Buka ea Bobeli ea Samuele 7:1-29

  • Davida a ke ke a haha tempele (1-7)

  • Molimo o etsa selekane sa ’muso le Davida (8-17)

  • Davida o etsa thapelo ea ho leboha (18-29)

7  Ha morena a lutse ka tlung* ea hae+ ’me Jehova a mo phomolitse ho lira tsohle tsa hae tse mo potolohileng,  morena a re ho moprofeta Nathane:+ “ ’Na ke lula ka tlung e entsoeng ka likedare+ empa Areka ea Molimo oa ’nete eona e lula ka tenteng ea masela.”+  Nathane a re ho morena: “Tsamaea ’me u etse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ka pelong ea hao hobane Jehova o na le uena.”+  Bosiung bona boo, Jehova a re ho Nathane:  “E-ea ho mohlanka oa ka Davida u mo bolelle hore Jehova o re, ‘Na ke uena ea lokelang ho nkahela ntlo eo ke tla lula ho eona?+  Ha ke e-s’o lule ka tlung ho tloha letsatsing leo ka lona ke ntšitseng Baiseraele Egepeta ho fihlela letsatsing lena+ empa haesale ke tsamaea ke le ka tenteng le ka tabernakeleng.+  Nakong eohle eo ke neng ke tsamaea le sechaba sohle sa Iseraele,* na nkile ka bua le moeta-pele leha e le ofe oa maloko a Iseraele eo ke mo khethileng hore a lise sechaba sa ka sa Iseraele ka re, “Ke hobane’ng ha u sa nkahela ntlo e entsoeng ka likedare?”  E-re ho mohlanka oa ka Davida, ‘Jehova oa mabotho o re: “Ke u nkile naheng moo u neng u lisa mohlape,+ ka u etsa moeta-pele oa sechaba sa ka sa Iseraele.+  Ke tla ba le uena kae kapa kae moo u eang teng+ ’me ke felise lira tsohle tsa hao.+ Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale+ le be joaloka mabitso a batho ba tummeng lefatšeng. 10  Ke tla khethela sechaba sa ka sa Iseraele sebaka ’me se tla lula moo. Ha ho sa tla hlola ho e-ba le batho ba tla se tšoenya. Banna ba khopo ba ke ke ba se hatella hape joaloka pele,+ 11  ho tloha letsatsing leo ke khethelang sechaba sa ka sa Iseraele baahloli.+ Hape ke tla u phomotsa ho lira tsohle tsa hao.+ Jehova o boetse o u boleletse hore Jehova o tla u hahela ntlo.*+ 12  Ha u shoa+ ’me u patoa le baholo-holo ba hao, ke tla etsa hore ngoana* oa hao, mora oa hao* e be morena ea u hlahlamang ’me ke tla tiisa ’muso oa hae.+ 13  Ke eena ea tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ ’me ke tla tiisa terone ea ’muso oa hae ka ho sa feleng.+ 14  Ke tla ba ntate oa hae ’me eena e tla ba mora oa ka.+ Ha a fosa ke tla mo khalemela ka thupa* ’me ke mo shape feela joalokaha batho ba etsa.+ 15  Nke ke ka khaotsa ho mo bontša lerato* joalokaha ke ile ka tlohela ho rata Saule,+ eo ke ileng ka mo tlosa ka pel’a hao. 16  Ntlo ea hao le ’muso oa hao li tla busa ka ho sa feleng le terone ea hao e tla tiisoa ka ho sa feleng.”’”+ 17  Nathane a bolella Davida mantsoe ana ’ohle le sohle seo a se boneng ponong.+ 18  Eaba Morena Davida oa tla ’me o lula ka pel’a Jehova o re: “ ’Na ke mang Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle? Lelapa la ka e ne e boetse e le eng hore ebe u nketselitse lintho tsee?+ 19  Ho feta moo, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u boetse u bua ka seo u tla se etsetsa lelapa la mohlanka oa hao nakong e tlang. Ena ke taelo* e tla fuoa batho bohle, Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. 20  ’Na mohlanka oa hao Davida ke tla re’ng ho uena Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle kaha u ntseba hantle?+ 21  Ka lebaka la lentsoe la hao le ka hobane u ne u batla,* u entse lintho tsena tsohle tse kholo ’me oa etsa hore ’na mohlanka oa hao ke li tsebe.+ 22  Ke ka lebaka leo u leng moholo+ Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle. Ha ho na ea tšoanang le uena+ ’me ha ho Molimo ntle ho uena.+ Lintho tsohle tseo re li utloileng ka litsebe tsa rona li paka sena. 23  Ke sechaba sefe lefatšeng se tšoanang le sechaba sa hao sa Iseraele?+ Molimo o ile a se lopolla hore e be sechaba sa hae,+ a iketsetsa lebitso+ ka ho se etsetsa lintho tse kholo le tse makatsang.+ U ile oa leleka lichaba tse ling le melimo ea tsona bakeng sa sechaba sa hao, seo u ileng oa itopollela sona Egepeta. 24  U entse hore sechaba sa Iseraele e be sechaba sa hao ka ho sa feleng+ ’me uena Jehova u bile Molimo oa sona.+ 25  Jehova Molimo, phetha tšepiso eo u e etselitseng ’na mohlanka oa hao le lelapa la ka ka ho sa feleng. E se eka u ka etsa seo u se tšepisitseng.+ 26  E se eka lebitso la hao le ka phahamisoa ka ho sa feleng+ e le hore batho ba ka re, ‘Jehova oa mabotho ke Molimo oa Iseraele.’ Hape e se eka ntlo ea mohlanka oa hao Davida e ka tiisoa ka thata ka pel’a hao+ 27  hobane uena Jehova oa mabotho, Molimo oa Iseraele, u ile oa tsebisa ’na mohlanka oa hao oa re, ‘Ke tla u hahela ntlo.’*+ Ke ka lebaka leo ’na mohlanka oa hao ke nang le sebete* sa ho u rapela ka tsela ena. 28  Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle, u Molimo oa ’nete ’me mantsoe a hao ke ’nete+ ebile u tšepisitse mohlanka oa hao lintho tsena tse ntle. 29  E se eka u ka hlohonolofatsa ntlo ea mohlanka oa hao ’me ea lula e le teng ka ho sa feleng+ kaha uena Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle u mo tšepisitse. E se eka u ka hlohonolofatsa ntlo ea mohlanka oa hao ka ho sa feleng.”+

Linaletsana

Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “ntlo ea borena.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “ea tla tsoa lithong tsa hao tse ka hare.”
Ka Seheberu: “ke tla mo khalemela ka thupa ea batho.”
Kapa: “lerato le tšepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “molao.”
Kapa: “le ka ho lumellana le pelo ea hao.”
Kapa: “ntlo ea borena.”
Ka Seheberu: “ke betileng pelo.”