SEHLOOHO SE KA NTLE | LITSELA TSE HLANO TSA HO NTLAFATSA BOPHELO BA HAO

Litsela Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao

Litsela Tsa ho Ntlafatsa Bophelo ba Hao

HA HO NA motho ea batlang ho kula. Ho kula ho baka litšitiso ebile ho ka u jella chelete. Ha u kula u sulafalloa ke bophelo, ebile u ke ke ua khona ho ea mosebetsing kapa sekolong, u tla sitoa ho ba le chelete e le hore u hlokomele lelapa la hao. U ka ’na ua hloka motho ea tla u hlokomela ’me ua lokela ho lefella meriana le kalafo.

Batho ba atisa ho re “Ho ipaballa ho molemo ho feta setlhare.” Maloetse a mang a ke ke a qojoa. Leha ho le joalo, u ka fokotsa menyetla ea hore a u tšoare kapa ua a thibela li sa tloha. Nahana ka lintho tse hlano tseo u ka li etsang kajeno, e le hore u ntlafatse bophelo ba hao bo botle.

1 LULA U HLOEKILE

HO EA KA Mayo Clinic, “tsela e molemo ka ho fetisisa ea ho qoba ho kula le ho jala mafu” ke ho hlapa matsoho. Ho bonolo hore u tšoaroe ke sefuba kapa ntaramane, ha u pikitla nko kapa mahlo ka matsoho a silafalitsoeng ke likokoana-hloko. U ka atleha ho thibela maloetse ao ha u hlapa matsoho khafetsa. Bohloeki bo ka thibela ho jaleha ha maloetse a mabe le ho feta, a kang nyumonia le letšollo, e leng maloetse ao selemo le selemo a bolaeang bana ba fetang limilione tse peli ba lilemo tse ka tlaase ho tse hlano. Hape ha batho ba itloaetsa ho hlapa matsoho ba ka fokotsa sekhahla seo boloetse ba Ebola bo jalehang ka sona.

Ho na le linako tseo ka tsona e leng habohlokoa hore u hlape matsoho e le hore u sireletse bophelo ba hao le ba batho ba bang. U lokela ho hlapa matsoho:

  • Ka mor’a ho sebelisa ntloana.

  • Ka mor’a ho chencha lesea leleiri kapa ho thusa ngoana ka ntloaneng.

  • Pele u tšoara leqeba le ka mor’a moo.

  • Pele u bona motho ea kulang le ka mor’a moo.

  • Pele u lokisa lijo, u ngoathela kapa u ja.

  • Ha u qeta ho thimola, ho khohlola kapa ho mina.

  • Ka mor’a ho tšoara phoofolo kapa mantle a eona.

  • Ha u qeta ho lahla lithōle.

U se ke ua khella fatše tsela eo u hlapang matsoho ka eona. Liphuputso li bontšitse hore batho ba bangata ba sebelisang matloana a sechaba, ha ba hlape matsoho ha ba qetile ho a sebelisa kapa ha ba a hlape hantle. U lokela ho hlapa matsoho joang?

  • Tšela matsoho ka metsi a hloekileng ebe u a tlotsa ka sesepa.

  • Pikitla matsoho a hao ho etsa lekoeba, hloekisa manala, menoana e metona, bokaholimo ba liatla le pakeng tsa menoana.

  • A pikitle bonyane ka metsotsoana e 20.

  • A tsokotse ka metsi a hloekileng.

  • A phumole ka lesela le hloekileng kapa ka pampiri e phumulang matsoho.

Mehato ena ha e thata empa e ka re thusa ho qoba ho kula le ho sireletsa bophelo ba rōna.

2 SEBELISA MOHLOLI O SIRELETSEHILENG OA METSI

LINAHENG tse ling, ke mosebetsi oa letsatsi le letsatsi ho batlela ba lelapa metsi a hloekileng. Leha ho le joalo, ho fumana metsi a hloekileng e ka ba bothata naheng leha e le efe ha mohloli oo batho ba fumanang metsi ho oona o silafala ka lebaka la likhohola, sefefo, ho phatloha ha lipeipi kapa bothata bo bong bo itseng. Haeba batho ba fumana metsi mohloling o sa sireletsehang kapa a sa bolokoa hantle, a ka ba le likokoana-hloko tse ngata, a baka k’holera, letšollo, feberu ea mala, lefu la sebete le maloetse a mang. Ho noa metsi a silafetseng ke e ’ngoe ea lintho tse bakelang batho ba ka bang libilione tse 1,7 letšollo, selemo le selemo.

Ho na le lintho tse ngata tseo u ka li etsang ho fokotsa monyetla oa hore u tšoaroe ke maloetse

Hangata motho o tšoaroa ke k’holera ha a noa metsi kapa a ja lijo tse silafalitsoeng ke mantle a batho ba tšoeroeng ke eona. Ke mehato efe eo u ka e nkang ho itšireletsa linthong tse etsahalang ka mor’a koluoa le mefuteng e meng ea ho silafala ha metsi?

