Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | HO HŌLISA BANA

Ha Ngoan’a Hao a U Botsa ka Lefu

Ha Ngoan’a Hao a U Botsa ka Lefu

BOTHATA

Ngoan’a hao ea lilemo li tšeletseng oa u botsa o re, “Na le uena u tl’o shoa ka letsatsi le leng?” U makalitsoe ke potso ea hae, ua ipotsa: ‘Na ngoan’a ka o se a hōlile ka ho lekaneng hore a ka utloisisa karabo ea ka? Nka buisana le eena joang ka lefu?’

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Bana ba nahana ka lefu. Ba bang ba bile ba bapala lipapali tseo ho tsona ho bang le ea iketsang eka o shoele. Kahoo, u se ke ua qoba ho bua ka lefu ’me u lokela ho lumella ngoan’a hao hore a u botse lipotso leha e le life tseo a nang le tsona ka lona. Ha ka linako tse ling u bua ka lefu, u thusa ngoan’a hao hore a sebetsane le bohloko ba ho hlokahalloa ke motho eo a mo ratang.

Ho bua ka lefu ho ke ke ha etsa hore ngoan’a hao a nahane ka lintho tse tšosang. Ho e-na le hoo, ho tla mo thusa hore a se ke a ba le tšabo. Leha ho le joalo, ho ka ’na ha hlokahala hore u lokise tsela e fosahetseng eo a nahanang ka eona. Ka mohlala, litsebi tse ling li re bana ba bangata ba lilemo tse ka tlaase ho tse tšeletseng ha ba nke lefu e le qetello. Ha ba bapala, ngoana e mong a ka iketsa eka o shoele hona joale, ebe ka mor’a nakoana oa phela hape.

Empa ha ba ntse ba hōla, bana ba ka ’na ba utloisisa kamoo lefu le tebileng kateng—e leng ntho e ka ’nang ea etsa hore ba be le lipotso, ba ngongorehe, kapa ba be le tšabo, haholo-holo haeba ho hlokahetse motho eo ba mo ratang. Kahoo, ke habohlokoa hore le buisane ka taba ena. Marion Haza, e leng setsebi sa mafu a kelello, o re: “Ngoana a ka tšaba lefu haholo haeba a nahana hore ha a lumelloa ho bua ka lona ka lapeng.”

Ha ua lokela ho tšoenyeha haholo ka hore na u tla re’ng. Ho ea ka phuputso e ’ngoe, bana ba mpa ba batla “ho bolelloa ’nete ka tsela e mosa.” Kholiseha hore hangata ngoana a ke ke a botsa potso ntle leha a itokiselitse ho utloa karabo.

SEO U KA SE ETSANG

Sebelisa menyetla e hlahang e le hore u bue ka lefu. Haeba ngoan’a hao a bona nonyana e shoeleng seterateng kapa haeba phoofolo ea lapeng eo a e ratang e shoa, u ka sebelisa lipotso tse bonolo ho mo khothalletsa hore a ntše maikutlo. Ka mohlala, u ka mo botsa: “Na phoofolo e shoeleng e utloa bohloko? Na ea hatsela kapa ea lapa? U bona ka eng hore phoofolo kapa motho o shoele?”—Molao-motheo oa Bibele: Moeklesia 3:1, 7.

U se ke ua pata ’nete. Ha motsoalle kapa mong ka lōna a hlokahala, qoba ho sebelisa mantsoe a ferekanyang bana a kang, “O re siile.” Ka phoso ngoan’a hao a ka ’na a etsa qeto ea hore haufinyane motho eo o tla khutlela lapeng. Ho e-na le hoo, sebelisa mantsoe a bonolo le a tobileng. Ka mohlala, u ka ’na ua re: “Ha Nkhono a shoa, litho tsohle tsa ’mele oa hae li ile tsa khaotsa ho sebetsa. Re ka se hlole re bua le eena, empa re ke ke ra mo lebala.”—Molao-motheo oa Bibele: Baefese 4:25.

Kaha ngoana e monyenyane a ka ’na a nahana hore lefu lea tšoaetsana, mo kholise hore o sireletsehile

Kholisa ngoan’a hao. A ka ’na a nahana hore ntho eo a e entseng kapa eo a e nahanneng ke eona e bolaileng motho eo. Ho e-na le hore u re hase eena ea mo bolaileng, u ka ’na ua mo botsa, “Ke eng e etsang hore u nahane joalo?” Mo mamele ka hloko u sa khelle maikutlo a hae fatše. Hape, kaha ngoana e monyenyane a ka ’na a nahana hore lefu lea tšoaetsana, mo kholise hore o sireletsehile.

Khothalletsa ngoan’a hao hore a ntše maikutlo. Bua ka bolokolohi ka baratuoa ba lōna ba seng ba hlokahetse, ho akarelletsa le beng ka lōna ba hlokahetseng pele ngoan’a hao a hlaha. U ka ’na ua mo phetela lipale tse qabolang ka rakhali, malome, ntate-moholo, kapa nkhono oa hae. Ha u bua ka bolokolohi ka batho bao, u thusa ngoan’a hao hore a utloisise hore ha ho hlokahale hore a tšabe ho bua ka bona kapa ho nahana ka bona. Leha ho le joalo, u se ke ua mo qobella hore a bue ka lefu. U ntse u ka bua ka taba eo neng-neng ha u nahana hore ke nako e loketseng.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 20:5.

Buka ea Ithute ho Mosuoe e Moholo khaolong ea 34 le ea 35 e ka thusa ngoan’a hao hore a ithute seo Bibele e se rutang ka lefu. Sheba tlas’a LINGOLILOENG > LIBUKA LE LIBUKANA