Baahloli 9:1-57

  • Abimeleke e ba morena oa Shikeme (1-6)

  • Papiso ea Jothame (7-21)

  • Abimeleke o busa batho ka sehloho (22-33)

  • Abimeleke o hlasela Shikeme (34-49)

  • Mosali o lematsa Abimeleke ’me oa shoa (50-57)

9  Ka mor’a nako Abimeleke+ mora oa Jerubaale a ea Shikeme ho likhaitseli tsa ’mè oa hae ’me a re ho tsona le ho lelapa lohle la ntate-moholo oa hae:* 2  “Ke kopa le botse baeta-pele* bohle ba Shikeme, ‘Na ho molemo hore banna ba 70 e leng bara bohle ba Jerubaale+ ba le buse kapa hore monna a le mong a le buse? Le hopole hore ke lesapo la lona le nama ea lona.’”* 3  Kahoo, likhaitseli tsa ’mè oa hae tsa mo buella, tsa pheta mantsoe ao ho baeta-pele bohle ba Shikeme ’me baeta-pele ba susumelletseha* ho latela Abimeleke kaha ba ile ba re: “Ke ngoan’abo rona.” 4  Ba mo fa likotoana tse 70 tsa silevera tse tsoang ntlong* ea Baale-berithe+ ’me Abimeleke a li sebelisetsa ho hira banna ba sa sebetseng le ba se nang boitšoaro hore ba tsamaee le eena. 5  Ka mor’a moo, a ea ntlong ea ntate oa hae e Ofra+ ’me a bolaea bana babo+ ba 70 e leng bara ba Jerubaale, a ba bolaela holim’a lejoe le le leng. Ke Jothame feela ea ileng a phonyoha e leng mora e monyenyane oa Jerubaale hobane o ne a ipatile. 6  Eaba baeta-pele bohle ba Shikeme le batho bohle ba Bethe-milo baa bokana ’me ba etsa Abimeleke morena,+ haufi le sefate se seholo se neng se le pel’a pilara e neng e le Shikeme. 7  Ha ba tsebisa Jothame, hang-hang a tsamaea ’me a ema Thabeng ea Gerizime+ eaba oa ba hoeletsa o re: “ ’Mameleng, lona baeta-pele ba Shikeme ’me Molimo o tla le mamela. 8  Ka nako e ’ngoe ho ne ho e-na le lifate tse ileng tsa bokana hore li ikhethele* morena. Kahoo, tsa re ho sefate sa mohloaare, ‘Re buse.’+ 9  Empa sefate sa mohloaare sa re ho tsona, ‘Na ke tele oli ea ka, eo ba e sebelisang ho tlotlisa Molimo le batho ’me ke e’o foka makala a ka holim’a lifate tse ling?’ 10  Joale lifate tsa re ho sefate sa feie,* ‘Tloo ’me u re buse.’ 11  Empa sefate sa feie sa re ho tsona, ‘Na ke tele monate oa ka le litholoana tsa ka tse ntle ’me ke e’o foka makala a ka holim’a lifate tse ling?’ 12  Ka mor’a moo lifate tsa re ho sefate sa morara, ‘Tloo ’me u re buse.’ 13  Eaba sefate sa morara se re ho tsona, ‘Na ke lokela ho tela veine ea ka e ncha e thabisang Molimo le batho ’me ke e’o foka makala a ka holim’a lifate tse ling?’ 14  Qetellong lifate tse ling kaofela tsa re ho sefate sa monokotšoai, ‘Tloo ’me u re buse.’+ 15  Eaba monokotšoai o re ho tsona, ‘Haeba kannete le nkhetha hore ke be morena oa lona, tloong ’me le itšireletse tlas’a moriti oa ka. Empa haeba le sa batle, mollo o tla tsoa sefateng sa monokotšoai ’me o chese lifate tsa kedare tsa Lebanone.’ 16  Joale, na le khethile Abimeleke hore e be morena+ ka tsela e nepahetseng le e hlomphehang, na le bontšitse mosa ho Jerubaale le ba lelapa la hae ’me na le mo tšoere ka tlhompho e mo tšoanelang? 17  Ha ntate a ne a le loanela,+ o ile a beha bophelo ba hae kotsing e le hore a le pholose ho Bamidiane.