Baahloli 7:1-25

  • Gideone le banna ba 300 (1-8)

  • Masole a Gideone a hlola Bamidiane (9-25)

    • “Sabole ea Jehova le Gideone!” (20)

    • Moferefere litenteng tsa Bamidiane (21, 22)

7  Jerubaale e leng Gideone+ le banna bohle ba neng ba e-na le eena, ba tsoha hoseng haholo eaba ba hloma litente Selibeng sa Harode ’me litente tsa Bamidiane li ne li le ka leboea ho bona leralleng la More thoteng.  Joale Jehova a re ho Gideone: “Banna ba nang le uena ba bangata haholo. Ka lebaka leo, nke ke ka ba thusa hore ba hlole Bamidiane+ hobane Baiseraele ba ka ’na ba ithorisa ba re, ‘Ke rona ba ipholositseng.’+  Joale ka kopo, bua mantsoe ana ka pel’a banna bana: ‘Mang kapa mang ea tšohileng le ea thothomelang, a khutlele hae.’”+ Kahoo, Gideone a ba leka a sebelisa mantsoe ana. Eaba banna ba 22 000 ba khutlela hae ’me ha sala ba 10 000.  Leha ho le joalo, Jehova a re ho Gideone: “Banna bana ba ntse ba le bangata haholo. E-re ba theohele metsing e le hore nka u khethela bona moo.* Ha ke re ho uena, ‘Enoa o tla ea le uena,’ o tla ea le uena empa ha ke re ho uena, ‘Enoa a ke ke a ea le uena,’ a ke ke a ea.”  Kahoo, a theohela metsing le banna bao. Joale Jehova a re ho Gideone: “Arola banna bohle ba noang metsi ka leleme joaloka ntja ho ba noang metsi ba khumame ka mangole.”  Palo ea banna ba neng ba noa metsi ka leleme joaloka ntja ebile ba a noella ka matsohong, e ne e le 300. Banna ba bang kaofela, ba ne ba noa metsi ba khumame ka mangole.  Eaba Jehova o re ho Gideone: “Ke tla sebelisa banna ba 300 ba noeleng metsi ka leleme joaloka ntja ho le pholosa ’me ke tla etsa hore u hlole Bamidiane.+ E-re banna ba bang kaofela ba khutlele hae.”  Kahoo, ka mor’a hore ba nke mefaho le manaka ho sechaba a re banna ba bang bohle ba Iseraele ba khutlele hae ’me a siea banna ba 300 feela. Bamidiane ba ne ba hlomme litente thoteng tlas’a moo Gideone a neng a hlomme tsa hae.+  Bosiung boo, Jehova a re ho eena: “Ema, u hlasele litente tsa Bamidiane hobane ke tla etsa hore u ba hlole.+ 10  Empa haeba u tšaba ho ba hlasela, theohela litenteng tsa bona le mohlanka oa hao Pura. 11  U mamele seo ba tla se bua ’me ka mor’a moo u tla ba le sebete* sa ho ba hlasela.” Eaba Gideone le mohlanka oa hae Pura ba theohela pel’a litente tsa Bamidiane. 12  Joale Bamidiane le Baamaleke le batho bohle ba Bochabela+ ba ne ba tletse thoteng joaloka litsie tse ngata ’me likamele tsa bona li ne li le ngata+ joaloka lehlabathe le lebopong la leoatle. 13  Gideone a theoha ’me a utloa monna e mong a phetela motsoalle oa hae toro, a re: “Ke lorile toro ena. Ho ne ho e-na le bohobe ba harese bo selika-likoe bo neng bo thetehela litenteng tsa Bamidiane. Bo ile ba tla tenteng ’me ba e otla haholo hoo e ileng ea oa.+ Bo ile ba phethola tente eaba ea putlama.” 14  Eaba motsoalle oa hae o re: “Ke sabole ea Gideone+ mora oa Joashe monna oa Moiseraele feela e ka etsang joalo. Molimo o tla etsa hore a hlole Bamidiane le litente tsohle tsa bona.”+ 15  Hang ha Gideone a utloa toro eo le tlhaloso ea eona,+ a inama ’me a rapela. Ka mor’a moo, a khutlela litenteng tsa Baiseraele a re: “Emang kaha Jehova o tla le thusa hore le hlole masole a Bamidiane.” 16  A arola banna ba 300 ka lihlopha tse tharo ’me kaofela ha bona a ba fa manaka+ le linkho tse kholo tse nang le mabone* ka hare. 17  Eaba o re ho bona: “Le nchebe ’me le nketsise. Ha ke fihla pel’a litente, le etse hantle ntho eo ke e etsang. 18  Ha ’na le bohle ba nang le ’na re letsa manaka, le lona le letse manaka ho potoloha hohle litenteng ’me le hoeletse le re, ‘Ntoa ke ea Jehova le Gideone!’” 19  Ha e e-ba har’a mpa ea bosiu, hantle ka mor’a hore ho kene balebeli ba bang,* Gideone hammoho le banna ba 100 ba neng ba e-na le eena, ba tla haufi le litente. Ba ile ba letsa manaka+ ’me ba pshatla linkho tse kholo tsa metsi tseo ba li nkileng.+ 20  Lihlopha tse tharo tsa letsa manaka ’me tsa pshatla linkho tse kholo. Li ne li tšoere mabone ka matsoho a matšehali. Tsa tšoara manaka ka matsoho a matona tsa a letsa, tsa hoeletsa tsa re: “Sabole ea Jehova le Gideone!” 21  Ka nako eo eohle, monna e mong le e mong o ne a eme sebakeng sa hae ho potoloha litente eaba masole ’ohle a Bamidiane a litenteng aa baleha, a hoeletsa a ntse a baleha.+ 22  Banna ba 300 ba tsoela pele ho letsa manaka ’me Jehova a etsa hore masole ao a hlabane ka lisabole litenteng tsohle+ ’me a baleha ho ea fihla Bethe-shita, ho fetela Zerera, ho ea fihla moeling oa Abele-mehola+ haufi le Tabathe. 23  Eaba ho bokelloa banna ba Iseraele ba tsoang lelokong la Nefthali, Ashere le lelokong lohle la Manase+ ’me ba lelekisa Bamidiane. 24  Gideone a romela baromuoa sebakeng sohle se lithaba sa Efraime, a re: “Theohang le e’o hlasela Bamidiane ’me le ba thibele ho tšela Jordane le linoka tse Bethe-bara.” Kahoo, banna bohle ba Efraime ba bokelloa ’me ba ba thibela ho tšela Jordane le linoka tse Bethe-bara. 25  Ba boela ba hapa likhosana tse peli tsa Bamidiane e leng Orebe le Zebe. Ba bolaela Orebe lefikeng la Orebe+ ’me ba bolaela Zebe sehatelong sa veine sa Zebe. Ba ’na ba lelekisa Bamidiane+ ’me ba tlisa hlooho ea Orebe le ea Zebe ho Gideone sebakeng sa Jordane.

Linaletsana

Ka Seheberu: “e le hore nka u behela bona tekong moo.”
Ka Seheberu: “matsoho a hao a tla ba matla.”
Kapa: “lirumula.”
Ho tloha ka hora ea leshome bosiu ho fihlela ka hora ea bobeli hoseng.