Buka ea Bobeli ea Samuele 18:1-33
18 Eaba Davida o bala banna ba neng ba e-na le eena ’me o beha balaoli ba ba likete le balaoli ba ba makholo hore ba ba okamele.+
2 Davida a romela banna ba neng ba e-na le eena ka lihlopha tse tharo, molaoli oa* se seng e ne e le Joabe,+ oa se seng e le Abishai+ abuti oa Joabe mora oa Tseruja+ ’me oa se seng e le Itai+ oa Mogathe. Morena a re ho banna bao: “Le ’na ke tla tsamaea le lona.”
3 Empa ba re: “U se ke oa tsamaea le rona+ hobane haeba re baleha, ba ke ke ba ba le taba* le rona. Le haeba halofo ea rona e ka shoa, ba ke ke ba ba le taba le rona hobane uena u lekana le ba 10 000 ba rona.+ Ka lebaka leo, ho ka ba molemo haeba u ka romela batho ho tsoa motseng hore ba tl’o re thusa.”
4 Morena a re ho bona: “Ke tla etsa ntho leha e le efe eo le bonang e le molemo.” Kahoo, Morena a ema pel’a keiti ea motse ’me banna bohle ba tsoa ka lihlopha tsa ba makholo le tsa ba likete.
5 Morena a fa Joabe, Abishai le Itai taelo ena: “Le se ke la tšoara Absalome hampe molemong oa ka.”+ Banna bohle ba utloa ha morena a fa balaoli bohle taelo ena e mabapi le Absalome.
6 Banna ba tsoa ba ea naheng ho ea kopana le Baiseraele ’me ba loanela morung oa Efraime.+
7 Bahlanka ba Davida ba hlola batho ba Iseraele moo.+ Letsatsing leo ho ile ha bolaoa batho ba bangata e leng banna ba 20 000.
8 Ho ile ha e-ba le ntoa sebakeng seo sohle. Ho ekelletsa moo, letsatsing leo batho ba bolailoeng morung ba ne ba le bangata ho feta batho ba bolailoeng ka sabole.
9 Qetellong Absalome a iphumana a le ka pel’a bahlanka ba Davida. Absalome o ne a palame ’moulo eaba ’moulo o kena tlas’a makala a teteaneng a sefate se seholo ’me a sala a tšoasehile sefateng seo se seholo, a sala a leketlile moeeng* ha ’moulo oo a neng a o palame o fetela pele.
10 Motho e mong a mo bona ’me a bolella Joabe+ a re: “Ke bone Absalome a leketlile sefateng se seholo.”
11 Joabe a re ho monna ea neng a mo bolella: “Ke hobane’ng ha u sa mo bolaela hona moo? Hona joale nka be ke u fa likotoana* tsa silevera tse leshome le lebanta.”
12 Empa monna eo a re ho Joabe: “Le haeba ke ne nka fuoa* likotoana* tsa silevera tse 1 000, ke ne nke ke ka bolaea mora oa morena hobane re ile ra utloa ha morena a ne a laela uena, Abishai le Itai a re, ‘Le etse bonnete ba hore ha ho na motho ea tla bolaea Absalome.’+
13 Haeba ke ne ke sa mamela eaba kea mo bolaea,* morena o ne a tla tseba ka taba ena ’me u ne u ke ke oa ntšireletsa.”
14 Eaba Joabe o re: “E-re ke tlohele ho itšenyetsa nako ka uena!” A nka metsu* e meraro, a e hlabella pelong ea Absalome a ntse a phela a leketlile sefateng se seholo.
15 Joale bahlanka ba leshome ba neng ba jara libetsa tsa Joabe ba fihla ’me ba otla Absalome ho fihlela a shoa.+
16 Joabe a letsa lenaka ’me banna ba khutla eaba ba tlohela ho lelekisa Baiseraele hobane Joabe o ne a itse ba emise.
17 Ba nka Absalome ba mo lahlela mokoting o moholo ka har’a moru eaba ba beha majoe holim’a hae, ba etsa qubu e kholo.+ Baiseraele bohle ba balehela malapeng a bona.
18 Ha Absalome a ntse a phela, o ne a ile a iketsetsa pilara Khohlong* ea Morena+ hobane o ne a re: “Ha ke na mora ea tla etsa hore lebitso la ka le ’ne le hopoloe.”+ Kahoo, a rehella pilara eo ka eena ’me e ntse e bitsoa Seemahale sa Absalome ho fihlela letsatsing lena.
