Baahloli 8:1-35

  • Baefraime ba phehisana khang le Gideone (1-3)

  • Marena a Midiane aa lelekisoa ebile aa bolaoa (4-21)

  • Gideone o hana ho ba morena (22-27)

  • Pale ea bophelo ba Gideone (28-35)

8  Joale banna ba Efraime ba re ho Gideone: “Ke hobane’ng ha u re entse tjee? Ke hobane’ng ha u sa re bitsa ha u e’o loantša Bamidiane?”+ Eaba ba phehisana khang le eena.+ 2  Empa a re ho bona: “Seo ke se entseng ha se letho ha se bapisoa le seo le se entseng. Na morara o thonakiloeng ke Efraime+ ha o molemo ho feta morara o kotutsoeng ke Abi-ezere?+ 3  Molimo o entse hore le hlole likhosana tsa Midiane e leng Orebe le Zebe.+ ’Na ha kea etsa letho ha ke bapisoa le lona.” Ha a qeta ho bua mantsoe ana, ba tlohela ho halefa. 4  Eaba Gideone le banna ba 300 ba tšela noka ea Jordane ’me ba ’na ba lelekisa lira tsa bona le hoja ba ne ba khathetse. 5  Joale a re ho banna ba Sukothe: “Ke kopa hore le fe banna bana ba tsamaeang le ’na bohobe kaha ba khathetse ’me re ntse re lelekisa marena a Midiane e leng Zeba le Zalmuna.” 6  Empa likhosana tsa Sukothe tsa re: “Ke hobane’ng ha re lokela ho fa masole bohobe? Na u se u hlotse Zeba le Zalmuna?” 7  Eaba Gideone o re: “Kaha le buile mantsoe ana, ke tla le shapa ka meutloa le lihlahla tse hlabang tsa lefeelleng+ ha Jehova a nthusa hore ke hlole Zeba le Zalmuna.” 8  Ha a tloha moo, a nyolohela Penuele ’me a kopela masole a hae bohobe empa banna ba Penuele ba mo araba ka tsela e tšoanang le ea banna ba Sukothe. 9  Kahoo, a boela a re ho banna ba Penuele: “Ha ke khutla ke hlotse, ke tl’o liha tora ena.”+ 10  Joale Zeba le Zalmuna ba ne ba le Karkore le masole a bona e leng banna ba ka bang 15 000. E ne e le banna bohle ba setseng ho tsoa lebothong la sesole la batho ba Bochabela+ kaha banna ba 120 000 ba neng ba nkile lisabole ba ne ba shoele. 11  Gideone a ’na a nyoloha ka tsela ea ba lulang litenteng ka bochabela ho Noba le Jogbeha+ ’me a ba hlasela ba sa lebella. 12  Ha marena a mabeli a Midiane e leng Zeba le Zalmuna a baleha, Gideone a a lelekisa ’me a a tšoara. Batho bohle ba lulang litenteng ba tšoha. 13  Joale Gideone mora oa Joashe a khutla ntoeng ka tsela e pakeng tsa lithaba e nyolohelang Herese. 14  Ha a le tseleng a tšoara mohlankana ea tsoang Sukothe eaba o mo hloma lipotso. Kahoo, mohlankana eo a mo ngolla mabitso a likhosana le banna ba baholo ba Sukothe, e ne e le banna ba 77. 15  Eaba o ea ho banna ba Sukothe ’me o re: “Zeba le Zalmuna bao le neng le ntšoma ka bona ke bana, le re, ‘Na u se u hlotse Zeba le Zalmuna hoo re lokelang ho fa banna ba hao ba khathetseng bohobe?’”+ 16  Joale a nka banna ba baholo ba motse oa Sukothe a ba shapa ka meutloa le lihlahla tse hlabang tsa lefeelleng, a ba kenya tseleng.+ 17  A liha tora ea Penuele+ ’me a bolaea banna ba motse. 18  A re ho Zeba le Zalmuna: “Le bolaile banna ba mofuta ofe Tabore?” Eaba ba re: “Ba ne ba tšoana le uena, e mong le e mong a tšoana le mora oa morena.” 19  Eaba o re: “Ke bana beso, bara ba ’mè. Ke hlapanya ka Jehova Molimo ea phelang hore haeba le ne le sa ba bolaea, ke ne nke ke ka le bolaea.” 