Se ka Thusang Lelapa
Lihlooho tse hlahang mona li fa malapa likeletso tse tsoang ka Bibeleng. a Haeba u batla ho bala lihlooho tse eketsehileng, kena karolong ea Lenyalo le Lelapa.
a Mabitso a batho ba bang a hlahang lihloohong tsena a fetotsoe.
Marriage
Se ka Thusang Banyalani Hore ba Thabe: Sebelisanang Hammoho
Ho Sebelisana Hammoho ho thusa banyalani hore ba thabe.
Se ka Thusang Banyalani Hore ba Thabe: Bontšanang Tlhompho
Bibele e ka thusa oena le molekane oa hao hore le bontšane tlhompho haeba le se le sa e bontšane joaloka pele.
Kamoo U ka Bontšang Tlhompho
Banyalani ba tlameha ho hlomphana kamehla. U ka bontša joang hore u hlompha molekane oa hao?
Tsela ea ho Bontša Kananelo
Ha banyalani ba itloaetsa ho sheba lintho tse ntle tseo balekane ba bona ba li etsang kamano ea bona e ka ntlafala. Ke’ng se ka u thusang ho bontša kananelo?
Se ka Thusang Banyalani Hore ba Thabe: Bontšanang Lerato
Mosebetsi, stress, le mathata a letsatsi le letsatsi a ka etsa hore banyalani ba fokotse ho bontšana lerato. Na banyalani ba ka boela ba bontšana lerato?
Kamoo le ka Matlafatsang Boitlamo ba Lōna Kateng
Na boitlamo bo tšoana le bolo ea tšepe le ketane tse u faselletsang qetong e fosahetseng, kapa bo tšoana le ankora e tla tsitsisa lenyalo la lōna?
Litsela Tsa ho Sebelisa Chelete ka Bohlale
U se ke ua emela hore chelete ea hao e fele pele u ka hlahlobisisa tsela eo u e sebelisang ka eona. Ithute kamoo u ka laolang tsela eo u sebelisang chelete ka eona pele e tsoa taolong.
Ho Sebelisana le Batsoali ba Molekane oa Hao
Litlhahiso tse tharo tse ka u thusang hore u qobe ho etsa hore ho se utloane le batsoali ba molekane oa hao ho bake mathata lenyalong la lōna.
Ha le E-na le Maikutlo a Fapaneng
Banyalani ba ka rarolla mathata joang ’me ba lule ba e-na le khotso?
Ho Sebetsana le ho se Tšoane
Na u kile ua utloa eka uena le molekane oa hao ha le tšoanelane?
Na U ka Khaotsa ho Tšoara Molekane oa Hao ka Pelo?
E le hore u tšoarele molekane oa hao ha a u foselitse, na u lokela ho nyenyefatsa phoso eo a e entseng kapa u etse eka ha ea etsahala ho hang?
U ka Etsa’ng Hore u Tlohele Bohale?
Ho inehella bohale ho ka u kulisa, Kapa ho etsa eka ha oa koata. Kahoo, u ka etsa’ng ha molekane oa hao a u koatisa?
Ha bana ba se ba phuruselitse
Banyalani ba bang ba ba le mathata ha bana ba se ba sa lule lapeng. Batsoali ba ka etsa’ng hore ba lule ba ntse ba ratana le ha bana ba se ba phuruselitse?
Ho Tloaelana ho Feta Tekanyo
Na u ipolella hore, ‘Re metsoalle feela?’ Haeba ho joalo, utloa hore na melao-motheo ea Bibele e re’ng tabeng ena.
Haeba U Soetsehile ka Seo U Neng U se Lebeletse Lenyalong
Na u ikutloa eka u qobeletsoe ho lula le molekane oa hao? Ho na le mehato e mehlano e tla thusa lenyalo la hao hore le atlehe.
Ke’ng e ka Thusang Banyalani ba Holileng Hore ba se ke ba Hlalana?
Ke eng e etsang hore batho ba nang le lilemo tse ngata ba nyalane ba hlalane? Uena u ka etsa’ng hore lenyalo la hao le atlehe?
Ho Sebelisa Joala Hampe Lenyalong
U ka etsa’ng haeba ho sebelisa joala hampe ho ama lenyalo la hao?
Ho Shebella Pornography ho ka Senya Lenyalo
Litlhahiso tsena li ka u thusa hore u khaotse ho shebella pornography le hore u lokise lenyalo la hao.
Na le Lokela ho Lula ’Moho Pele le Nyalana?
Batho ba bang ba nahana hore ha ba lula ’moho pele ba nyalana ba tla khona ho itokisetsa lenyalo. Na ho etsa joalo ho ka ba molemo kapa na ho na le ntho e ka le thusang hore le be le lenyalo le atlehileng?
Puisano
Le ka Buisana ka Mathata Joang?
Banna le basali ba buisana ka litsela tse sa tšoaneng. Ho utloisisa phapang eo ho ka u thusa.
