Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa

Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa

Thusa Ngoana oa Hao Hore a Mamelle ho Sareloa

LEBENKELENG le phetheselang la libuka, ’mè ea tsielehileng o ile a re ho mosali ea sebetsang moo: “Lebenkele la lōna le tletse libuka empa ha ho le e ’ngoe e ka thusang ngoan’a ka!” ’Mè enoa o ne a batla likeletso tsa kamoo a ka thusang mora oa hae e monyenyane hore a khone ho mamella lefu la tšohanyetso la setho se haufi sa lelapa.

Hoa utloahala hore ebe ’mè enoa o ne a khathatsehile. Ke ntho e bohloko hakaakang ha ngoana a hlokomela hore motho eo a mo ratang o hlokahetse! Bana ba hōla hantle ha ba hlokometsoe lapeng, leha ho le joalo, lefu le ka amoha ngoana motho eo a mo ratang eo a seng a atamelane haholo le eena. U le motsoali, u ka thusa ngoan’a hao joang haeba ho e-na le motho ea ka ’nang a hlokahala kapa ho e-na le motho ea sa tsoa hlokahala?

Ke ’nete hore ha u shoeloa ke motho eo u mo ratang, ho ka etsahala hore ebe u ntse u leka ho mamella bohloko boo u bo utloileng; u ikutloa u tsielehile ’me u nahana sena le sane. Leha ho le joalo, u se ke ua lebala hore ngoan’a hao u hloka hore u mo tšehetse. Buka e ’ngoe e abuoang ke lehae la batho ba kulelang lefu Minnesota, U.S.A., e re: “Bana ba mametse ha ho ntse ho qoqoa, ’me hangata ha ba utloisise se boleloang kapa baa se sotha.” E boetse e re: “Ho hlokahala hore bana ba bolelloe ’nete.” Kahoo, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u hlalosetse bana ba hao ka tsela eo ba tla e utloisisa, ho latela lilemo tsa bona. Ha ho bonolo, kaha bana ha ba khone ho utloisisa boemo ka tsela e tšoanang.​—1 Bakorinthe 13:11.

U ka mo Hlalosetsa Joang Hore na Lefu ke Eng?

Babatlisisi ba bang ba re ha batsoali ba bua le ngoana ka lefu, ha baa lokela ho sebelisa mantsoe a kang “o robetse,” “ha a sa le eo,” kapa “o tsamaile.” Ho sebelisa mantsoe ana u sa a hlalose ho ka ferekanya ngoana. Ke ’nete hore Jesu o ile a tšoantša lefu le boroko ’me ho ne ho loketse hore a etse joalo. Leha ho le joalo, u hopole hore o ne a sa bue le bana. Ntle ho moo, o ile a hlalosa hore na o ne a bolela’ng. Jesu o ile a re ho balateli ba hae: “Motsoalle oa rōna Lazaro o phomotse.” Le hoja barutuoa ba hae e ne e le batho ba baholo, ba ile “ba nahana hore [Jesu] o bua ka ho phomola borokong.” Kahoo, Jesu o ile a ba hlalosetsa seo a se bolelang, a re: “Lazaro o shoele.” (Johanne 11:11-14) Haeba ho hlokahala hore batho ba baholo ba hlalosetsoe ka ho qaqileng joalo, ho hlokahala hore bana ba hlalosetsoe ka ho qaqileng le ho feta.

Mary Ann Emswiler le James P. Emswiler ba itse bukeng ea bona: “Motsoali a ka ’na a leka ho sebelisa mantsoe a ke keng a tšosa ngoana ha a mo hlalosetsa hore na lefu ke eng, empa ka ho etsa joalo a ka ’na a fa ngoana maikutlo ao a neng a se na ’ona le a mo tšosang kapa a kotsi.” Ka mohlala, ho bolella ngoana hore motho eo a mo ratang ea hlokahetseng o mpa feela a robetse ho ka ’na ha etsa hore ngoana a tšabe hore ha a robala bosiu, ho ka etsahala hore a se ke a hlola a tsoha. Haeba ngoana a bolelloa hore motho eo a mo ratang ea hlokahetseng “o tsamaile,” ngoana a ka ’na a nka hore motho eo ha a mo rate kapa o mo lahlile kherehloa.

