Buka ea Bobeli ea Samuele 1:1-27

  • Davida o tsebisoa hore Saule o shoele (1-16)

  • Davida o binela Saule le Jonathane koli-ea-malla (17-27)

1  Ka mor’a lefu la Saule ha Davida a tsoa hlola* Baamaleke, o ile a lula Ziklage+ matsatsi a mabeli.  Ka letsatsi la boraro, ha tla mohlankana e mong ea tsoang ho Saule ntoeng, liaparo tsa hae li tabohile ebile a le mobu hloohong. Ha a atamela ho Davida, a khumama eaba o inamela fatše.  Davida a re ho eena: “U tsoa hokae?” Mohlankana eo a re: “Ke phonyohile masoleng a Iseraele.”  Davida a re ho eena: “Ke kopa u mpolelle hore na ho etsahetse’ng.” Eaba mohlankana eo o re: “Batho ba balehile ntoeng ’me batho ba bangata ba shoele. Esita le Saule le mora oa hae Jonathane ba shoele.”+  Davida a botsa mohlankana eo ea neng a mo tliselitse litaba a re: “U tseba joang hore Saule le mora oa hae Jonathane ba shoele?”  Mohlankana eo a re: “Ha ke le Thabeng ea Gilboa,+ ka tšohanyetso ke ile ka bona Saule a itšetlehile ka lerumo la hae ’me likariki tsa ntoa le bapalami ba lipere ba ne ba se ba mo fumane.+  Ha a hetla ’me a mpona, o ile a mpitsa ’me ka re, ‘Ke ’na enoa.’  A re ho ’na, ‘U mang?’ Eaba ke re ho eena, ‘Ke Moamaleke.’+  Saule a re, ‘Ke kopa u eme holim’a ka ’me u mpolaee kaha kea opeloa hobane ke ntse ke phela.’ 10  Kahoo, ke ile ka ema holim’a hae ’me ka mo bolaea+ hobane ke ne ke tseba hore o ne a ke ke a phela ka mor’a hore a oele fatše a lemetse hakaalo. Eaba ke nka korone e neng e le hloohong ea hae le sefaha se neng se le letsohong la hae ’me ka li tlisa mona ho uena moren’a ka.” 11  Eaba Davida o tabola liaparo tsa hae ’me le banna bohle ba neng ba e-na le eena ba tabola tsa bona. 12  Ba ile ba lla habohloko ’me ba itima lijo+ ho fihlela mantsiboea. Ba ne ba llela Saule, mora oa hae Jonathane le sechaba sa Jehova e leng Baiseraele ba bangata+ hobane ba ne ba bolailoe ka sabole. 13  Davida a botsa mohlankana eo ea neng a mo tliselitse litaba a re: “U tsoa hokae?” A re: “Ke mora oa molichaba, Moamaleke.” 14  Eaba Davida o re ho eena: “Ke hobane’ng ha u sa ka oa tšaba ho bolaea motlotsuoa oa Jehova?”+ 15  Davida a bitsa e mong oa bahlanka ba hae a re: “Atamela ’me u mo hlabe.” Kahoo, a mo hlaba ’me a shoa.+ 16  Davida o ne a itse ho eena: “U tla ikarabella bakeng sa lefu la hao hobane u fane ka bopaki ka molomo oa hao oa re, ‘Ke ’na ea bolaileng motlotsuoa oa Jehova.’”+ 17  Eaba Davida o bina pina ena ea koli-ea-malla* ka lebaka la Saule le mora oa hae Jonathane+ 18  ’me a re sechaba sa Juda se rutoe pina eo e bitsoang “Seqha” e ngotsoeng bukeng ea Jashare:+ 19  “Uena Iseraele, botle bo bolailoe holim’a libaka tsa hao tse phahameng.+ Bona kamoo ho shoeleng banna ba matla kateng! 20  Le se ke la bolela sena Gathe,+Le se ke la se bolela literateng tsa AshkeloneKaha barali ba Bafilista ba tla thabaLe barali ba banna ba sa bollang ba nyakalle. 21  Lona lithaba tsa Gilboa,+Ho se ke ha e-ba le phoka kapa pula holim’a lona,Ho se ke ha e-ba le masimo a hlahisang menehelo e halalelang+Hobane thebe ea ba matla e ile ea silafatsoa moo,Thebe ea Saule ha e sa tlotsitsoe ka oli. 22  Seqha sa Jonathane ha sea ka sa khutla+ maling a ba bolailoengLe mafureng a ba matlaLe sabole ea Saule e ne e sa khutle e sa atleha.+ 23  Saule le Jonathane+ ba ne ba ratoa haholo ha ba ntse ba phelaLe lefung la bona ha baa ka ba arohanngoa.+ Ba ne ba le lebelo ho feta lintsu,+Ba le matla ho feta litau.+ 24  Lona barali ba Iseraele, llelang Saule,Ea ileng a le apesa liaparo tse khubelu* le tse nang le mokhabiso,Ea ileng a beha mekhabiso ea khauta holim’a liaparo tsa lona. 25  Bona kamoo ho bolailoeng banna ba matla kateng ntoeng! Jonathane o bolaetsoe libakeng tsa hao tse phahameng.+ 26  Ke utloile bohloko haholo ka lebaka la hao Jonathane ngoan’eso,Ke ne ke u rata haholo.+ Lerato leo u neng u nthata ka lona, le ne le feta lerato la basali.+ 27  Bona kamoo ba matla ba bolailoeng katengLe kamoo libetsa tsa ntoa li senyehileng kateng!”

Linaletsana

Kapa: “bolaea.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Kapa: “ ’mala o sekareleta.”