore ho ntse ho e-na le ho hong hoo nka ho etsetsang Jehova. Ke itjoetsitse hore nke ke ka tela. Ke tla ’ne ke e loane ntoa ena, ke etsise Gideone le banna ba makholo a mararo ba ileng ba ’na ba loana leha ba ne ba khathetse.”​—Baahl. 8:4.

16. Re ka ithuta’ng mohlaleng oa mangeloi?

16 Mangeloi a Molimo a tšepahalang a re behetse mohlala o motle. Mohlala, Jehova o ile a kopa mangeloi hore a fane ka litlhahiso tsa hore na a etse’ng e le hore a thetse Morena Akabe ea khopo. Mangeloi a mang a ile a fana ka litlhahiso. Empa Molimo o ile a khetha lengeloi le le leng a le bolella hore tlhahiso ea lona e tla sebetsa. (1 Mar. 22:​19-22) Na mangeloi a mang a ile a nyahama a bona eka a sentse nako ka ho fana ka litlhahiso tsa ’ona? Ha ho na lebaka la ho lumela hore a ile a etsa joalo. Mangeloi a ikokobelitse haholo ebile a batla ho etsa sohle ho tlotlisa Jehova.​—Baahl. 13:​16-18; Tšen. 19:10.

17. Re lokela ho etsa’ng haeba re nyahame hobane ho e-na le likabelo tseo re sa li fumaneng?

17 Lula u hopola hore tlotla e kholo haholo eo re nang le eona ke ho bitsoa Lipaki Tsa Jehova le ho tsebahatsa ’Muso oa hae. Ho ba le likabelo kapa ho se be le tsona ha se hona ho etsang hore re be batho ba bohlokoa ho Molimo. Ntho e etsang hore re be bohlokoa ho Jehova le ho Bakreste-’moho le rona ke boikokobetso. Kahoo, kopa Jehova hore a u thuse u lule u ikokobelitse. Nahana ka mehlala e mengata e ka Bibeleng ea batho ba neng ba ikokobelitse. Ikemisetse ho sebeletsa Bakreste-’moho le uena kahohle kamoo u ka khonang.​—Pes. 138:6; 1 Pet. 5:5.

HA BATHO BA SA MAMELE MOLAETSA OA BIBELE

18-19. Ke’ng e ka u thusang ho thabela tšimo leha batho ba sa mamele?

18 Na u kile oa nyahama ha batho ba tšimong ea heno ba sa mamele molaetsa oa Bibele kapa hobane batho ba bangata ba sa fumanehe malapeng? Boemong boo, u ka etsa’ng e le hore u lule u thabile kapa u thabe le ho feta? Lebokose le reng, “ Litsela Tsa ho Ntlafatsa Tšimo ea Hao” le na le litlhahiso tse ntle tse ka u thusang. Hape ho bohlokoa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka tšebeletso eo re e etsetsang Jehova. Taba ee e bolela’ng?

19 Lula u shebane le ho tsebahatsa ’Muso oa Molimo le lebitso la hae. Jesu o ile a hla a cho hore ha se batho ba bangata ba tla tsamaea tseleng e isang bophelong. (Mat. 7:​13, 14) Ha re etsa mosebetsi oa boboleli, re ba le tlotla ea ho sebetsa le Jehova, Jesu le mangeloi. (Mat. 28:​19, 20; 1 Bakor. 3:9; Tšen. 14:​6, 7) Jehova o hula batho ba batlang ho mo sebeletsa. (Joh. 6:​44) Ka hona haeba motho a sa re mamele, ho ka etsahala hore nakong e tlang ha re khutlela ho eena a re mamele.

20. Re ka ithuta’ng ho Jeremia 20:​8, 9 e ka re thusang ho khaotsa ho nyahama?

20 Re ka ithuta lintho tse ngata ho moprofeta Jeremia. O ile a fuoa mosebetsi oa ho isa molaetsa oa Molimo ho batho ba neng ba sa batle le ho mo bona. Batho ba ne ba mo rohaka le ho mo soma “letsatsi lohle.” (Bala Jeremia 20:​8, 9) Ka le leng, o ile a nyahama hoo a ileng a ba a utloa hore ho lekane. Empa ha aa ka a phahamisa matsoho. Hobane’ng? O ile a sitoa ho ikoalla ka “lentsoe la Jehova” hobane e ne eka mollo o tukang ka har’e ho eena! Ho tla ba joalo ka rona haeba re lula re bala Lentsoe la Molimo. Taba ena ea bontša hore ho bohlokoa hakae hore re ithute le ho thuisa ka Lentsoe la Molimo letsatsi le letsatsi. Ha re etsa joalo, re tla thaba le ho feta le tšimo ea rona e ka ba ea beha litholoana.​—Jer. 15:16.

21. Ke’ng e ka re thusang hore re hlole ho nyahama?

21 Morali’abo rona Deborah eo re buileng ka eena pejana o re: “Satane o sebelisa sebetsa se kotsi ho re hlasela e leng ho nyahama.” Empa libetsa tsa Satane ha se letho ho Jehova. Kahoo, haeba ho e-na le ntho efe kapa efe e u nyahamisitseng, kopa Jehova hore a u thuse. O tla u thusa hore u mamelle haeba u nyahamisitsoe ke liphoso le mefokolo ea hao. O tla u hlokomela ha u kula. Jehova o tla u thusa hore u be le maikutlo a nepahetseng haeba ho e-na le likabelo tseo u sa li fumaneng tšebeletsong ea hae. Hape u tla u thusa ho ba le maikutlo a nepahetseng ka mosebetsi oa boboleli. U ka boela oa phetlela Jehova sefuba. Ka thuso ea Jehova, u ka hlola ho nyahama.

PINA EA 41 Ka Kopo, Utloa Thapelo ea ka

^ ser. 5 Kaofela ha rona re na le ho nyahama ka linako tse ling. Sehloohong sena re tl’o ithuta tse ling tsa lintho tseo re ka li etsa’ng ha re ikutloa re nyahame. Re tl’o bona hore Jehova a ka re thusa ho hlola ho nyahama

^ ser. 4 Mabitso a mang fetotsoe.

^ ser. 12 Bala pale ea Laurel Nisbet ka har’a Tsoha! ea January 22, 1993 ea Senyesemane.

^ ser. 69 TLHALOSO EA LITŠOANTŠO: Morali’abo rona o ne a ile a qeta nako a nyahame empa o ntse a nahana ka lintho tseo a li entseng tšebeletsong ea Jehova ebile oa rapela. O kholisehile hore Jehova o hopola lintho tseo a li entseng le tseo a ntseng a tsoela pele ho li etsa.