Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Babali ba Batla ho Tseba . . .

Na Lefatše le Tla Timela?

Na Lefatše le Tla Timela?

▪ Batho ba bang ba ile ba lumela hore lefatše le tlil’o timela ka la 21 October, 2011. Ha hoa ka ha e-ba joalo. Kahoo, boprofeta ba mophatlalatsi oa seea-le-moea sa United States, Harold Camping, e ile ea e-ba leshano. O ne a itse Letsatsi la Kahlolo le tla ba ka la 21 May, 2011—ho ne ho tla ba le tšisinyeho e khōlō lefatšeng ka bophara ’me likhoeli tse hlano hamorao, ka la 21 October, lefatše le ne le tla timela.

Leha ho le joalo, lefatše le ke ke la timela. ’Mōpi oa lona a ke ke a lumella seo hore se etsahale. Lentsoe la Hae le re: “U tiisitse lefatše, e le hore le ka lula le eme.”—Pesaleme ea 119:90.

Empa babali ba bang ba Bibele ba hanyetsa taba eo, ba re lefatše lena le tla timetsoa ka mollo. Ba tšehetsa seo ka lengolo la 2 Petrose 3:7, 10, le reng: “Empa ka lentsoe le tšoanang maholimo le lefatše tse teng hona joale li boloketsoe mollo ’me li ntse li bolokiloe ho fihlela letsatsing la kahlolo le la timetso ea batho ba se nang bomolimo. . . . Empa leha ho le joalo letsatsi la Jehova le tla tla joaloka lesholu, leo ka lona maholimo a tla feta ka lerata le sheshang le hlabang, empa thepa ea motheo e le e chesang ka matla haholo e tla qhibiliha, ’me lefatše le mesebetsi e ho lona li tla pepesoa.” Na re lokela ho nka mantsoe a moapostola Petrose ka tsela ea sebele?

Che, ha rea lokela. Hobane’ng? Hobane tlhaloso ea litemana tsena e lokela ho lumellana le seo Petrose a se buang lengolong lena kaofela hammoho le seo Bibele e se buang. Haeba re ne re ka nka litemana tseo ka tsela ea sebele, seo se ne se tla bolela hore maholimo kapa bokahohleng—e leng libilione tsa libilione tsa linaleli le lintho tse ling tse bōpiloeng—li ne li tla felisoa ka mollo ka lebaka feela la hore karolo e nyenyane bokahohleng bo boholo hakaale e na le batho ba khopo. Na u ne u ka felisa lehlabathe le lebōpong ka lebaka la hore ha u rate thollo e le ’ngoe feela? Eo e ne e ke ke ea e-ba ntho e utloahalang! Jehova le eena a ke ke a felisa bokahohle bohle boo a bo bōpileng ka lebaka feela la borabele bo ileng ba etsoa ke karolo e le ’ngoe feela ea lintho tseo a li bōpileng.

Ntle ho moo, maikutlo a joalo a hanyetsana ka ho toba le mantsoe a Jesu Kreste a reng: “Ho thaba ba maikutlo a bonolo, kaha ba tla rua lefatše.” (Matheu 5:5; Pesaleme ea 37:29) Na ntate ea lerato a ka hahela lelapa la hae ntlo e ntle ebe oa e chesa? (Pesaleme ea 115:16) Eo e ka ba ntho e sa utloahaleng! Jehova hase feela Mōpi empa hape ke Ntate ea lerato.—Pesaleme ea 103:13; 1 Johanne 4:8.

Petrose o sebelisa lentsoe “lefatše” ka tsela ea tšoantšetso e le ha a bua ka batho—tabeng ena ke batho ba khopo. Hlokomela hore Petrose o bapisa sena le Moroallo oa mehleng ea Noe. (2 Petrose 3:5, 6) Ketsahalong eo, ke batho ba khopo feela ba ileng ba felisoa; lefatše ka bolona hammoho le Noe ea lokileng le lelapa la hae ba ile ba pholoha. Ka ho tšoanang ha Petrose a bua ka “maholimo,” o bua ka a tšoantšetso. Tabeng ena “maholimo” a tšoantšetsa mebuso ea batho e busang batho ba sa tšabeng Molimo. Kahoo, batho ba khopo hoo ba ke keng ba fetoha ba tla felisoa, hammoho le mebuso eohle e khopo e tlang ho qhibiliha ’me e nkeloe sebaka ke puso ea Molimo ea leholimo kapa ’Muso.—Daniele 2:44.

Joale, na lefatše lee la rōna le tla timela? Che. Se tla timetsoa ke lefatše la tšoantšetso, kapa batho ba khopo. Lefatše ka bolona le tla ba teng ka ho sa feleng, hammoho le batho ba lokileng.—Liproverbia 2:21, 22.