  • Tiisa hore metsi ao u a noang—ho akarelletsa a ho hlapa meno, a ho etsa leqhoa, a ho hlatsoa lijo le lijana hammoho le a ho pheha—a tsoa mohloling o sireletsehileng, o kang oa metsi a fepelang sechaba a hloekisoang ka ho loketseng kapa libotlolong tse tsoang femeng e tšeptjoang.

  • Haeba ho etsahala hore metsi a pompo ao le a sebelisang a silafale, a belise pele u a sebelisa kapa u tšele k’hemik’hale e tla a hloekisa.

  • Ha u sebelisa lik’hemik’hale tse kang chlorine kapa lipilisi tse hloekisang metsi, latela litaele tsa tsona ka hloko.

  • Sebelisa lintho tse sefang metsi haeba li le teng ’me li sa ture.

  • Haeba le se na lik’hemik’hale tse hloekisang metsi, tšela marotholi a mabeli a k’hemik’hale e bolaeang likokoana-hloko eo u hloekisang ka eona ka tlung ho lithara ka ’ngoe ea metsi, ebe u a sebelisa ka mor’a metsotso e 30.

  • Lula u bolokile metsi a bolailoeng likokoana-hloko ka k’hontheinareng e koetsoeng hantle, e le hore a se ke a silafala hape.

  • Tiisa hore ntho eo u khang metsi ka eona e hloekile.

  • Tšoara lik’hontheinara tsa metsi ka matsoho a hloekileng ’me u se ke ua kenya matsoho kapa menoana ka metsing ao le a noang.

3 HLOKOMELA SEO U SE JANG

E LE HORE motho a phele hantle ’meleng, ho hlokahala hore a je lijo tse nang le phepo e ntle. Hlokomela tsela eo u jang letsoai, mafura le tsoekere ka eona ’me u qobe ho ja haholo. Kenyelletsa litholoana le meroho lijong tsa hao ’me u je lijo tse fapa-fapaneng. Ha u bala boitsebiso bo sephutheloaneng sa lijo tseo u li rekang, seo se tla u thusa hore u reke bohobe, lijo-thollo, pasta le raese tse nang le litlheferetsi. Lijo tsena li na le limatlafatsi le fiber ho feta tse se nang litlheferetsi. E le hore u fumane liprotheine, ja nama e seng kae e khubelu le ea khōhō ’me ha ho khoneha u leke ho ja tlhapi makhetlo a ’maloa ka beke. Linaheng tse ling ho na le meroho e nang le liprotheine e ngata.

Haeba u ja lijo tse tsoekere haholo le tse mafura, u ipeha kotsing ea ho ba motenya. E le hore u fokotse likotsi tseo, noa metsi ho e-na le ho noa lino tse tsoekere. Ja litholoana tse ngata ho e-na le ho ja lijo tse theolelang tse tsoekere. Qoba ho ja haholo lijo tse mafura tse kang lisoseje, nama, botoro, likuku, chisi le libiskiti. Hape sebelisa mafura a nang le phepo e ntle ha u pheha, ho e-na le ho sebelisa mafura a hoammeng.

Ha u ja letsoai le lengata, seo se ka u bakela khatello e phahameng ea mali. Haeba u e-na le bothata boo, sebelisa boitsebiso bo sephutheloaneng sa lijo tseo u li rekang, e le hore u qobe ho ja sodium e ngata. Nōka lijo ka litlama tse natefisang ho e-na le letsoai.

Ke habohlokoa hore u hlokomele seo u se jang le tsela eo u jang ka eona. Kahoo, u se ke ua tsoela pele ho ja leha u ikutloa u khotše.

Ha u sa je lijo tse nang le phepo e ntle, u ipeha kotsing ea ho ja lijo tse chefo. Lijo li ka u kulisa haeba li sa phehoa hantle le ho bolokoa ka tsela e loketseng. Selemo le selemo, motho a le mong ho ba tšeletseng ba Amerika, o kulisoa ke ho ja lijo tse chefo. Ba bang ba hlaphoheloa kapele, empa ba bang baa shoa. U ka etsa’ng e le hore u fokotse monyetla oa ho kula?

  • Meroho e mela mobung oo e ka ’nang eaba o tšetsoe manyolo, kahoo e hlatsoe ka hloko pele u e sebelisa.

  • Hlatsoa matsoho, boroto, likhaba, likotlolo le ka holim’a raka ka metsi a chesang a nang le sesepa, pele u li sebelisa.

  • E le hore lijo li se ke tsa silafatsoa ke likokoana-hloko, qoba ho li beha holim’a ntho e itseng kapa sejana se silafalitsoeng ke mahe a bolileng, nama ea khōhō, nama e khubelu kapa tlhapi.