Ha batsoali ba bangata ba leka ho hlalosetsa bana hore na lefu ke eng, ba fumane hore bana ba utloisisa mantsoe a bonolo, a sa hlatheng koana le koana, ho feta mantsoe a lekang ho bebofatsa taba. (1 Bakorinthe 14:9) Babatlisisi ba buella hore u khothaletse ngoana hore a botse lipotso a be a u bolelle lintho tse mo tšoenyang. Ho buisana le eena khafetsa ho ka etsa hore u mo hlalosetse lintho tseo a sa li utloisiseng ’me ha u lemosa le hore na u ka mo thusa ka litsela life.

Buka e Nang le Tataiso e ka Tšeptjoang

Ha ngoan’a hao a saretsoe, o tla batla hore u mo tataise, u mo tšehetse u be u arabe lipotso tsa hae. Ke hokae moo u ka fumanang lintlha tseo u ka li tšepang tse ka u thusang tabeng ea lefu? Batho ba bangata ba fumane hore Bibele e fana ka matšeliso le tšepo ea ’nete. E bua ’nete hore na lefu le bile teng joang, hore na bafu ba boemong bofe, le hore na ho na le tšepo efe bakeng sa bafu. ’Nete e se nang litsoako ea hore “ba shoeleng, ho hang ha ba tsebe letho” e ka thusa ngoan’a hao ho hlokomela hore moratuoa oa hae ea hlokahetseng ha a utloe bohloko. (Moeklesia 9:5) Ho feta moo, ka Bibeleng, Molimo o re fa tšepo ea hore re tla boela re bona baratuoa ba rōna ba hlokahetseng lefatšeng la paradeise.​—Johanne 5:28, 29.

Ha u sebelisa Mangolo a Halalelang, u ka thusa ngoan’a hao ho ithuta hore Bibele e re fa tataiso le matšeliso a ’nete boemong bofe kapa bofe bo bohloko. Hape, ngoan’a hao o tla hlokomela hore uena joaloka motsoali u itšetlehile ka Lentsoe la Molimo hore le u tataise litabeng tsa bohlokoa bophelong.​—Liproverbia 22:6; 2 Timothea 3:15.

Likarabo Tsa Lipotso Tsa Hao

Ha u thusa ngoan’a hao hore a mamelle ho sareloa ka lebaka la lefu la motho eo a mo ratang, u ka ’na ua tobana le maemo a tla u qaka. U tla etsa joang? * A re ke re tšohleng tse ling tsa lipotso tse tloaelehileng tse ka ’nang tsa hlaha.

Na ha kea lokela ho bontša ngoan’a ka hore ke saretsoe? Ka tlhaho u batla ho sireletsa ngoan’a hao. Empa na ke phoso hore ngoan’a hao a bone hore u saretsoe? Batsoali ba bangata ba fumane ho le molemo ho bontša bana ba bona hore ba saretsoe, kaha ba ba bontša hore ke ntho ea tlhaho hore motho a sareloe. Ba bang ba ile ba bolella bana ba bona ka batho ba boletsoeng ka Bibeleng ba sa kang ba patela ba bang hore ba saretsoe. Ka mohlala, Jesu o ile a lla ha motsoalle oa hae eo a mo ratang haholo Lazaro a hlokahala. Jesu ha aa ka a pata maikutlo a hae.​—Johanne 11:35.

Na ngoan’a ka e monyenyane o lokela ho ea ’moshareng kapa mabitleng kapa tšebeletsong ea sehopotso sa bophelo ba mofu? Haeba ngoana o tla ba teng moo, ho ka ’na ha e-ba molemo hore u mo hlalosetse esale pele hore na ho tla etsahala eng, ho akarelletsa le hore na ke hobane’ng ha ho tlil’o tšoaroa tšebeletso ea lepato. Ho hlakile hore ka mabaka a utloahalang, batsoali ba ka ’na ba etsa qeto ea hore maemong a mang bana ba bona ba se ke ba ba teng tšebeletsong eohle kapa likarolong tse itseng tsa eona. Bana ba eang litšebeletsong tsa mapato tse tšoaroang ke Lipaki Tsa Jehova ba ka rua molemo puong e thehiloeng Bibeleng e fanoang moo. Ho feta moo, “lerato le mofuthu” le totobalang ho bohle ba leng teng e ka ba la bohlokoa esita le ho ngoana, la ba la mo tšelisa.​—Baroma 12:10, 15; Johanne 13:34, 35.

