Buka ea Bobeli ea Samuele 6:1-23

  • Areka e tlisoa Jerusalema (1-23)

    • Uza o tšoara areka ebe oa shoa (6-8)

    • Mikale o nyefola Davida (16, 20-23)

6  Davida a boela a bokella banna ba 30 000 ba matla ka ho fetisisa Iseraele. 2  Joale Davida le banna bohle ba neng ba e-na le eena ba ea Baale-juda ho ea lata Areka ea Molimo oa ’nete,+ eo ho eona batho ba rapelang Jehova oa mabotho,+ ea lutseng holim’a* likerubime.+ 3  Leha ho le joalo, ba palamisa Areka ea Molimo oa ’nete kariking e ncha+ e le hore ba e tlose ntlong ea Abinadabe+ e neng e le leralleng. Uza le Akio bara ba Abinadabe, ba ne ba tsamaea ka pel’a kariki eo e ncha. 4  Kahoo, ba tlosa Areka ea Molimo oa ’nete ntlong ea Abinadabe e neng e le leralleng ’me Akio o ne a tsamaea ka pel’a Areka eo. 5  Davida le Baiseraele bohle ba ne ba keteka ka pel’a Jehova ka liletsa tsa mefuta eohle tsa junipere ea lepolanka, liharepa, liletsa tse ling tse likhoele,+ meropa e menyenyane,+ lisistrame le ka lisimbala.+ 6  Empa ha ba fihla seotlong sa Nakone, Uza a otlolla letsoho ’me a tšoara Areka ea Molimo oa ’nete+ hobane likhomo li ile tsa batla li e liha. 7  Eaba Jehova Molimo oa ’nete o halefela Uza ’me o mo bolaela+ moo hobane a ne a sa hlompha molao oa Molimo.+ Kahoo, o ile a shoella moo pel’a Areka ea Molimo oa ’nete. 8  Empa Davida a koata hobane Jehova a ne a halefetse Uza haholo. Sebaka seo sa bitsoa Pereze-uza* ho fihlela letsatsing lena. 9  Letsatsing leo, Davida a tšoha ’me a tšaba Jehova+ a re: “Joale Areka ea Jehova e ka tla joang ho ’na?”+ 10  Davida o ne a sa batle ho tlisa Areka ea Jehova ho eena Motseng oa Davida.+ A re e isoe ntlong ea Obede-edomo+ oa Mogathe. 11  Areka ea Jehova ea lula ntlong ea Obede-edomo oa Mogathe ka likhoeli tse tharo ’me Jehova a ’na a hlohonolofatsa Obede-edomo le bohle ba lelapa la hae.+ 12  Morena Davida a fumana tlaleho ena: “Jehova o hlohonolofalitse ntlo ea Obede-edomo le lintho tsohle tsa hae ka lebaka la Areka ea Molimo oa ’nete.” Kahoo, Davida a lata Areka ea Molimo oa ’nete ntlong ea Obede-edomo a e tlisa Motseng oa Davida a thabile.+ 13  Ha batho ba jereng+ Areka ea Jehova ba tsamaile mehato e tšeletseng, a etsa sehlabelo ka poho le phoofolo e nonneng. 14  Davida o ne a tantša ka matla a hae kaofela ka pel’a Jehova. Ka nako eo eohle o ne a apere* efoda* ea line.+ 15  Davida le Baiseraele bohle ba ne ba tlisa Areka+ ea Jehova ba thabile+ ebile ba letsa lenaka.+ 16  Empa ha Areka ea Jehova e fihla Motseng oa Davida, Mikale+ morali oa Saule o ne a shebile tlase ka fensetere ’me a bona Morena Davida a tlola-tlola a bile a tantša ka pel’a Jehova. A mo nyefola ka pelong ea hae.+ 17  Eaba ba tlisa Areka ea Jehova ’me ba e beha ka tenteng eo Davida a neng a e hlometse eona.+ Davida a etsetsa Jehova+ linyehelo tsa secheso+ le mahlabelo a kopanetsoeng.+ 18  Ha a qetile ho etsa linyehelo tsa secheso le mahlabelo a kopanetsoeng, a hlohonolofatsa batho ka lebitso la Jehova oa mabotho. 19  Ho ekelletsa moo, o ile a fa Baiseraele bohle, monna le mosali e mong le e mong bohobe bo selika-likoe bo lesoba hare, polokoe ea litholoana tsa palema le polokoe ea morara o omisitsoeng. Ka mor’a moo, batho bohle ba ea matlong a bona. 20  Joale ha Davida a khutla ho ea hlohonolofatsa ba lelapa la hae, Mikale+ morali oa Saule a tsoa ho ea kopana le eena. A re: “Morena oa Iseraele o itlotlolotse hakaakang kajeno ha a ne a hlobola ka pel’a basebeletsi ba hae ba basali feela joalokaha monna ea se nang kelello a hlobola ka pel’a batho!”+ 21  Eaba Davida o re ho Mikale: “Ke ne ke ketekela Jehova ea khethileng ’na, eseng ntate oa hao le ba lelapa la hae le ea ileng a nkhetha hore ke be moeta-pele oa sechaba sa Jehova sa Iseraele.+ Kahoo, ke tla ketekela Jehova 22  ’me ke tla ikokobetsa le ho feta ke be ke ipehe fatše esita le mahlong a ka. Empa basebeletsi ba basali bao u buileng ka bona, ba tla ntlotlisa.” 23  Kahoo, Mikale+ morali oa Saule o ile a ba a shoa a se na bana.

Linaletsana

^ Kapa mohlomong: “pakeng tsa.”
^ E bolelang “Kotlo ea Uza.”
^ Ka Seheberu: “itlamme ka.”
^ Ho ka etsahala hore ebe ho buuoa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.