Kamoo U ka Mamelang ka Hloko
Ho mamela ka hloko hase ho mamela feela tjee, empa ke pontšo ea lerato. Ithute kamoo u ka mamelang ka hloko.
U ka Nahanela Maikutlo a Molekane oa Hao Joang?
Lintlha tse ’nè li ka thusa uena le molekane oa hao hore le qobe ho phehisana ’me le fumane tharollo le le babeli.
U ka Qoba ho se Buise Molekane oa Hao Joang?
Kamoo banyalani ba bang ba eeng ba qetelle ba sa buisane, ke’ng seo ba ka se etsang ho rarolla liphapang tsa bona?
Kamoo le ka Khaotsang ho Ngangisana
Na uena le molekane oa hao le lula le ngangisana? Ithuteng kamoo melao-motheo ea Bibele e ka le thusang kateng lenyalong la lōna.
Kamoo le ka Qobang Puo e Hlabang
Ke eng seo uena le molekane oa hao le ka se etsang haeba le lumeletse hore ho hlabana ka mantsoe ho senye lenyalo la lōna?
Se ka Thusang Banyalani Hore ba Thabe: Kopa Tšoarelo
Kopa tšoarelo hore lelapa la hao le be le khotso ‘me le boele le thabe.
U Lokela ho Kōpa Tšoarelo Joang
Ke lokela ho etsa’ng haeba e se ’na ea phoso?
Tsela ea ho Tšoarela
Ke hobane’ng ha ho ka ba thata ho tšoarela? Hlokomela kamoo keletso ea Bibele e ka thusang.
Raising Children
Ke Joang U ka Bang Ntate ea Molemo?
Tsela eo u tšoarang molekane oa hao ka eona hona joale ea bontša hore na u tla ba ntate ea joang nakong e tlang.
Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa Hore le Tloaetse Bana ho Bala?—Karolo ea Pele: Theknoloji Kapa Libuka?
Bana ba bangata ba rata ho shebella livideo. Batsoali ba ka etsa’ng e le hore ba thuse bana ba bona hore ba rate ho bala?
Thusa Bana ba Hao Hore ba Sebetsane le Litlaleho Tsa Litaba Tse Utloisang Bohloko
Batsoali ba ka etsang ho thusa bana ba bona hore ba se ke ba tšosoa ke seo ba se boneng litabeng?
Ha Ngoan’a Hao a U Botsa ka Lefu
Ho na le mehato e mene e ka u thusang hore u arabe lipotso tsa bona le ho ba thusa ho mamella bohloko ba ho shoeloa ke motho eo ba mo ratang.
Bohlokoa ba Mosebetsi oa Lapeng
Na u leqe ho fa bana ba lona mesebetsi oa lapeng? Haeba ho joalo, nahana na kamoo ho etsa mosebtsi oa lapeng ho rutang bana boikarabelo ebileng ho tlisang thabo.
Ruta Ngoana oa Hao Hore a se ke a Tela
Ha u bona ngoana oa hao a sokola ho etsa mesebetsi e itseng na u lokela ho potlakela ho mo thusa kapa na u ka ruta ngoana oa hao hore a se ke a tela?
Thusa Bana ba Hao ha Lintho li sa ba Tsamaele Hantle
Ho hloleha ho etsa lintho tse itseng ke karolo ea bophelo. Ruta bana ba hao hore ba be le maikutlo a nepahetseng ha lintho li sa ba tsamaele hantle.
U Ka Etsa’ng ho Thusa Ngoana oa Hao Hore a Sebetse Hantle Sekolong?
u ka fumana joang lebaka le etsa’ng hore ngoana a se ke a sebetsa hantle ha a le sekolong ’me oa khothalletsa ho ithuta.
Kamoo U ka Babatsang Bana
Mokhoa o itseng oa ho babatsa ngoana o sebetsa hamolemo.
U ka Thusa Ngoana oa Hao Joang ha a Kena Lilemong Tsa Bocha?
Bibele e na le keletso e molemo e ka thusang ngoana ha kena lilemong tsa bocha.
Ruta Bana ba Hao ka Thobalano
Bana ba bona lintho tse bontšang thobalano ba sa le ba nyenyane. Ke eng seo u lokelang ho se tseba? U ka etsa’ng e le hore u sireletse bana ba hao?
Kamoo U ka Buisanang le Bana ba Hao ka Joala Kateng
When and how should parents talk to their children about this important subject?
Bua le Bana ba Hao ka Khethollo ea Morabe
Bua le ngoana ka khethollo ea morabe ho latela hore na lilemo tsa hae li kae.
Ho Ruta Bana ho Itšoara
Ho fa bana ba hao ntho e ’ngoe le e ’ngoe ho ka etsa hore ba lahleheloe ke ho hong ho molemohali.
Ruta Bana ba Hao ho Ikokobetsa
Ruta bana ba hao ho ikokobetsa empa ba sa ikhalale.
Ho Ruta Bana ho Mamela
Na uena le ngoana oa hao le lula le loanela hore na ke mang ea nang le tokelo ea ho laela ’me kamehla ho bonahala e le eena ea hlōlang? Hona le lintlha tse hlano tse tla u thusa.
