Baahloli 1:1-36

  • Lintoa tseo Juda le Simeone ba li hlotseng (1-20)

  • Bajebuse ba ntse ba lula Jerusalema (21)

  • Josefa o hapa Bethele (22-26)

  • Bakanana ha baa lelekoa kaofela (27-36)

1  Ka mor’a lefu la Joshua,+ Baiseraele* ba botsa Jehova ba re:+ “Ke mang ho rona ea tla ea pele ho Bakanana ho ea ba loantša?” 2  Jehova a ba araba a re: “Juda o tla ea.+ Ke fana* ka naha ena letsohong la hae.” 3  Juda a re ho Simeone abuti oa hae: “A re ee sebakeng seo ke se abetsoeng,*+ re e’o loantša Bakanana. Le ’na ke tla ea le uena sebakeng seo u se abetsoeng.” Simeone a ea le eena. 4  Ha leloko la Juda le fihla, Jehova a nehelana ka Bakanana le Bapereze matsohong a bona+ eaba ba hlola banna ba 10 000 ba Bezeke. 5  Ba ile ba fumana Adoni-bezeke a le Bezeke joale ba mo loantšetsa hona moo ’me ba hlola Bakanana+ le Bapereze.+ 6  Ha Adoni-bezeke a baleha, ba ile ba mo lelekisa ’me ba mo tšoara eaba ba mo khaola menoana e metona ea maoto le ea matsoho. 7  Eaba Adoni-bezeke o re: “Ho na le marena a 70 a khaotsoeng menoana e metona ea maoto le ea matsoho a thonakang lijo tlas’a tafole ea ka. Molimo o nkentse feela joalokaha ke entse.” Ka mor’a moo, ba mo tlisa Jerusalema+ ’me a shoella teng. 8  Ho feta moo, banna ba Juda ba loantša Jerusalema+ ’me ba e hapa, ba loantša baahi ba eona ka sabole ’me ba chesa motse. 9  Ka mor’a moo, banna ba Juda ba ea ho ea loantša Bakanana ba lulang sebakeng se lithaba le ba Negebe le ba Shefela.+ 10  Kahoo, Juda a hlasela Bakanana ba neng ba lula Hebrone (pele ho moo Hebrone e ne e bitsoa Kiriathe-arba) ’me ba bolaea Sheshai, Akimane le Talmai.+ 11  Ho tloha moo, ba loantša baahi ba Debire.+ (Pele ho moo Debire e ne e bitsoa Kiriathe-sefere.)+ 12  Joale Kalebe+ a re: “Monna ea tla hlasela Kiriathe-sefere ’me a e hapa, ke tla mo fa morali oa ka Aksa hore e be mosali oa hae.”+ 13  Othniele+ mora oa Kenaze,+ ngoan’abo Kalebe, a e hapa. Kahoo, a mo fa morali oa hae Aksa hore e be mosali oa hae. 14  Ha ba le tseleng e eang hae, Aksa a phehella monna oa hae hore a kope tšimo ho ntate oa hae. Aksa a theoha holim’a tonki.* Kalebe a mo botsa a re: “U batla’ng?” 15  Aksa a re ho eena: “Ke kopa u ntlhohonolofatse kaha u mphile karolo ea naha e ka boroa,* mphe le Gulothe-maime.”* Kahoo, Kalebe a mo fa Gulothe e Holimo le Gulothe e Tlase. 16  Joale bana ba Mokene+ ntate oa mosali oa Moshe,+ ba tla ba tsoa motseng oa lifate tsa palema*+ le batho ba Juda ho ea lefeelleng la Juda ka boroa ho Arade.+ Ba ea moo eaba ba lula le batho ba moo.+ 17  Empa Juda a tsamaea le Simeone abuti oa hae, ba hlasela Bakanana ba ahileng Zefathe ’me ba ba bolaea.+ Eaba ba reha motse oo lebitso la Horma.*+ 18  Ka mor’a moo, Juda a hapa Gaza,+ Ashkelone,+ Ekrone+ le libaka tsa tsona. 19  Jehova o ne a e-na le Bajuda ’me ba ile ba nka sebaka se lithaba empa ha baa ka ba khona ho leleka baahi ba khohlong* hobane ba ne ba e-na le likariki tsa ntoa tse nang le mahare a tšepe.