+ 18  Empa kajeno le futuhetse lelapa la ntate ’me le bolaetse bara ba hae ba 70 holim’a lejoe le le leng.+ Ka mor’a moo, Abimeleke e leng mora oa lekhoba la mosali+ la Gideone, la mo etsa morena ho baeta-pele ba Shikeme hobane feela e le ngoan’abo lona. 19  Joale haeba kajeno le tšepahaletse Jerubaale le ba lelapa la hae ’me le ba hlomphile, le thabe le Abimeleke ’me le eena a thabe le lona. 20  Empa haeba ho se joalo, mollo o ke o tsoe ho Abimeleke ’me o chese baeta-pele ba Shikeme le ba Bethe-milo.+ Hape mollo o ke o tsoe ho baeta-pele ba Shikeme le Bethe-milo ’me o chese Abimeleke.”+ 21  Joale Jothame+ a baleha a ea Beere ’me a lula moo hobane o ne a tšaba abuti oa hae Abimeleke. 22  Abimeleke a busa Iseraele ka lilemo tse tharo. 23  Eaba Molimo o lumella hore ho be le lehloeo pakeng tsa Abimeleke le baeta-pele ba Shikeme ’me ba etsetsa Abimeleke bolotsana 24  e le hore Abimeleke a ka ba molato oa polao+ ea bara ba Jerubaale ba 70 hammoho le baeta-pele ba Shikeme ba ileng ba mo thusa ho bolaea bana babo. 25  Kahoo, baeta-pele ba Shikeme ba beha banna hore ba lalle Abimeleke holim’a thaba. Ba ne ba utsoetsa motho e mong le e mong ea fetang pel’a bona tseleng eo. Ka mor’a nako, Abimeleke a bolelloa ka taba ena. 26  Joale Gale mora oa Ebede le bana babo ba tšelela Shikeme+ ’me baeta pele ba Shikeme ba ba ka lehlakoreng la hae. 27  Banna ba Shikeme ba ea masimong ’me ba bokella morara o tsoang lirapeng tsa bona tsa morara, ba o hatakela e le hore ba etse veine. Ka mor’a moo ba ea ntlong ea molimo oa bona,+ ba ja, ba noa ’me ba lakaletsa Abimeleke bomalimabe. 28  Eaba Gale mora oa Ebede o re: “Abimeleke ke mang, hona Shikeme ke mang hore re mo sebeletse? Na ha se mora oa Jerubaale+ ’me na molaoli oa hae ha se Zebule? Sebeletsang banna ba Hamore e leng ntate oa Shikeme. Empa ke hobane’ng ha re lokela ho sebeletsa Abimeleke? 29  Haeba feela batho bana ba ne ba ntatela, ke ne ke tla tlosa Abimeleke.” Joale a re ho Abimeleke: “Eketsa masole a hao ’me u tle le ’ona u tl’o ntoantša.” 30  Ha Zebule khosana ea motse a utloa seo Gale mora oa Ebede a se buileng, a halefa haholo. 31  Kahoo, a romela baromuoa ho Abimeleke ka sekhukhu, a re: “Gale mora oa Ebede le bana babo ba tlile Shikeme ’me ba susumetsa batho ba motse hore ba u fetohele. 32  Joale uena le banna ba hao le tsohe bosiu ’me le ba lalle ka ntle ho motse. 33  Hang ha letsatsi le chaba hoseng, u tsohe u hlasele motse. Joale ha Gale a tla le banna ba hae ho tla u loantša, u leke ka hohle ho mo hlola.” 34  Kahoo, Abimeleke le batho bohle ba neng ba e-na le eena ba tsoha bosiu, ba ba lalla ka ntle ho Shikeme ka lihlopha tse ’nè. 35  Ha Gale mora oa Ebede a tsoa ’me a ema keiting ea motse, Abimeleke le banna ba nang le eena ba tsoa moo ba neng ba ba lalletse teng. 36  Ha Gale a bona batho a re ho Zebule: “Bona, ho na le batho ba theohang holim’a thaba.” Empa Zebule a re ho eena: “U bona meriti ea lithaba eseng batho.” 37  Hamorao Gale a re: “Bona! Ho na le batho ba theohang bohareng ba naha ’me sehlopha se seng se tla ka tsela ea sefate se seholo sa Meonenime.” 