Baahloli 11:1-40

  • Moahloli Jafeta oa lelekoa, hamorao o etsoa moeta-pele (1-11)

  • Jafeta o bua le Baamone (12-28)

  • Kano ea Jafeta le morali oa hae (29-40)

    • Bophelo ba morali oa Jafeta ea neng a sa nyaloa (38-40)

11  Jafeta+ oa Mogileade e ne e le monna ea matla. ’Mè oa hae e ne e le letekatse ’me lebitso la ntate oa hae e le Gileade. 2  Mosali oa Gileade le eena o ile a mo tsoalla bara. Ha bara bao ba se ba holile, ba ile ba leleka Jafeta ’me ba re ho eena: “U ke ke oa fumana lefa linthong tsa ntate oa rona hobane u mora oa mosali e mong.” 3  Kahoo, Jafeta a baleha bana babo ’me a e’o lula naheng ea Tobe. Banna ba sa sebetseng ba tsamaea le Jafeta eaba ba mo sala morao. 4  Ka mor’a nako, Baamone ba loantša Baiseraele.+ 5  Ha Baamone ba loantša Baiseraele, hang-hang baholo ba Gileade ba lata Jafeta naheng ea Tobe. 6  Ba re ho Jafeta: “Tloo ’me u be molaoli oa rona e le hore re loantše Baamone.” 7  Empa Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Na ha se lona ba neng ba ntlhoile eaba le ntebela ntlong ea Ntate?+ Ke hobane’ng ha le tla ho ’na hona joale ha le le mathateng?” 8  Eaba baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Ke eona ntho e entseng hore re khutlele ho uena. Haeba u ka tsamaea le rona ho e’o loantša Baamone, u tla ba moeta-pele oa baahi bohle ba Gileade.”+ 9  Kahoo, Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Haeba le re ke khutle ke tl’o loantša Baamone ’me Jehova a nthusa ho ba hlola, joale ke tla ba moeta-pele oa lona.” 10  Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Jehova e ke e be paki* haeba re sa etse seo u reng re se etse.” 11  Kahoo, Jafeta a tsamaea le baholo ba Gileade ’me sechaba sa mo etsa moeta-pele le molaoli oa sona. Ha Jafeta a le Mizpa, a bolella Jehova seo eena le banna ba Gileade ba lumellaneng ka sona.+ 12  Joale Jafeta a romela baromuoa ho morena oa Baamone,+ a re: “Ke u entse’ng? Ke hobane’ng ha u tlile naheng ea ka ho tla ntoantša?” 13  Kahoo, morena oa Baamone a re ho baromuoa ba Jafeta: “Ke hobane Baiseraele ba ile ba nka naha ea ka ha ba tsoa Egepeta.+ Ba e nkile ho tloha Arnone+ ho ea Jaboke le ho ea fihla Jordane.+ Joale, e khutlise ka khotso.” 14  Empa Jafeta a boela a romela baromuoa ho morena oa Baamone 15  hore ba re ho eena: “Jafeta o re, ‘Baiseraele ha baa nka naha ea Bamoabe+ le naha ea Baamone+ 16  hobane ha Baiseraele ba tsoa Egepeta ba ile ba tsamaea lefeelleng ho ea fihla Leoatleng le Lefubelu+ ’me ba fihla Kadeshe.+ 17  Eaba Baiseraele ba romela baromuoa ho morena oa Edomo+ ba re: “Re kopa u re lumelle hore re fete naheng ea hao” empa morena oa Edomo a hana. Ba ile ba boela ba kopa morena oa Moabe+ empa le eena ha aa ka a lumela. Kahoo, Baiseraele ba ’na ba lula Kadeshe.+ 18  Ha ba ntse ba tsamaea lefeelleng, ha baa ka ba kena naheng ea Edomo+ le naheng ea Moabe.+ Ba ne ba tsamaea ka bochabela ho naha ea Moabe ’me ba hloma litente tsa bona Arnone. Ha baa ka ba kena Moabe+ hobane Arnone e ne e le moeli oa Moabe. 19  Ka mor’a moo, Baiseraele ba romela baromuoa ho Sihone morena oa Baamore, ea neng a busa Heshbone ’me Baiseraele ba re ho eena: “Re kopa u re lumelle hore re fete naheng ea hao re ee ha habo rona.”+ 20  Empa Sihone o ne a sa tšepe Baiseraele. Kahoo, ha aa ka a ba lumella hore ba fete naheng ea hae. Eaba Sihone o bokella masole a hae ’ohle, a hloma litente Jahaze ’me a loantša Baiseraele.