Na ke lokela ho bua le ngoan’a ka ka moratuoa ea seng a hlokahetse? Babatlisisi ba bang ba re haeba u qoba ho bua le ngoana ka motho ea seng a hlokahetse, ngoana a ka ’na a nahana hore ho na le lekunutu leo u sa batleng ho le bua ka motho ea hlokahetseng kapa u batla hore a lebaloe ka ho feletseng. Bukeng ea hae, Julia Rathkey o ile a re: “Ho bohlokoa ho thusa bana hore ba ithute ho lula ba ntse ba hopola motho ea seng a hlokahetse ’me ba se ke ba mo tšaba.” Ho bua ka bolokolohi ka motho ea hlokahetseng, ho akarelletsa le ho bua ka botho ba hae bo botle kapa tsela e ntle eo a neng a phela ka eona, ho ka thusa nakong ea ho sareloa. Batsoali ba Lipaki ba tšelisa bana ba bona ka tšepo e hlahang ka Bibeleng ea hore bafu ba tla tsosetsoa lefatšeng la paradeise, moo ho kula le lefu li ke keng tsa hlola li e-ba teng.​—Tšenolo 21:4.

Nka thusa ngoan’a ka joang ha a ntse a saretsoe? Ha ngoana a ntse a saretsoe, a ka ’na a kula. Ngoana a ka ’na a tlala bohale kapa a tšoenyeha kahobane a ikutloa eka ha ho letho leo a ka le etsang kapa kahobane a tsielehile. U se ke ua makala haeba ngoan’a hao a ikutloa molato, a sa batle ho arohana le uena, kapa a tšoha haeba u lieha ho fihla hae kapa u kula. U ka etsa joang ha ngoan’a hao a utloile bohloko? Le ka mohla u se ke ua mo fa maikutlo a hore ha u hlokomele hore o utloile bohloko. Kahoo, lemoha tsela eo a ikutloang ka eona ’me u ele hloko hore na o utloile bohloko bo bokae le hore na o nka nako e kae a utloile bohloko. Leka ho se bebofatse bohloko boo a bo utloisitsoeng ke lefu. Mo khothatse nako le nako, ’me u mo nolofaletse hore a u botse lipotso a be a ntše maikutlo ka bolokolohi. U ka matlafatsa tšepo ea hae le ea hao “ka matšeliso a tsoang ka Mangolong.”​—Baroma 15:4.

Nka khutlisetsa lintho setloaeling neng? Litsebi li re le tsoele pele ho etsa lintho tse ngata kamoo ho ka khonehang tseo le neng le tloaetse ho li etsa. Li re ho tsoela pele ho etsa lintho tse molemo tseo le neng le tloaetse ho li etsa ke tsela e atlehang ea ho mamella ho sareloa. Batsoali ba bangata ba Lipaki Tsa Jehova ba fumane hore ho tsoela pele ba etsa lintho tse amanang le borapeli ba bona, tse akarelletsang ho ithuta Bibele kamehla e le lelapa le ho ea libokeng tsa phutheho, ho ka thusa lelapa hore le boele le tsitse le be le matlafale.​—Deuteronoma 6:4-9; Baheberu 10:24, 25.

Pele Jehova Molimo a felisa ho kula le lefu, nako le nako bana ba tla tobana le mahlomola a bakoang ke lefu. (Esaia 25:8) Leha ho le joalo, ha bana ba khothatsoa ba bile ba tšehetsoa, ba tla thusoa hore ba mamelle ha motho eo ba mo ratang a hlokahala.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 13 Lintlha tse fanoeng sehloohong sena hase melao. Re hopole hore maemo a batho le meetlo ea bona e fapana haholo ho latela linaha le setso.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]

Khothalletsa ngoan’a hao hore a u botse lipotso a be a u bolelle lintho tse mo tšoenyang

[Setšoantšo se leqepheng la 20]

Tsoelang pele ho etsa lintho tseo le neng le tloaetse ho li etsa, ho akarelletsa ho ithuta Bibele le le lelapa