Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

U ka Etsa’ng ha Maemo a Bophelo a Fetoha?

U ka Etsa’ng ha Maemo a Bophelo a Fetoha?

BOTHATA

  • Ntate oa hao o fumane mosebetsi sebakeng se seng ’me le lokela ho falla.

  • Motsoalle oa hao o fallela sebakeng se hōle.

  • Ausi oa hao o tloha lapeng hobane a nyaloa.

U ka etsa’ng hore u tloaele liphetoho tsee?

Haeba sefate se khona ho kobeha ha moea o foka, se ke ke sa robeha habonolo nakong ea sefefo se matla. Joaloka sefate seo, le uena u ka ithuta ho “kobeha” ha liphetoho tseo u se nang matla a ho li fetola li etsahala bophelong ba hao. Empa pele re bua ka hore na u ka etsa seo joang, nahana ka lintho tse ’maloa tseo u lokelang ho li tseba ka liphetoho.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

U ke ke ua khona ho qoba liphetoho. Bibele e re batho “bohle ba hlaheloa ke nako le ketsahalo e sa lebelloang.” (Moeklesia 9:11) Ho na le mohla u tla bona hore mantsoe ana ke ’nete, ho sa tsotellehe hore na ke hona joale kapa ka mor’a nako e telele. Ke ’nete hore ha se kamehla lintho tse hlahang re sa lebella li leng mpe. Ka linako tse ling lintho tseo qalong re bonang eka li mpe, hamorao re ka hlokomela hore ha e le hantle li molemo. Leha ho le joalo, batho ba bangata ba thabela ho phela maemong ao ba a tloaetseng, ba thatafalloa ke ho etsa liphetoho bophelong.

Hangata bacha ke bona ba thatafalloang ke ho sebetsana le liphetoho. Hobane’ng? Mocha e mong ea bitsoang Alex * o fana ka lebaka, o re: “Ho se ho ntse ho e-na le liphetoho tse etsahalang ’meleng oa hao. Liphetoho tse etsahalang bophelong tsona li eketsa khatello eo motho a seng a ntse a e-na le eona.”

Lebaka le leng ke lena: Ha batho ba baholo ba kopana le liphetoho bophelong, ba ka hopola lintho tse ileng tsa ba hlahela nakong e fetileng ’me ba bona hore na ba ka sebetsana le bothata bo tšoanang le boo joang. Empa bacha ha ba na tsebo kaha ba qala ho kopana le maemo ao.

U ka ithuta ho sebetsana le liphetoho. Ho ikamahanya le maemo ho thusa motho hore a sebetsane le mathata a boima kapa a tloaelane le liphetoho. Motho ea ikamahanyang le maemo o khona ho mamella ha lintho li fetoha ’me o etsa hore maemo a thata a mo tsoele molemo. Bacha ba joalo ha ba noe joala le ho sebelisa lithethefatsi ha ba imetsoe ke mathata.

SEO U KA SE ETSANG

Amohela maemo. Ke ’nete hore u ka batla ho laola lintho tse etsahalang bophelong ba hao, empa ka bomalimabe seo se ke ke sa khoneha. Metsoalle ea hao e tla fallela sebakeng se seng kapa e nyale, banab’eno ba tla hōla ’me ba tlohe lapeng, maemo a mang a ka qobella lelapa leno ho fallela sebakeng se seng ’me lintho tsena tsohle li ka etsa hore u arohane le batho bao u ba ratang. Empa ho molemo ho amohela maemo ho feta ho lula u nahana ka lintho tse tla u utloisa bohloko.—Molao-motheo oa Bibele: Moeklesia 7:10.

Nahana ka bokamoso. Ho nahana ka lintho tse fetileng ho tšoana le ho khanna koloi ’mileng o moholo empa u shebile morao ka seipone. Ho sheba morao ka nakoana ho ka ba molemo, empa moo u lokelang ho tsepamisa kelello teng ke pele. Hoa tšoana le ha ho e-na le liphetoho bophelong ba hao. Leka ho lula u nahana ka bokamoso. (Liproverbia 4:25) Ho etsa mohlala, ke lintho life tseo u batlang ho li finyella khoeling e tlang kapa tse tšeletseng tse tlang?

Nahana ka lintho tse ntle. Mocha e mong ea bitsoang Laura o re: “Ha u e-na le maikutlo a nepahetseng u ka khona ho ikamahanya le maemo. Leka ho bona hore na maemo ao u leng ho ’ona a ka u tsoela molemo joang.” U fumane molemo ofe ka lebaka la maemo a fetohileng bophelong ba hao?—Molao-motheo oa Bibele: Moeklesia 6:9.

Mocha e mong ea bitsoang Victoria o re ha a ntse a hōla, metsoalle eohle ea hae e ile ea falla. O re: “Ke ne ke jeoa ke bolutu haholo ’me ke lakatsa eka lintho li ka be li sa fetoha. Empa kea hlokomela hore lintho tseo ke tsona tse ileng tsa nthusa hore ke hōle. Ke ile ka hlokomela hore ha motho a ntse a hōla, ho ba le liphetoho bophelong ’me ka hlokomela hore ona e ne e le monyetla oa ho batla metsoalle e mecha.”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 27:10.

Ho nahana ka lintho tse fetileng ho tšoana le ho khanna koloi ’mileng o moholo empa u shebile morao ka seipone

Etsetsa batho lintho tse molemo. Bibele e re: “Le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela, empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.” (Bafilipi 2:4) Tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho hlōla mathata ke ho thusa ba bang ka a bona. Anna ea lilemo li 17 o re: “Ha ke ntse ke hōla, ke ile ka qala ho hlokomela hore ha ke thusa motho e mong ea bothateng bo batlang bo tšoana le ba ka kapa bo bo fetang ke rua molemo haholo!”

^ ser. 11 Mabitso a mang a fetotsoe sehloohong sena.