Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Seo e Leng ’Nete ka Armagedone

Seo e Leng ’Nete ka Armagedone

Seo e Leng ’Nete ka Armagedone

“Eo ke meea ea bademona . . . e eang ho marena a lefatše lohle . . . , ’me ea a bokella sebakeng seo ka Seheberu se bitsoang Harmagedone.” (Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.)—TŠENOLO 16:14, 16, New Revised Standard Version.

ARMAGEDONE, eo ka linako tse ling e fetoleloang e le “Harmagedone,” ke lebitso la sebaka. Leha ho le joalo, sebaka seo ha ho moo ho bonahalang eka se teng lefatšeng mona.

Joale lentsoe “Armagedone” ha e le hantle le bolela’ng? Ke hobane’ng ha hangata le amahanngoa le ketsahalo, e joaloka ntoa?

Ea a Bokella Sebakeng se Bitsoang Armagedone

Lentsoe la Seheberu sa pele, e leng Har–Magedon, ha e le hantle le bolela “Thaba ea Megido.” Le hoja ho se na thaba ea sebele e bitsoang joalo, sebaka se tsejoang e le Megido sona se teng. Se ne se le sebakeng sa bohlokoa, mateanong a litsela, ka boroa-bochabela ho naha eo Baiseraele ba boholo-holo ba neng ba ahile ho eona. Lintoa tse ngata tsa makhaola-khang li ne li loaneloa haufi le moo. Ke kahoo Megido e ileng ea amahanngoa le ntoa. *

Leha ho joalo, taba ea bohlokoa ka Megido, hase hore na ke lintoa life tse neng li loaneloa moo, empa hore na ke hobane’ng ha li ne li loanoa. Megido e ne e le karolo ea Naha e Tšepisitsoeng eo Jehova Molimo a neng a e file Baiseraele. (Exoda 33:1; Joshua 12:7, 21) O ile a tšepisa batho bao hore o tla ba sireletsa ho batho ba ba futuhelang ’me o ile a etsa feela joalo. (Deuteronoma 6:18, 19) Ka mohlala, e ne e le Megido moo Jehova a ileng a sireletsa Baiseraele ka mohlolo tlhaselong e matla ea Morena Jabine oa Kanana hammoho le Sisera, mookameli oa lebotho la hae la ntoa.—Baahloli 4:14-16.

Ka hona, lentsoe “Har–Magedon,” kapa “Armagedone,” le tšoantšetsa ntho ea bohlokoa haholo. Le amana le ketsahalo ea ntoa, ea ha mabotho a mabeli a matla a thulana.

Boprofeta ba Tšenolo bo bua ka nako e haufi eo ho eona Satane le bademona ba tla susumelletsa mebuso ea batho hore e bokelle mabotho a eona, ka hona, ka ho etsa joalo e tla be e leka ho hlasela batho ba Molimo. Ntoa eo e tla fella ka hore batho ba limilione ba bolaoe ha Molimo a hlōla mabotho ao.—Tšenolo 19:11-18.

Ke hobane’ng ha Molimo eo Bibele e mo hlalosang e le “ea mohau, ea liehang ho halefa le ea tletseng mosa o lerato,” a ka bolaea batho ba bangata hakaalo? (Nehemia 9:17) E le hore re utloisise hore na ke hobane’ng ha Molimo a etsa seo, re lokela ho araba lipotso tsena tse tharo: (1) Ke mang ea qholotsang ntoa? (2) Ke hobane’ng ha Molimo a kenella ho eona? (3) Phello ea ntoa ee e tla ba efe ka lefatše le tsohle tse phelang ho lona?

1. KE MANG EA QHOLOTSANG NTOA?

Ntoa ea Armagedone ha e qholotsoe ke Molimo. Ho e-na le hoo, Molimo o tla sireletsa batho ba lokileng ho ba batlang ho ba timetsa. Ba qholotsang ntoa ena ke “marena a lefatše lohle leo ho ahiloeng ho lona,” e leng babusi ba lefatše. Ke hobane’ng ha ba hlasela? Hobane, kaha Satane ke eena ea ba laolang kaofela, o tla laola mebuso le mabotho a ntoa hore a tsoe ka makhalo ’ohle ho futuhela barapeli ba Jehova Molimo.—Tšenolo 16:13, 14; 19:17, 18.