Ithute ho re “Che”
U ka etsa’ng ha ngoan’a hao a ngangisana le uena kapa a u qophella?
Seo U ka se Etsang ha Ngoana a Ithaburanya
U ka etsa’ng ha ngoana a ithaburanya? Melao-motheo ea Bibele e ka u thusang ho sebetsana le bothata bona.
Ha Ngoan’a Hao a Bua Leshano
U lokela ho etsa’ng ha ngoan’a hao a bua leshano? Sehlooho sena se tšohla likeletso tse thehiloeng Bibeleng tse ka u thusang ho ruta ngoan’a hao bohlokoa ba ho bua ’nete.
Raising Teenagers
Tsela ea ho Buisana le Bana ba Lilemong Tsa Bocha
Na ua ferekana ha u buisana le ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha? Ke eng e ka etsang hore u thatafalloe ho buisana le ngoana oa hao?
Ha Morali oa Hao ea Lilemong Tsa Bocha a Imetsoe Kelellong
Banana ba bangata ba imeloa kelellong ha ho e-ba le liphetoho bophelong ba bona. Batsoali ba ka ba thusa joang hore ba loantšane le bothata ba ho imeloa kelellong?
Kamoo U ka Khalemelang Ngoana oa Hao
Ho khalemela ngoana ho bolela ho mo ruta. Melao-motheo ea Bibele e ka u thusa ho ruta ngoana oa hao ho mamela ho e-na le ho ba lerabele.
Kamoo U ka Behelang Mocha Melao
U lokela ho etsa eng haeba ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha a lula a halefisoa ke melao ea hao?
Thusa Bacha ho ba Hlokolosi ha ba le Inthaneteng
U ka thusa bana ba hao joang hore ba tataisoe ke melao-motheo ’me ba khone ho iketsetsa liqeto?
Kamoo U ka Buisanang le Ngoana oa Hao ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno
U se ke ua emela hore ngoana oa hao a oele mokhoeng oo. Buisana le eena ka likotsi tsa ho romela litšoantšo tse litšila ka selefouno.
Ha Mocha a Intša Kotsi
Bacha ba bang ba intša kotsi ka boomo. Ke’ng e etsang hore ba etse see? U ka thusa ngoana oa hao joang?
Young People
Kamoo U ka Hanelang Khatello ea Lithaka
Khatello ea lithaka e ka etsa hore batho ba lokileng ba etse lintho tse mpe. U lokela ho tseba’ng ka eona hona u ka sebetsana le eona joang?
U Lokela ho Etsa’ng ha U Khalemeloa?
Ho khalemeloa kapa ho tšoauoa phoso ho ka u tsoela molemo joang?
U ka Etsa Melaetsa ea Selefouno ka Bohlale Joang?
Na ke phoso ho khaotsa moqoqo e le hore feela u bale molaetsa oa selefouno? Kapa na ke phoso ho iphapanyetsa molaetsa oa selefouno e le hore feela u tsoele pele ka moqoqo?
U ka Hlōla Teko ea ho Kopanela Liphate Joang?
Ho ba le bokhoni ba ho hlōla liteko ho bontša hore motho ke monna kapa mosali oa sebele. Ho na le lintho tse tšeletseng tse ka u thusang hore u hlōle liteko le hore u qobe khatello ea ho inehela.
U ka Laola Bohale Joang?
Mehato e mehlano e thehiloeng Bibeleng e ka u thusang ho laola bohale.
Seo U ka se Etsang ha U Jeoa ke Bolutu
Ho itšehla thajana ho kotsi bophelong ba hao joaloka ho tsuba lisakarete tse 15 ka letsatsi. U ka qoba joang ho ikutloa u sa ratoe le ho jeoa ke bolutu?
Ha U Arohana le Motho eo U Ratanang le Eena
U ka tsoela pele joang ka bophelo ba hao ka mor’a ho arohana le motho eo u ratanang le eena?
Ha u Khutlela Lapeng
Na u tlohile lapeng ho ea phela u le mong, eaba u tobana le mathata? Lokisa litaba ka ho sebelisa likeletso tsena.
U ka Fumana Metsoalle ea ’Nete Joang?
Lintho tse ’ne tse ka u thusang hore u se ke oa ba le setsoalle se fofotsang.
U ka Etsa’ng ha Maemo a Bophelo a Fetoha?
U ke ke ua khona ho qoba liphetoho. Hlahloba seo bacha ba bang se entseng e le hore ba sebetsane le tsona.
Bohloko ba ho Hlokahalloa ke Motsoali
Ho hlokahalloa ke motsoali ke ntho e bohloko ka ho fetisisa. Ke’ng e ka thusang bana hore ba khone ho sebetsana le bohloko boo?
Na ke Lipapali Tsohle Tseo u ka li Bapalang?
Batho ba bangata ba rata lipapali tse kotsi. Na le uena u ee u utloe u batla ho li bapala?