19 Akimaze+ mora oa Tsadoke a re: “Ke kopa u ntumelle hore ke mathe ke e’o bolella morena litaba tsena hobane Jehova o mo file toka ka ho mo lopolla ho lira tsa hae.”+
20 Empa Joabe a re ho eena: “Ha se uena ea tla isa litaba letsatsing lena. U ka ’na oa li isa ka letsatsi le leng empa eseng kajeno hobane kajeno ho shoele mora oa morena.”+
21 Joabe a re ho Mokushe:+ “Tsamaea u e’o bolella morena seo u se boneng.” Eaba Mokushe o inamela Joabe ’me o tloha moo a matha.
22 Akimaze mora oa Tsadoke a boela a re ho Joabe: “Ho sa tsotellehe se tla etsahala, ke kopa u ntumelle hore ke mathe ka mor’a Mokushe enoa.” Leha ho le joalo, Joabe a re: “Mora oa ka, ke hobane’ng ha u batla ho matha empa ho se na litaba tseo u ka li tsamaisang?”
23 Empa a ’na a re: “Ho sa tsotellehe se tla etsahala, e-re ke mathe.” Kahoo, Joabe a re ho eena: “Matha!” Joale Akimaze a matha ka tsela ea Setereke sa Jordane ’me qetellong a feta Mokushe.
24 Davida o ne a lutse pakeng tsa likeiti tse peli tsa motse+ eaba molebeli+ o nyolohela holim’a marulelo a keiti e lerakong. Ha a sheba holimo a bona monna ea tlang a matha a le mong.
25 Kahoo, molebeli a hoeletsa a bolella morena. Eaba morena o re: “Haeba o tla a le mong, o tlisitse litaba.” Ha a ntse a atamela haufinyane,
26 molebeli a bona monna e mong a tla a matha. Eaba o hoeletsa molebeli oa keiti o re: “Bona, ho na le monna ea tlang a matha a le mong!” Morena a re: “Enoa le eena o tlisitse litaba.”
27 Molebeli a re: “Kea bona hore monna oa pele o matha joaloka Akimaze+ mora oa Tsadoke” eaba morena o re: “Ke monna ea molemo, e tlameha ebe o tlisitse litaba tse monate.”
28 Joale Akimaze a hoeletsa morena a re: “Lintho tsohle li hantle!” Ka mor’a moo, a inama ka pel’a morena. Eaba o re: “E se eka Jehova Molimo a ka rorisoa, ea nehelaneng ka banna ba fetohetseng* moren’a ka!”+
29 Empa morena a re: “Na mohlankana Absalome o ntse a ea hantle?” Eaba Akimaze o re: “Ke bone moferefere ha Joabe a roma mohlanka oa morena le ’na mohlanka oa hao empa ke ne ke sa tsebe hore na e ne e le oa eng.”+
30 Kahoo, morena a re: “Emella ka thoko, u eme mona.” Eaba o emella ka thoko ’me o ema moo.
31 Joale Mokushe a fihla+ ’me a re: “E se eka moren’a ka a ka amohela litaba tsena: Kajeno Jehova o phethahalitse toka ka ho u lokolla ho batho bohle ba neng ba le khahlanong le uena.”+
32 Empa morena a re ho Mokushe: “Na mohlankana Absalome o ntse a ea hantle?” Eaba Mokushe o re: “E se eka lira tsohle tsa moren’a ka le bohle ba u fetohetseng ba batlang ho u ntša kotsi ba ka ba joaloka mohlankana enoa.”+
33 Taba ena ea utloisa morena bohloko, a nyolohela kamoreng e marulelong holim’a keiti eaba oa lla, o ne a tsamaea a ntse a re: “Mora oa ka Absalome, mora oa ka, mora oa ka Absalome! Hoja ebe ho shoele ’na eseng uena, mora oa ka Absalome, mora oa ka!”+
Linaletsana
^ Ka Seheberu: “letsoho la.”
^ Ka Seheberu: “beha pelo ho.”
^ Ka Seheberu: “pakeng tsa leholimo le lefatše.”
^ Ka Seheberu: “lishekele.” Shekele e lekana le likramo tse 11,4. Sheba Ntlha ea B14.
^ Ka Seheberu: “ba ne ba ka e lekanya ka har’a matsoho a ka.”
^ Ka Seheberu: “lishekele.”
^ Kapa: “ke sebetsane le eena ka bolotsana.”
^ Kapa mohlomong: “marumo.” Ka Seheberu: “lithupa.”
^ Kapa: “Phuleng.”
^ Ka Seheberu: “ba phahamisitseng matsoho a bona.”