Ka lebaka la hore bolokolohi ba ho bua le litokelo tsa bolumeli ke lintho tse nkeloang holimo linaheng tse ling mehleng ena, taba ea hore mebuso e tla leka ho felisa bolumeli leha e le bofe ho ka bonahala eka ke ntho e ke keng ea etsahala. Leha ho le joalo, litlhaselo tseo li ile tsa etsahala lekholong la bo20 la lilemo ’me le hona joale li ntse li etsahala. * Ho ntse ho le joalo, litlhaselo tse neng li etsoa pele le tse amanang le Armagedone li fapane ka litsela tse ka bang peli tse khōlō. Ea pele, litlhaselo tsa Armagedone li tla etsoa lefatšeng ka bophara. Ea bobeli, Jehova Molimo o tla nka khato e matla ho feta leha e le neng pele. (Jeremia 25:32, 33) Bibele e hlalosa ntoa eo e le “ea letsatsi le leholo la Molimo ea Matla ’Ohle.”

2. KE HOBANE’NG HA MOLIMO A KENELLA?

Jehova o laela ba mo rapelang hore e be batho ba khotso le hore ba rate lira tsa bona. (Mikea 4:1-3; Matheu 5:43, 44; 26:52) Ka hona, ba ke ke ba loana e le hore ba itšireletse nakong ena eo ba hlaseloang ka sehlōhō. Haeba Molimo o ne a ke ke a kenella e le hore a pholose batho ba hae, ba ne ba tla felisoa. Ka hona, lebitso la Jehova Molimo kapa botumo ba hae bo botle, li ne li tla theoha seriti. Haeba lira tsa batho ba Molimo li ne li ka khona ho ba felisa, ho ne ho tla bonahala Jehova a se lerato, a hloka toka ebile eka ha a na matla. Eo hase ntho e tla ke e etsahale!—Pesaleme ea 37:28, 29.

Molimo ha a batle ho timetsa motho leha e le ofe, kahoo o fana ka temoso ea seo a tla se etsa. (2 Petrose 3:9) Ka liketsahalo tse tlalehiloeng ka Bibeleng, o hopotsa batho bohle hore nakong e fetileng o ile a ’na a kenella ha batho ba hae ba ne ba hlaseloa. (2 Marena 19:35) Bibele e boetse e lemosa hore nakong e tlang ha Satane le batho ba hae bao a ba laolang ba hlasela batho ba Molimo, Jehova o tla kenella ebe o loantša ba lekang ho hlasela batho ba hae. Ha e le hantle, Lentsoe la Molimo le ile la bolela khale hore Jehova o tla timetsa ba khopo. (Liproverbia 2:21, 22; 2 Bathesalonika 1:6-9) Nakong eo, ba hlaselang ba tla tseba ntle le qea-qeo hore ba loantšana le Ea Matla ’Ohle.—Ezekiele 38:21-23.

3. PHELLO EA NTOA EE E TLA BA EFE?

Ntoa ea Armagedone e tla fella ka hore batho ba limilione ba pholosoe. Ha e le hantle, ke eona e etellang pele nako ea khotso lefatšeng.—Tšenolo 21:3, 4.

Buka ea Tšenolo e bua ka “bongata bo boholo” bo se nang palo bo tla pholoha ntoa eo. (Tšenolo 7:9, 14) Bo tataisoa ke Molimo, bo tla thusa hore ho etsoe lefatše Paradeise eo qalong Jehova a neng a e rerile.

Na rea tseba hore na tlhaselo ee ea batho ba Molimo e tla tla neng?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

^ ser. 6 Ke ntho e tloaelehileng hore sebaka se amahanngoe le ntoa. Ka mohlala, Hiroshima, e leng motse oa Japane, o ileng oa fieloa ka bomo ea athomo, e se e le letšoao la kotsi ea ntoa ea nyutlelie.

^ ser. 13 Polao e Sehlōhō ea Batho ba Bolumeli Ntoeng ea II ea Lefatše ke mohlala o mong oa hore ’muso o leka ho felisa bolumeli le merabe e meng. Mehleng ea Soviet Union, malumeli a neng a le tlas’a ’muso oa U.S.S.R. le ’ona a ile a hatelloa. Sheba sehlooho se reng “Batho ba Khotso ba Loanela Lebitso la Bona,” se hlahang Molula-Qhooeng oa May 1, 2011, o hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Jehova Molimo o ’nile a sireletsa batho ba hae nakong e fetileng

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Jehova o tla ’ne a sireletse batho ba hae le nakong ea ntoa ea Armagedone