Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI

Kamoo U ka Buisanang le Ngoana oa Hao ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno

Kamoo U ka Buisanang le Ngoana oa Hao ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno

BOTHATA

U utloetse hore ke ntho e atileng hore bacha ba romellane melaetsa e litšila ka selefouno. U ka ’na ua ipotsa, ‘Ebe ngoana oa ka a ka etsa seo?’

U ka qala ho buisana le ngoana oa hao ka taba ee joang? Pele u araba potso ena, ipotse hore na ke hobane’ng ha bacha ba bang ba romela melaetsa e litšila ka selefouno le hore na ke hobane’ng ha seo se lokela ho u tšoenya. *

KE HOBANE’NG HA BA ETSA SEO

  • Bacha ba bang ba romella batho ba bang melaetsa e litšila hobane ba batla ho ratana le bona.

  • Maemong a mang, ngoanana a ka romella moshanyana foto ea moo a hlahang a hlobotse hobane a mo qobeletse ho etsa joalo.

  • Ka linako tse ling, moshemane a ka romella batho ba bangata foto ea ngoanana e le hore a thabise metsoalle ea hae kapa a iphetetse ka mor’a hore ba arohane.

Ho sa tsotellehe hore na seo se bakoa ke’ng, mocha ea nang le selefouno a ka kena mathateng habonolo. Buka ea CyberSafe e re: “Ka ho romeloa ha setšoantšo se le seng feela, bophelo ba batho ba bangata bo ka fetoha ka ho feletseng.”

Batho ba bangata ha ba hlokomele hore hang ha foto e ka ea Inthaneteng, ho tla ba thata hore ea e rometseng a laole hore na batho ba bang ba e sebelisa joang. Tlaleho ea litaba ea Lefapha la ’Muso la Bofokisi (Federal Bureau of Investigation [FBI]) United States, e bontša hore ngoanana e mong ea lilemo li 18 “o ile a ipolaea ka mor’a hore a romelle mohlankana oa hae foto ea moo a hlahang a hlobotse ka selefouno, ’me mohlankana eo a e romella bana ba bang bao a kenang sekolo le bona. Ho thoe liithuti tse ling tse ileng tsa fetisetsa foto eo ho ba bang, li ile tsa mo hlekahleka.”

Motho ea romellang melaetsa ea mofuta ona a ka qosoa. Ka mohlala, linaheng tse ling bana ba romeletseng ba bang litšoantšo tse litšila ba ’nile ba qosoa ka molato oa ho sebelisa bana litšoantšong tse litšila tse tsosang takatso, ’me ba kenngoa lethathamong la batlōli ba molao litabeng tsa thobalano. Motsoali le eena a ka nkoa a le molato haeba ho fumanoa hore selefouno eo e ngolisitsoe ka mabitso a hae kapa o sitiloe ho etsa ho hong ho thibela ngoana ho romela melaetsa e joalo.

 SEO U KA SE ETSANG

Beha melao e hlakileng. Le hoja u ke ke ua laola ka ho feletseng tsela eo ngoana oa hao a sebelisang fono ka eona, u ka tiisa hore o tseba melao eo u e behileng le liphello tsa ho e tlōla. Hape hopola hore joaloka motsoali, u na le tokelo ea ho beha leihlo tsela eo ngoana oa hao a sebelisang selefouno ka eona.—Molao-motheo oa Bibele: Baefese 6:1.

Ruta ngoana ho itlhalosa. U ka re: “Batho ba bangata ba na le maikutlo a sa tšoaneng ka taba ea ho romela melaetsa e litšila ka selefouno. Uena u ikutloa joang ka taba ee?” “U nahana hore ke litšoantšo tsa mofuta ofe tse sa lokelang ho romelloa batho ba bang?” “Libakeng tse ling, ho nkoa hore ngoana ea romellang batho lifoto tsa bana ba bang ba hlobotseng, o tlōtse molao. Na u nahana hore seo se fosahetse?” “U nahana hore ke hobane’ng ha ho fosahetse ho romela litšoantšo tse litšila?” Mamela likarabo tsa ngoana oa hao ka hloko ’me u mo thuse ho nahana ka liphello tsa seo.—Molao-motheo oa Bibele: Baheberu 5:14.

Nahana ka liphello tsa ho romela litšoantšo tse litšila

Mo thuse hore a nahane. U ka re ho morali oa hao: “A re re moshemane o qobella ngoanana hore a mo romelle lifoto tsa hae moo a hlahang a hlobotse. Ngoanana eo o lokela ho etsa’ng? Na o lokela ho lumela e le hore e ’ne e be metsoalle? A hane ho li romela empa a fane ka maikutlo a fapaneng le seo a se buang? A felise setsoalle sa bona? A bolelle motho e moholo?” Thusa morali oa hao hore a ntše maikutlo tabeng ena. U ka sebelisa mokhoa o tšoanang ha u buisana le mora oa hao.—Molao-motheo oa Bibele: Bagalata 6:7.

Thusa ngoana oa hao hore a be le litšobotsi tse ntle. Mo botse lipotso tse kang tsena: Na u nahana hore ke habohlokoa hore u be le botumo bo botle? U batla ho tsebahala u le motho oa mofuta ofe? U ka ikutloa joang ha u ka tlotlolla motho e mong ka hore u romele lifoto tsa hae tsa moo a hlahang a hlobotse? U ka ikutloa joang ha u ka emela se nepahetseng? Thusa ngoana oa hao hore ‘a be le letsoalo le molemo.’—1 Petrose 3:16.

Mo behele mohlala o motle. Bibele e re bohlale bo tsoang ho Molimo bo hloekile ’me ha bo na boikaketsi. (Jakobo 3:17) Na tsela eo u phelang ka eona e bonahatsa litšobotsi tseo? Buka ea CyberSafe e re: “Re lokela ho beha mohlala o motle ’me re se ke ra sheba litšoantšo kapa ra kena Liwebsaeteng tseo ho nkoang hore ha lia lokela kapa ke tlōlo ea molao ho kena ho tsona.”

^ ser. 5 Ho fumana lintlha tse eketsehileng, e-ea Websaeteng ea jw.org/st ’me u bale sehlooho se reng “Bacha Baa Botsa—Ke Eng eo ke Lokelang ho e Tseba ka ho Romela Litšoantšo Tse Litšila ka Selefouno?”—Sheba tlas’a LITHUTO TSA BIBELE > BACHA.