20  Joale a re ho Jethere mora oa hae oa letsibolo: “Ema, u ba bolaee.” Empa Jethere a se ke a ntša sabole ea hae. O ne a tšohile hobane o ne a sa le monyenyane. 21  Eaba Zeba le Zalmuna ba re: “Ema ’me u re bolaee kaha monna o bonahala ka matla a hae.” Kahoo, Gideone a ema ’me a bolaea Zeba le Zalmuna+ eaba o nka mekhabiso e bopehileng joaloka khoeli e neng e le melaleng ea likamele tsa bona. 22  Hamorao banna ba Iseraele ba re ho Gideone: “Re buse, uena le mora oa hao hammoho le setloholo sa hao kaha u re pholositse ho Bamidiane.”+ 23  Empa Gideone a re ho bona: “Nke ke ka le busa, le mora oa ka a ke ke a le busa. Jehova ke eena ea tla le busa.”+ 24  Gideone a tsoela pele ho re: “E-reng ke le kope ntho e le ’ngoe feela: E mong le e mong oa lona a mphe lesale la nko ho tsoa linthong tseo a li hapileng.” (Kaha sechaba seo ba se hlotseng se ne se e-na le masale a khauta a nko hobane e ne e le Baishmaele.)+ 25  Joale ba re: “Re tla fana ka ’ona.” Eaba ba ala seaparo ’me e mong le e mong o lahlela lesale la nko ho sona. 26  Masale a nko a khauta ao a neng a a kopile a ne a le boima bo ka etsang lik’hilokramo tse 19,* ntle ho mekhabiso e bopehileng joaloka khoeli, masale, liaparo tsa boea bo pherese tse neng li aparoa ke marena a Midiane le lifaha tse neng li le melaleng ea likamele.+ 27  Gideone a etsa efoda*+ ka khauta eo, a e beha motseng oa hae oa Ofra+ eaba Baiseraele bohle ba e rapela*+ moo ’me e ile ea ba leraba ho Gideone le ho ba lelapa la hae.+ 28  Kahoo, Baiseraele ba hlola Bamidiane+ ’me ha baa ka ba hlola ba tšoenya Baiseraele* hape. Ho ile ha e-ba le khotso naheng ka lilemo tse 40 mehleng eo ea Gideone.+ 29  Eaba Jerubaale+ mora oa Joashe o khutlela ha hae ’me o lula teng. 30  Gideone a ba le bara ba 70* kaha o ne a e-na le basali ba bangata. 31  Serethe* sa hae se neng se lula Shikeme le sona sa mo tsoalla mora ’me a mo reha Abimeleke.+ 32  Gideone mora oa Joashe a shoa a tsofetse haholo ’me a patoa lebitleng la ntate oa hae Joashe le neng le le Ofra ea Baabi-ezere.+ 33  Hang ha Gideone a qeta ho shoa, Baiseraele ba boela ba rapela* melimo ea Baale+ ’me ba khetha Baale-berithe hore e be molimo oa bona.+ 34  Baiseraele ha baa ka ba hopola Jehova Molimo oa bona,+ ea neng a ba pholositse ho lira tsohle tsa bona tse neng li ba potolohile.+ 35  Ho sa tsotellehe melemo eohle eo Jerubaale e leng Gideone a ileng a e etsetsa Baiseraele, ha baa ka ba tšepahalla* ba lelapa la hae.+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “lishekele tsa khauta tse 1 700.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
^ Kapa: “ba etsa botekatse le eona.” Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.
^ Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.
^ Ka Seheberu: “ha baa ka ba hlola ba phahamisetsa Baiseraele hlooho.”
^ Ka Seheberu: “a ba le bara ba 70 ba tsoileng thekeng la hae.”
^ Kapa: “ba etsa botekatse le.” Polelo ena ke mokhabo-puo. Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “ba bontša lerato le tšepahalang ho.” Sheba Tlhaloso.