+ 20  Ba ile ba fa Kalebe motse o bitsoang Hebrone feela joalokaha Moshe a ne a tšepisitse+ eaba ba leleka bara ba bararo ba Anake.+ 21  Empa Babenjamine ha baa ka ba leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema. Bajebuse ba ntse ba lula le Babenjamine Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.+ 22  Ka nako eo, ba lelapa la Josefa+ ba hlasela Bethele ’me Jehova o ne a e-na le bona.+ 23  Ba lelapa la Josefa ba romela lihloela Bethele (pele ho moo motse oo o ne o bitsoa Luze)+ 24  eaba li bona monna e mong a tsoa motseng. Joale tsa re ho eena: “Ka kopo, re bontše tsela ea ho kena motseng ’me re tla u hauhela.”* 25  Kahoo, monna eo a li bontša tsela ea ho kena motseng eaba li hlasela motse oo ka sabole empa tsa tlohela monna eo le lelapa lohle la hae hore ba tsamaee.+ 26  Monna eo a ea naheng ea Bahethe eaba o haha motse ’me o o reha Luze e leng lebitso la oona ho fihlela letsatsing lena. 27  Manase ha aa ka a nka Bethe-sheane le metse e e potolohileng, Tanake+ le metse e e potolohileng, Dore le metse e e potolohileng, Ibleame le metse e e potolohileng hammoho le Megido le metse e e potolohileng.+ Bakanana ba ile ba phehella ho lula naheng ena. 28  Ha Baiseraele ba e-ba matla, ba ile ba etsa hore Bakanana ba etse mosebetsi o boima*+ empa ha baa ka ba ba leleka kaofela.+ 29  Baefraime le bona ha baa ka ba leleka Bakanana ba neng ba lula Gezere. Bakanana ba ile ba ’na ba lula har’a bona Gezere.+ 30  Bazabulone ha baa ka ba leleka baahi ba Kiterone le baahi ba Nahalole.+ Bakanana ba ile ba ’na ba lula har’a bona ’me ba etsa mosebetsi o boima.+ 31  Ashere ha aa ka a leleka baahi ba Ako, ba Sidone,+ ba Alabe, ba Akzibe,+ ba Helba, ba Afike+ le ba Rehobe.+ 32  Kahoo, Baashere ba ’na ba lula har’a Bakanana ba naheng eo hobane ha baa ka ba leleka Bakanana. 33  Banefthali ha baa ka ba leleka baahi ba Bethe-shemeshe le ba Bethe-anathe+ empa ba ile ba lula har’a Bakanana ba naheng eo.+ Baahi ba Bethe-shemeshe le ba Bethe-anathe ea e-ba basebeletsi ba bona ba etsang mosebetsi o boima. 34  Baamore ba ile ba qobella Badane hore ba lule sebakeng se lithaba, ha baa ka ba ba lumella ho theohela khohlong.*+ 35  Kahoo, Baamore ba hana ho tloha Thabeng ea Herese, Ajalone+ le Shalbime.+ Empa ha matla* a ba lelapa la Josefa a eketseha,* Baamore ba ile ba qobelloa ho etsa mosebetsi o boima. 36  Naha ea Baamore e ne e tloha moepeng oa Akrabime+ le ho tloha Sela ho ea holimo.

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
^ Kapa: “ke fane.”
^ Ka Seheberu: “lothong ea ka.”
^ Kapa mohlomong: “a opa liatla a ntse a palame tonki.”
^ Kapa: “Negebe.”
^ E bolelang “Likotlolo Tsa Metsi.”
^ E leng Jeriko.
^ E bolelang “Ho Felisoa.”
^ Kapa: “phuleng.”
^ Kapa: “re tla u bontša lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
^ Kapa: “mosebetsi o qobelloang.”
^ Kapa: “phuleng.”
^ Ka Seheberu: “letsoho.”
^ Ka Seheberu: “ ha lelapa la Josefa le e-ba boima.”