Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | LENYALO

Kamoo le ka Matlafatsang Boitlamo ba Lōna Kateng

Kamoo le ka Matlafatsang Boitlamo ba Lōna Kateng

BOTHATA

Letsatsing leo u neng u kena lenyalong ka lona, u ile oa etsa kano. Kano eo e ne e le ea bophelo bohle—e le qeto e tiileng ea hore u tla khomarela molekane oa hao ’me le lokise mathata leha e le afe a tla hlaha.

Leha ho le joalo, ha lilemo li ntse li feta ho qabana ho sentse kamano ea lōna. Na u ikutloa eka u ntse u lokela ho boloka boitlamo boo u ileng oa bo etsa ho molekane oa hao?

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Boitlamo bo tšoana le ankora e tsitsisang lenyalo la lōna

Boitlamo ke tharollo eseng bothata. Kajeno batho ba bangata ba tšaba ho etsa boitlamo. Batho ba bang ba nahana hore boitlamo bo tšoana le bolo ea tšepe le ketane tse u faselletsang qetong e fosahetseng. Ho e-na le hoo, nka boitlamo e le ankora e tla tsitsisa lenyalo la lōna. Mosali e mong ea bitsoang Megan o re, “Esita le nakong eo le qabanang, ho tseba hore le entse boitlamo, ho etsa hore le kholisehe hore le ke ke la arohana.” * Ho tseba hore lenyalo la lōna le sireletsehile—le hoja ka linako tse ling le e-ba le mathata—ke motheo o motle o le thusang ho a rarolla.—Sheba lebokose le reng “ Boitlamo le Botšepehi.”

Ntlha ea bohlokoa: Haeba u thulana le mathata lenyalong, ena ke nako ea hore u matlafatse boitlamo ba hao ho e-na le ho bo belaella. U ka etsa seo joang?

SEO U KA SE ETSANG

Hlahloba tsela eo u ikutloang ka eona. “U tla ba lenyalong bophelo bohle ba hao.” Na polelo ee e etsa hore u ikutloe eka u tšoasehile kapa e etsa hore u ikutloe u sireletsehile? Ha ho hlaha mathata, na ho arohana le molekane oa hao e lokela ho ba eona qeto eo u etsang? E le hore u matlafatse boitlamo boo u ileng oa bo etsa, ke habohlokoa hore u talime lenyalo e le tlamahano ea ka ho sa feleng.—Molao-motheo oa Bibele: Matheu 19:6.

Hlahloba se ileng sa u etsahalla nakong e fetileng. E ka ’na eaba tsela eo u talimang boitlamo ka eona, e susumelitsoe ke seo u ileng oa se bona ho batsoali ba hao. Mosali e mong ea bitsoang Lea o re: “Batsoali ba ka ba ile ba hlalana ha ke sa le monyenyane, ’me ke nahana hore e ka ’na eaba ho hlalana ha bona ho entse hore ke be le maikutlo a fosahetseng ka boitlamo.” Kholiseha hore u ka etsa lintho ka tsela e fapaneng lenyalong la hao. U ke ke ua pheta liphoso tse tšoanang le tseo batsoali ba hao ba ileng ba li etsa!—Molao-motheo oa Bibele: Bagalata 6:4, 5.

Hlahloba tsela eo u buang ka eona. Ha uena le molekane oa hao le qoaketsana, qoba ho bua lintho tseo hamorao u tla ikoahlaela tsona, tse kang ho re “Ha ke sa u batla!” kapa, “ke tla batla motho ea tla nkananela!” Mantsoe a joalo a bontša ho se hlomphe boitlamo ba hao ’me a etsa hore le lule le hlabana ka mantsoe ho e-na le ho rarolla bothata. Ho e-na le hoo, mohlomong u ka re “Ho hlakile hore bobeli ba rōna re halefile. Re ka rarolla bothata boo joang?”—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 12:18.

Bontša hore u hlompha kano ea hao. Beha senepe sa molekane oa hao deskeng ea hao mosebetsing. Bua lintho tse molemo ka lenyalo la hao ho ba bang. Ikemisetse ho founela molekane oa hao letsatsi le leng le le leng ha u le hōle le eena. Hangata ha u bua, e-re “Re,” le lipolelo tse kang “’na le mosali oa ka” kapa “’na le monna oa ka.” Ka ho etsa joalo, u tla be u totobatsa ho ba bang le ho uena hore u phelela boitlamo ba hao.

Batla batho ba u behelang mohlala o motle. Kōpa keletso ho banyalani ba seng ba hōlile, ba ileng ba atleha ho rarolla mathata lenyalong la bona. Ba botse, “Boitlamo bo bolela eng ho lōna, ’me bo thusitse lenyalo la lōna joang?” Bibele e re: “Tšepe e leotsoa ka tšepe, ka ho tšoanang motho e mong o leotsa sefahleho sa e mong.” (Liproverbia 27:17) Ha u ntse u nahanne ka molao-motheo oo, sebelisa keletso ea batho bao ba khonneng ho etsa hore manyalo a bona a atlehe.

^ ser. 7 Bibele e lumella molekane e mong ho hlala haeba e mong a febile. Bala sehlooho se reng “Pono ea Bibele—Bofebe” makasineng ena ea Tsoha!