38  Eaba Zebule o re ho eena: “U lebetse hore u ile oa re, ‘Abimeleke ke mang hore re mo sebeletse?’+ Na batho baa ha se bao u ba lahlileng? Joale tsoa u e’o ba loantša.” 39  Kahoo, Gale a e’o loantša Abimeleke, a etelletse baeta-pele ba Shikeme pele. 40  Abimeleke a mo lelekisa ’me Gale a baleha. Ho ile ha bolaoa batho ba bangata ho ea fihla keiting ea motse. 41  Joale Abimeleke a ’na a lula Aruma ’me Zebule+ a leleka Gale le bana babo hore ba tsoe Shikeme. 42  Letsatsing le hlahlamang batho ba ea naheng ’me Abimeleke a bolelloa ka taba ena. 43  Kahoo, Abimeleke a arola banna ba hae ka lihlopha tse tharo ’me ba lalla batho naheng. Joale ha a bona batho ba tsoa motseng, a ba hlasela ’me a ba bolaea. 44  Abimeleke le banna bao a neng a e-na le bona ba mathela pele eaba ba ema keiting ea motse. Lihlopha tse peli li ne li hlasela batho bohle ba naheng li ba bolaea. 45  Abimeleke a loantša batho ba motse letsatsi lohle, a hapa motse oo. A bolaea batho ba ho oona ’me a o liha+ eaba o o tšela ka letsoai. 46  Ha baeta-pele bohle ba tora ea Shikeme ba utloa taba ena, hang-hang ba ea kamoreng e ka tlas’a ntlo ea Ele-berithe.+ 47  Hang ha Abimeleke a bolelloa hore baeta-pele ba tora ea Shikeme ba bokane, 48  Abimeleke le banna ba nang le eena ba nyolohela Thabeng ea Zalmone. Abimeleke a nka selepe, a khaola lekala la sefate a le jara lehetleng eaba o re ho batho ba nang le eena: “Phakisang le etse ntho eo le boneng ke e etsa.” 49  Joale batho bohle le bona ba khaola makala ’me ba latela Abimeleke. Ba beha makala kamoreng e ka tlas’a ntlo ’me ba e chesa. Kahoo, batho bohle ba tora ea Shikeme ba ile ba shoa. E ne e le banna le basali ba ka bang 1 000. 50  Eaba Abimeleke o ea Thebeze. O ile a hloma litente motseng oa Thebeze, a o loantša ’me a o hapa. 51  Ho ne ho e-na le tora e sirelelitsoeng ka marako bohareng ba motse. Banna le basali bohle hammoho le baeta-pele bohle ba motse ba ne ba balehela moo. Ba ne ba ikoalla ka moo ’me ba hloella holim’a marulelo a tora eo. 52  Joale Abimeleke a ea toreng e le hore a e senye. A ea monyako oa tora eo hore a e chese. 53  Joale e mong oa basali a lahlela tšiloana* hloohong ea Abimeleke ’me a mo pshatla lehata.+ 54  Kapele-pele a bitsa mohlanka ea jereng libetsa tsa hae ’me a re ho eena: “Ntša sabole ea hao ’me u mpolaee e le hore ba se ke ba re ka ’na, ‘O bolailoe ke mosali.’” Mohlanka oa hae a mo hlaba eaba oa shoa. 55  Ha banna ba Iseraele ba bona hore Abimeleke o shoele, kaofela ha bona ba khutlela hae. 56  Kahoo, Molimo a khutlisetsa bobe boo Abimeleke a bo entseng ho ntate oa hae ka hore ebe o ile a bolaea bana babo ba 70.+ 57  Molimo o ile a boela a etsa hore bobe bohle boo banna ba Shikeme ba bo entseng bo khutlele ho bona, kahoo ba tleloa ke bomalimabe ba Jothame+ mora oa Jerubaale.+

Linaletsana

^ Ka Seheberu: “lelapa la ntlo ea ntate oa ’mè oa hae.”
^ Kapa mohlomong: “beng ba naha.”
^ Kapa: “ke amana le lona ka mali.”
^ Ka Seheberu: “lipelo tsa bona tsa susumelletseha.”
^ Kapa: “tempeleng.”
^ Ka Seheberu: “tlotse.”
^ Kapa: “feiga.”
^ Lejoe leo ho siloang ka lona.