Baahloli 4:1-24

  • Jabine Morena oa Kanana o hatella Baiseraele (1-3)

  • Moprofeta Debora le Moahloli Barake (4-16)

  • Jaele o bolaea Sisera molaoli oa masole (17-24)

4  Empa ka mor’a hore Ehude a shoe, Baiseraele ba ile ba boela ba siteloa Jehova.+  Ka lebaka leo, Jehova a ba rekisetsa Jabine morena oa Kanana,+ ea neng a busa Hazore. Molaoli oa masole e ne e le Sisera ’me o ne a lula Haroshethe+ ea balichaba.*  Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova+ hobane Jabine o ne a e-na le likariki tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a tšepe*+ ’me o ile a sotla Baiseraele+ ka lilemo tse 20.  Joale moprofeta Debora,+ eo monna oa hae e neng e le Lapidothe, o ne a ahlola Iseraele ka nako eo.  Debora o ne a tloaetse ho lula tlas’a sefate sa hae sa palema* se pakeng tsa Rama+ le Bethele,+ sebakeng se lithaba sa Efraime. Baiseraele ba ne ba nyolohela ho eena bakeng sa kahlolo.  A re ho bitsoe Barake+ mora oa Abinoame ea tsoang Kedeshe-nefthali+ ’me a re ho eena: “Jehova Molimo oa Iseraele o u file taelo e reng: ‘E-ea* Thabeng ea Tabore le banna ba 10 000 ba Nefthali le ba Zabulone.  Ke tla tlisa Sisera ho uena e leng molaoli oa masole a Jabine hammoho le likariki tsa hae tsa ntoa le masole a hae nokaneng* ea Kishone+ ’me ke tla etsa hore u mo hlole.’”+  Eaba Barake o re ho eena: “Haeba u ea le ’na, ke tla ea empa haeba u sa ee le ’na, nke ke ka ea.”  Debora a re: “Ke tla ea le uena. Leha ho le joalo, ntoa eo u eang ho eona e ke ke ea u tlisetsa thoriso kaha Jehova o tla etsa hore mosali e be eena ea hlolang Sisera.”+ Eaba Debora o tsamaea le Barake ho ea Kedeshe.+ 10  Barake a laela hore Zabulone le Nefthali+ ba tle Kedeshe ’me banna ba 10 000 ba mo latela. Debora a nyoloha le eena. 11  Hebere eo e neng e le Mokene o ne a ikarotse ho Bakene+ ba bang e leng bana ba Hobabe, ntate oa mosali oa Moshe+ ’me tente ea hae e ne e le haufi le sefate se seholo se Zananime e Kedeshe. 12  Ba tlalehela Sisera hore Barake mora oa Abinoame o nyolohetse Thabeng ea Tabore.+ 13  Hang-hang Sisera a bokella likariki tsohle tsa hae tsa ntoa tse 900 tse nang le mahare a tšepe* le masole ’ohle a neng a e-na le eena ho tsoa Haroshethe ea balichaba ho ea nokaneng ea Kishone.+ 14  Joale Debora a re ho Barake: “Ema hobane lena ke letsatsi leo ka lona Jehova a tla etsa hore u hlole Sisera. Jehova ke eena ea u etellang pele.” Barake a theoha Thabeng ea Tabore a lateloa ke banna ba 10 000. 15  Eaba Jehova o ferekanya+ Sisera le likariki tsohle tsa hae tsa ntoa le masole ’ohle ka pel’a Barake. Qetellong Sisera a theoha kariking ea hae ea ntoa ’me a baleha. 16  Barake a lelekisa likariki tsa ntoa le masole ho ea fihla Haroshethe ea balichaba. Kahoo, masole ’ohle a Sisera a bolaoa ka sabole, ha ho le ileng la sala.+ 17  Empa Sisera a balehela tenteng ea Jaele+ mosali oa Hebere+ oa Mokene hobane ho ne ho e-na le khotso pakeng tsa Jabine+ morena oa Hazore le ba lelapa la Hebere. 18  Joale Jaele a tsoa ho ea khahlanyetsa Sisera ’me a re ho eena: “Kena moren’a ka, kena ka mona. U se ke oa tšoha.” Kahoo, a kena ka tenteng ea hae eaba Jaele o mo koahela ka kobo. 19  Eaba o re ho eena: “Ke kopa u mphe metsinyana hore ke noe hobane ke nyoriloe.” Kahoo, a bula lekuka* la lebese ’me a mo fa lona hore a noe.+ Ka mor’a moo, a mo koahela hape ka kobo. 20  Sisera a re ho Jaele: “Ema monyako oa tente ’me haeba ho e-na le motho ea tlang ’me a u botsa a re, ‘Na ho na le motho moo?’ U re, ‘Che!’” 21  Empa Jaele mosali oa Hebere a nka tšepe ea tente le hamore. Ha Sisera a ntse a robetse ’me a khathetse, a mo nanyetsa, a kokotella tšepe eo litlhafunelong* tsa hae ho ea fihla fatše eaba oa shoa.+ 22  Barake a ea moo a ntse a batlana le Sisera. Jaele a tsoa ho mo khahlanyetsa ’me a re: “Tloo ’me ke tla u bontša motho eo u mo batlang.” Kahoo, a kena le eena ka tenteng eaba o fumana Sisera a shoele, tšepe e kene litlhafunelong* tsa hae. 23  Letsatsing leo, Molimo a etsa hore Baiseraele ba hlole Jabine morena oa Kanana.+ 24  Baiseraele ba ’na ba loantša Jabine morena oa Kanana,+ ho fihlela ba mo bolaile.+

Linaletsana

Kapa: “Haroshethe-ha-goiime.”
Ka Seheberu: “likariki tsa tšepe.”
Ka Seheberu: “sefate sa palema sa Debora.”
Kapa: “Hlophisa banna ba hao.”
Kapa: “khohlong.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “likariki tsa tšepe.”
Mokotla oa letlalo o tšelang metsi.
“Litlhafunelo” ke karolo ea hlooho e pakeng tsa phatla le tsebe.
“Litlhafunelo” ke karolo ea hlooho e pakeng tsa phatla le tsebe.