+ 21  Joale Jehova Molimo oa Iseraele a thusa Baiseraele hore ba hlole Sihone le masole a hae ’ohle ’me ba hapa naha eohle eo Baamore ba neng ba lula ho eona.+ 22  Kahoo, ba hapa naha eohle ea Baamore ho tloha Arnone ho ea Jaboke le ho tloha lefeelleng ho ea fihla Jordane.+ 23  Jehova Molimo oa Iseraele ke eena ea ileng a leleka Baamore naheng ena, a e fa sechaba sa hae sa Baiseraele,+ joale na u batla ho ba leleka? 24  Na ha le nke ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo molimo oa lona Kemoshe+ a le fang eona? Kahoo, le rona re tla nka naha leha e le efe eo Jehova Molimo oa rona a re fang eona.+ 25  Joale na u molemo ho feta Balake+ mora oa Zipore morena oa Moabe? Na Balake o kile a ngangisana le Baiseraele kapa na o kile a ba loantša? 26  Ke hobane’ng ha u sa ka oa khutlisa Baiseraele nakong eo ba neng ba lula Heshbone le metseng e haufi*+ le eona le Aroere le metseng e haufi le eona le metseng eohle e mabopong a Arnone ka lilemo tse 300?+ 27  U etsa phoso ka ho ntoantša hobane ha kea u siteloa. Jehova Moahloli+ e ke e be eena ea ahlolang kajeno pakeng tsa sechaba sa Iseraele le sechaba sa Amone.’” 28  Empa Morena oa Baamone ha aa ka a mamela molaetsa oo Jafeta a neng a mo romeletse oona. 29  Jehova a fa Jafeta moea oa hae o halalelang+ ’me Jafeta a feta naheng ea Gileade le ea Manase ho ea naheng ea Mizpe e Gileade.+ A tloha Mizpe e Gileade a fihla ho Baamone. 30  Joale Jafeta a ikana+ ho Jehova, a re: “Haeba u ka nthusa hore ke hlole Baamone, 31  mang kapa mang ea tla tsoa monyako oa ntlo ea ka ho tla nkhahlanyetsa ha ke khutla ke hlotse Baamone, e tla ba oa hao Jehova+ ’me ke tla u fa eena e le nyehelo ea secheso.”+ 32  Kahoo, Jafeta a ea ho ea loantša Baamone ’me Jehova a mo thusa hore a ba hlole. 33  O ile a ba bolaea ka bongata metseng e 20 kaofela, ho tloha Aroere ho ea fihla Minithe le ho ea fihla Abele-keramime. Kahoo, Baamone ba ile ba hloloa ke Baiseraele. 34  Joale Jafeta a khutlela ha hae Mizpa+ ’me morali oa hae a tsoa ho ea mo khahlanyetsa, a letsa moropa o monyenyane a bile a tantša. E ne e le eena feela ngoana oa hae. Ntle ho eena o ne a se na mora kapa morali. 35  Eitse ha a mo bona, a tabola liaparo tsa hae ’me a re: “Jo! morali oa ka! U nkutloisitse bohloko* hobane ke tl’o fana ka uena. Ke entse kano ho Jehova ’me nke ke ka khona ho e fetohela.”+ 36  Empa a re ho eena: “Ntate, haeba u entse kano ho Jehova, etsa seo u mo tšepisitseng sona+ hobane Jehova o u thusitse hore u hlole lira tsa hao e leng Baamone.” 37  A tsoela pele ho re ho eena: “Ke kopa ntho e le ’ngoe feela: Ntumelle hore ke e’o qeta likhoeli tse peli ke le lithabeng le metsoalle ea ka ea banana ’me ke llele boroetsana ba ka.”* 38  Eaba ntate oa hae o re: “U ka tsamaea.” Joale a mo lumella hore a tsamaee ka likhoeli tse peli ’me a ea lithabeng le metsoalle ea hae ho ea llela boroetsana ba hae. 39  Ha likhoeli tse peli li fela, o ile a khutlela ho ntate oa hae. Ka mor’a moo, ntate oa hae a phethahatsa kano eo a neng a e entse ka eena.+ Ha ho mohla a kileng a etsa thobalano le monna. Joale ho ile ha e-ba le tloaelo* Iseraele, 40  ea hore selemo le selemo banana ba Iseraele ba chakele morali oa Jafeta Mogileade, matsatsi a mane ka selemo ho ea mo khothatsa.*

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “ea utloang.”
^ Kapa: “e e potolohileng.”
^ Ka Seheberu: “U nkokobelitse.”
^ Kapa: “ke e’o lla le metsoalle ea ka hobane le ka mohla nke ke ka nyaloa.”
^ Kapa: “molao.”
^ Kapa: “babatsa.”