  • Pheha lijo ho fihlela li butsoa hantle ’me u kenye tseo le sa tl’o li ja hang-hang ka sehatsetsing, e le hore li se ke tsa bola.

  • Lahla lijo tse ka senyehang habonolo tse qetileng hora e le ’ngoe kapa tse peli li lutse mochesong oa likhato tse 32 tsa Celsius.

4 IKOETLISE

HO SA TSOTELLEHE hore na u lilemo li kae, u lokela ho ikoetlisa kamehla e le hore u lule u e-na le boima bo itekanetseng ba ’mele. Batho ba bangata ha ba ikoetlise ka ho lekaneng. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho ikoetlisa? Ho ikoetlisa ho tla u thusa hore:

  • U robale hantle.

  • U se ke ua ba le bothata ha u tsamaea.

  • U matlafatse masapo a hao le mesifa.

  • U lule u e-na le boima bo itekanetseng ba ’mele.

  • U fokotse monyetla oa ho ba le khatello ea maikutlo.

  • U fokotse monyetla oa ho shoa pele ho nako.

Ha u sa ikoetlise kamehla, u ipeha kotsing ea:

  • Ho tšoaroa ke lefu la pelo.

  • Ho tšoaroa ke mofuta oa Bobeli oa lefu la tsoekere.

  • Ho ba le khatello e phahameng ea mali.

  • Ho ba le k’holeseterole e phahameng.

  • Ho otloa ke setorouku.

Ikoetlise ho latela lilemo tsa hao, kahoo e-ea ngakeng pele u qala boikoetliso leha e le bofe. Litsebi tse fapaneng li khothalletsa bana le bacha ho qeta bonyane metsotso e 60 ka letsatsi, ba ikoetlisa ka ho lekaneng feela kapa ka matla. Athe batho ba baholo bona ba lokela ho qeta metsotso e 150 ba ikoetlisa ka ho lekaneng feela kapa ba qete e 75 ba ikoetlisa ka matla.

Khetha boikoetliso bo tla u natefela. U ka ’na ua khetha ho bapala basketball, tenese, bolo ea maoto, ho tsamaea ka potlako, ho soaela baesekele, ho sebetsa serapeng, ho ratha patsi, ho sesa, ho soka sekepe, ho matha butle kapa ho ikoetlisa ka matla. U ka tseba joang haeba u ikoetlisa ka ho lekaneng feela kapa ka matla? Ha u ikoetlisa ka ho lekaneng feela u tla fufuleloa, empa ha u ikoetlisa ka matla u ke ke ua khona ho qoqa le motho e mong.

5 ROBALA KA HO LEKANENG

HORE na motho o lokela ho robala nako e kae, ho fapana ho ea ka batho. Boholo ba masea a sa tsoa tsoaloa bo robala lihora tse 16 ho isa ho tse 18 ka letsatsi, bana ba banyenyane ba robala lihora tse ka bang 14 ’me ba kenang kereche tse ka bang 11 kapa 12. Hangata bana ba kenang sekolo ba robala bonyane lihora tse leshome ha bacha ba robala lihora tse ka bang robong kapa leshome ’me batho ba baholo bona ba robala tse supileng ho ea ho tse robeli.

Ke habohlokoa hore batho ba robale ka ho lekaneng. Ho ea ka litsebi, ho robala ka ho lekaneng ke habohlokoa e le hore:

  • Bana le bacha ba hōle hantle.

  • Motho a khone ho ithuta le ho hopola lintho.

  • Lihomone tse amang tlhahiso ea matla ’meleng le boima ba ’mele li lule li le boemong bo loketseng.

  • Pelo le methapo ea eona li sebetse hantle.

  • Motho a thibele mafu.

Ho se robale ka ho lekaneng ho ’nile ha amahanngoa le monono, ho imeloa kelellong, lefu la pelo, lefu la tsoekere le likotsi tse tšabehang. Kannete sena se lokela ho re fa mabaka a utloahalang a ho batla ho phomola ka ho lekaneng.

Kahoo, u lokela ho etsa’ng ha u hlokomela hore ha u robale ka ho lekaneng?

  • Leka ho robala le ho tsoha ka nako e tšoanang letsatsi ka leng.

  • Etsa hore ho khutse, ho be lefifi hape ho phole hanyenyane ka kamoreng eo u robalang ka ho eona.

  • Qoba ho shebella TV kapa ho sebelisa lisebelisoa tsa elektronike ha u le ka likobong.

  • Lokisa bethe ea hao hantle e le hore u robale hamonate.

  • Qoba ho ja haholo, k’hafeine le ho noa joala pele u robala.

  • Haeba le ka mor’a hore u sebelise litlhahiso tsena u ntse u e-na le lefu la ho hlobaela kapa mafu a mang a ho robala—a kang ho lula u tšoeroe ke boroko le motšehare kapa ho hema ka thata ha u robetse—mohlomong u lokela ho ea ngakeng.